Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mahlaseli a Leseli—A Maholo le a Manyenyane (Karolo ea Bobeli)
    Molula-Qhooa—1995 | May 15
    • Ho Hlalosoa ha “Babusi ba Phahameng”

      4, 5. (a) Liithuti tsa Bibele li ile tsa talima Ba-Roma 13:1 joang? (b) Ke’ng eo hamorao e ileng ea hlokomeloa e le boemo ba Mangolo mabapi le “babusi ba phahameng”?

      4 Ka 1962 lehlaseli le khanyang la leseli le ile la bonoa mabapi le Ba-Roma 13:1, e reng: “Soule ka ’ngoe e ke e ikokobeletse babusi ba phahameng.” (King James Version) Liithuti tsa Bibele tsa pele li ne li utloisisa hore “babusi ba phahameng” bao ho buuoang ka bona moo ke balaoli ba lefatše. Ba ile ba nka hore lengolo lena le bolela hore haeba Mokreste a ne a biletsoa tšebeletsong ea sesole nakong ea ntoa, o ne a tla tlameha ho apara junifomo, a jare sethunya, ebe o ea moleng oa ntoa, liforong tsa ho itšireletsa lireng. Ho ne ho lumeloa hore kaha Mokreste a ke ke a bolaea motho e mong, o ne a tla tlameha ho thunya moeeng haeba boemo bo mpefala.a

      5 The Watchtower ea November 15 le ea December 1, 1962, e ile ea khantša leseli le hlakileng tabeng ena ha li bua ka mantsoe a Jesu ho Mattheu 22:21: “Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Mantsoe a moapostola a ho Liketso 5:29 a ne a loketse ha a re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” Bakreste ke bafo ba Cesare—“babusi ba phahameng”—hafeela sena se sa hloke hore Mokreste a etse lintho tse khahlanong le molao oa Molimo. Ho ile ha hlokomeloa hore ho ikokobelletsa Cesare ho lekanyelitsoe, ha ho etsoe ntle ho meeli. Bakreste ba etsetsa Cesare feela lintho tse seng khahlanong le seo Molimo a se hlokang. E bile ho khotsofatsang hakaakang ho ba le kutloisiso e hlakileng tabeng eo!

  • Mahlaseli a Leseli—A Maholo le a Manyenyane (Karolo ea Bobeli)
    Molula-Qhooa—1995 | May 15
    • a Ha e arabela ponong ena, The Watch Tower ea June 1 le ea June 15, 1929, e ile ea hlalosa “babusi ba phahameng” e le Jehova Molimo le Jesu Kreste. E bile boemo bona ka ho khetheha bo ileng ba lokisoa ka 1962.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela