Na ho Iphetetsa ho Phoso?
’Mileng o moholo United States, koloi e ile ea lieha ho tsamaela thōko ho tsela le ho lumella e ’ngoe hore e fete. Mokhanni oa koloi ea bobeli o ile a iphetetsa ka ho thunya koloi e neng e le phoso, a bolaea mopalami ea se nang molato.
Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a lahleheloa ke ho nka karolo papaling ea sekolo ha a hlōloa ke ngoanana e mong. O ile a iphetetsa ka ho bolella mohlankana oa ngoanana eo hore ngoanana enoa o ratana le moshemane e mong sekolong se seng. Kahoo o ile a senya setsoalle sa ngoanana eo le mohlankana oa hae.
BATHO ba bangata ba ikutloa ba entse hantle ka ho iphetetsa ha ba nahana hore ba foselitsoe. Ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, ba latela lepetjo le reng: “U se ke ua halefa, u ka mpa ua iphetetsa.” Kajeno, lerato bakeng sa moahisani le fokotsehile haholo, ’me moea oa ho iphetetsa o ntse o phahama.—Mattheu 24:12.
Leha ho le joalo, u talima ho iphetetsa joang? Haeba u lumela Bibele, mohlomong u ikutloa hore ha e le hantle ho iphetetsa ho phoso. Empa joalokaha re phela lefatšeng le sa rateng Molimo, u ka ’na ua ikutloa hore ho tšoarela, e leng ho fapaneng le ho iphetetsa, hangata ke ho sa utloahaleng. U ne u tla itšoara joang haeba u ne u qhekelletsoe kapa u tlatlapiloe? Na u ba le moea oa boiphetetso haeba e mong a u hlokomoloha kapa a bua ka uena ka tsela e khesang ho batho ba bang? Na u rata ho iphetetsa kapa ua tšoarela?
Boikutlo ba ho Iphetetsa bo Utloisa Bohloko
Ho hlakile hore, ho na le litekanyetso tse sa tšoaneng tsa liphoso. Empa batho ba bangata ba ratang ho iphetetsa ho motho e mong ha ba e-s’o ka ba tlatlapuoa kapa ba futuheloa ka tlōlo ea molao. “Liphoso” tse qotsitsoeng qalehong ea sehlooho sena li ne li le ’nyane, le hoja li ne li bonahala li le khōlō likelellong tsa ba entseng qeto ea ho iphetetsa.
Bibele e re ha rea lokela ho hlaolela boikutlo ba ho rata ho iphetetsa. Liproverbia 24:29 ea eletsa: “U se ke ua re: Joale ka ha a nkentse, le ’na ke tla mo etsa joalo.” Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore, boikutlo bo joalo bo senya maikutlo le kelello. Menahano ea ho rata ho iphetetsa e tlosa khotso ea kelello ’me e sitisa ho beha mabaka ho utloahalang. Nahana ka tlaleho ena ea litaba: “Bo-rapolasi ba babeli ba neng ba thunyana ba le liloring tsa bona ba bolaeane sebakeng seo ho emisoang makoloi ho sona, ba qetella bora ba lilemo tse 40 bo qalileng ha e ne e sa le bana.” Nahana feela hore bophelong bohle ba bona monahano oa banna bana ba babeli o ’nile oa silafatsoa ke moea o hōlang oa ho rata ho iphetetsa!—Liproverbia 14:29, 30.
Lebaka le leng leo ka lona re sa lokelang ho hlaolela moea oa ho rata ho iphetetsa ke hore bafosi—esita le ba etsang liphoso tse tebileng—ba ka fetoha. Ka mohlala, moapostola Pauluse, ka nako e ’ngoe ‘o ile a lumella polao’ ea morutuoa Setefane ’me ‘a bolela hore barutuoa ba Morena ba sokeloe le ho bolaoa.’ Empa o ile a fetoha. Lilemo hamorao moapostola Petrose—eo bophelo ba hae bo neng bo le kotsing ka lebaka la Pauluse nakong eo ea pejana—o ’mitsitse “Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang.” (Liketso 8:1; 9:1; 2 Petrose 3:15) Bakreste ba ka be ba lekile ho iphetetsa ho Pauluse, haholo-holo nakong eo a neng a letile, e le sefofu, Damaseka. (Liketso 9:3-15) Eo e ka be e bile phoso e kotsi hakaakang!
Ka hona, Pauluse o ne a ka eletsa hantle, ho Ba-Roma 12:20: “Eo e leng sera ho uena, ekare ha a lapile, u mo fepe; ha a nyoriloe, u mo nose.” Hobane’ng? Hobane haeba re iphetetsa ho sera, re thatafatsa boikutlo ba sona ’me re tiisa bora pakeng tsa rōna. Empa haeba re etsa ho lokileng ho ea re fosetsang kapa ea re utloisang bohloko, re ka nolofatsa boikutlo ba hae ’me ra etsa eo e kileng ea e-ba sera motsoalle.
Ho hlokomela bofokoli ba rōna le hona ho thusa hore re hlōle khalefo e lebisang takatsong ea ho iphetetsa. Mopesaleme o ile a botsa: “Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena?” (Pesaleme ea 130:3) Kaofela ha rōna re ile ra utloisa ba bang bohloko kapa ra ba fosetsa. Na re ne re sa thaba haeba ba sa ka ba leka ho iphetetsa? Ka hona, na ha rea lokela ho itšoara ka tsela e tšoanang? Jesu o ile a eletsa: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.
Kannete, Bibele e re: “Hloeang bobe!” (Pesaleme ea 97:10; Amose 5:15) Empa ha e re bolelle ho hloea ea etsang bobe. Ha e le hantle, Jesu o ile a re laela: “Ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang.” (Mattheu 5:44) Haeba re lefella bobe ka bobe, re etsisa moea oa moetsi oa bobe. Maele a boholo-holo a re: “Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tšepa Jehova, ke eena ea tla u boloka.” (Liproverbia 20:22) Boo ke boikutlo bo bohlale hakaakang! Ho molemo hakaakang ho iponahatsa re le bahlōli ka ho hanela teko ea ho etsisa baetsi ba bobe.—Johanne 16:33; Ba-Roma 12:17, 21.
Kotlo—Ka Mang?
Ha e le hantle, liketso tse ling li tebile haholo ho feta likomang kapa likhopiso tsa botho. Ho thoe’ng haeba re hlaseloa ke ketso ea tlōlo ea molao? Ka tlhaho, re ikutloa hore lebitsong la toka, ntho e ’ngoe e lokela ho etsoa. Empa eng? Lichabeng tse ling e ’nile ea e-ba ntho e tloaelehileng hore motho a sebetse lintho ka boeena ’me a iphetetse. Empa lichaba tse joalo hangata li qetelletse li harasantsoe ke lehloeo le bakileng tšollo ea mali. Kajeno, melao ea Molimo ’me maemong a mangata le melao ea batho ha e lumelle batho ho iphetetsa ka bobona bakeng sa liketso tsa tlōlo ea molao, ’me lebaka la hoo lea utloahala. Pefo e joalo ea botho e tsoala feela pefo e eketsehileng.
Joale, na motho ea hlasetsoeng ke ketso ea tlōlo ea molao, o lokela ho lula a khutsitse a sa etse letho ’me a lumella ho etsoa hampe? Che. Ha rōna ka borōna kapa thepa ea rōna e tlatlapuoa, ho na le ba boholong bao re ka retelehelang ho bona. U ka rata ho bitsa mapolesa. Mosebetsing, e-ea ho mookameli. Sekolong, u ka rata ho bona mosuoe-hlooho. Leo ke le leng la mabaka ao ba leng moo ka lona—ho boloka toka. Bibele e re bolella hore batho ba boholong ’Musong ke “mohlanka oa Molimo, le mophetetsi ea beiloeng ho otla ea etsang bobe.” (Ba-Roma 13:4) Toka e hloka hore ’Muso o sebelise matla a ’ona, o felise ho etsa bobe, ’me o otle baetsi ba bobe.
Ke ’nete, ka linako tse ling ho nka nako e telele ho finyella toka. Mongoli e mong ea khathatsehileng ka menyaka ea lefatše o itse: “Toka e tšoana le terene e fihlang ka mor’a nako hoo e batlang e le ka mehla.” Ka sebele, ka nako e ’ngoe terene ha e fihle. Baetsi ba bokhopo ba ka ba matla haholo hoo ba boholong ba ke keng ba khona ho ba laola. Leha ho le joalo, mokhoa o bohlale ke ho itšoara. Bibele e re: “Lehlanya le hlahatsa khalefo ea lona; empa ea bohlale oa e tšoara, oa e khutsisa.”—Liproverbia 29:11.
Phetetso—Ka Mang?
Ho itšoara hore re se iphetetse ho tla re tlisetsa melemo, ’me re ka leta re khutsitse, re tseba hore haeba toka e lokela ho phethahatsoa, Molimo o tla etsa hoo ka nako e tšoanelehang. Jehova o hlokometse hore tlōlo ea molao ha e sa thibeloe e lebisa bokhopong. (Moeklesia 8:11) A ke ke a lumella batho ba khopo ka ho fetelletseng ho hatella moloko oa batho ka ho sa feleng. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a re eletsa: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:19) Ka sebele, Bibele e bua ka letsatsi la ’Mōpi la phetetso. Letsatsi lena la phetetso le tla ba joang? ’Me ke bo-mang bao Molimo o tla iphetetsa ho bona? Re tla tšohla sena sehloohong se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Hore u laole boikutlo ba ho iphetetsa, hopola hore
□ Molimo o amehile ka toka
□ ho koetla boikutlo ba ho iphetetsa ho kotsi
□ ho ba mosa hangata ho fokotsa mathata ao u bang le ’ona le ba bang
□ liphoso tsa rōna tse ngata li ’nile tsa tlōlisoa mahlo
□ bafosi ba ka fetoha
□ re hlōla lefatše ka ho hanela mekhoa ea lona