Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Chesehang Moeeng”
    Molula-Qhooa—2009 | October 15
    • 9. Ke hobane’ng ha Pauluse a tšoantša Bakreste ba tsoetsoeng ka moea le litho tsa ’mele?

      9 Bala Baroma 12:4, 5, 9, 10. Pauluse o tšoantša Bakreste le litho tsa ’mele tse sebetsang li momahane tlas’a Hlooho ea tsona, e leng Kreste. (Bakol. 1:18) O hopotsa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea hore ’mele o na le litho tse ngata tse etsang mesebetsi e fapa-fapaneng, le hore ‘le hoja ba le bangata, ke ’mele o le mong bonngoeng le Kreste.’ Ka tsela e tšoanang, ha Pauluse a eletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese o ile a re: “A re hōleng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste. Ka eena ’mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”—Baef. 4:15, 16.

  • “Chesehang Moeeng”
    Molula-Qhooa—2009 | October 15
    • 11. Mokokotlo oa bonngoe ba rōna ke eng, hona Pauluse o ile a fana ka keletso efe e ’ngoe?

      11 Mokokotlo oa bonngoe bo joalo ke lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:14) Ho Baroma khaolo ea 12, Pauluse o hatisa taba ena ’me o re lerato la rōna e lokela ho ba “le se nang boikaketsi,” e bile o re “ka lerato la bara ba motho” re lokela ho ‘bontšana lerato le mofuthu.’ Sena se etsa hore re hlomphane. Moapostola Pauluse o re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Ho hlakile hore ha rea lokela ho ferekanya lerato le ho nkoa ke maikutlo. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re boloke phutheho e hloekile. Ha Pauluse a ne a fana ka keletso mabapi le lerato, o ile a phaella ka ho re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela