Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
    Molula-Qhooa—2007 | July 1
    • “Le se ke la Iphetetsa”

      15. Ho Baroma 12:19 ho fanoa ka lebaka lefe la hore re tlohele ho iphetetsa?

      15 Pauluse o fana ka lebaka le leng le matla leo ka lona re sa lokelang ho iphetetsa; ke boinyenyefatso. O re: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Baroma 12:19) Mokreste ea lekang ho iphetetsa o iketelletsa pele. O ipha mosebetsi oa Molimo. (Matheu 7:1) Ho phaella moo, ha a iphetetsa, o bontša hore ha a lumele tšepiso ea Jehova e reng: “Ke tla buseletsa.” Ho fapana le moo, Bakreste ba ’nete ba tšepa hore Jehova o tla “etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae.” (Luka 18:7, 8; 2 Bathesalonika 1:6-8) Ka boinyenyefatso ba tlohella taba ea ho iphetetsa matsohong a Molimo.—Jeremia 30:23, 24; Baroma 1:18.

  • “Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
    Molula-Qhooa—2007 | July 1
    • 18. Ke hobane’ng ha ho loketse, ebile e le ho bontša lerato le boinyenyefatso haeba re sa iphetetse?

      18 Tlhahlobong ena e khutšoanyane ea Baroma khaolo ea 12, re bone mabaka a seng makae a bohlokoa ao ka ’ona ‘ho seng eo re lokelang ho busetsa bobe ka bobe ho eena.’ Lebaka la pele, ho se iphetetse ke ntho e loketseng. Ka lebaka la qenehelo eo Molimo a re bontšitseng eona, ho loketse ebile hoa utloahala hore re inehele ho Jehova re be re ithaopele ho mamela litaelo tsa hae—tse akarelletsang ho rata lira tsa rōna. Lebaka la bobeli, ho qoba ho busetsa bobe ka bobe ho bontša lerato. Haeba re sa iphetetse empa re khothalletsa khotso, re thabela ho ba le tšepo ea ho thusa esita le bahanyetsi ba mabifi haholo hore e be barapeli ba Jehova. Lebaka la boraro, ho se busetse bobe ka bobe ho bontša boinyenyefatso. Ho iphetetsa ho ne ho tla bontša ho iketelletsa pele, hobane Jehova o re: “Phetetso ke ea ka.” Lentsoe la Molimo le boetse lea lemosa: “Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho tlohella taba ea ho phetetsa phoso matsohong a Molimo ka bohlale ho bontša hore re inyenyefalitse.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela