Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale
    Molula-Qhooa—2010 | June 15
    • 10. Bakreste ba lokela ho talima boiphetetso joang?

      10 Se entsoeng ke Simeone le Levi, le Davida le Abigaile se bontša ntle ho tikatiko hore Jehova ha a rate batho ba sa laoleng bohale le ba mabifi ’me o hlohonolofatsa boiteko ba ho bōpa khotso. Moapostola Pauluse o itse: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’ Empa, ‘haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.’ U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Bar. 12:18-21.a

  • ‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale
    Molula-Qhooa—2010 | June 15
    • a Ha re bua ka “mashala a mollo” re bua ka mokhoa o neng o sebelisoa mehleng ea boholo-holo oa ho qhibilihisa tšepe ka ho e beha holim’a mashala ’me mashala a mang a behoa holim’a eona ho etsa hore karolo ea eona e hloekileng e itšeke ho e litšila. Ka ho bontša batho ba sa re tšoarang hantle mosa re ka ’na ra fetola maikutlo a bona ’me ra ba susumelletsa hore ba etse se molemo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela