Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela hore bofelo ba tsamaiso ee e khopo bo ne bo tla tla ba sa ntsane ba phela?
Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba cheseha haholo hore bofelo bo tle. Joalokaha re tla bona, ba bang ba bona ba ile ba etsa qeto ea hore bofelo bo ne bo le haufi, hore bo ne bo tla tla hona hoo. Ho ne ho hlokahala hore pono ea bona e lokisoe. Empa ka sebele ha ho hobe ho Bakreste, ka nako eo kapa hona joale, hore ba lumele ka tieo hore bofelo bo boletsoeng esale pele bo tlameha ho nkoa bo le haufi ’me ba phele letsatsi le letsatsi ka phalimeho eo.
Ha a arabela potso ea barutuoa ba hae ka “pontšo” ea ho ba teng ha hae, Jesu o ile a ba lemosa: “Ka hona, lulang le lebetse hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Mattheu 24:3, 42, NW) Ho ba seli ho joalo ho lokela ho ama liketso tsa bona, hobane Kreste o ile a phaella: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō . . . Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:34-36.
Hlokomela hore Jesu o fane ka keletso ena ha a qeta ho thathamisa liketsahalo tse neng li tla bōpa “pontšo.” Kahoo baapostola ba ile ba hlokomelisoa ’nete ea hore lintho tse itseng li ne li lokela ho hlaha historing pele ho bofelo. Ho ntse ho le joalo, libeke tse seng kae hamorao, ba ile ba botsa Jesu ea tsositsoeng: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” O ile a araba: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.”—Liketso 1:6, 7.
Re ka bona ho sena hore balateli ba Jesu ba haufi-ufi ba ne ba cheseha haholo hore bofelo bo tle kapele hoo ba ileng ba hlokomoloha seo a neng a sa tsoa ba bolella sona ka bopaki bo bonahalang bo neng bo lokela ho hlaha nakong ea ho ba teng ha hae pele ho bofelo boo.
Re fumana ho hong ho bontšang cheseho ea bona mangolong a moapostola Pauluse a neng a ea ho Bakreste ba Bathessalonika. Hoo e ka bang ka 50 C.E. o ile a ngola: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa. Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. Ka baka leo, a re se keng ra robala joale ka ba bang, re mpe re falimehe, ’me re tšabe botahoa.” (1 Ba-Thessalonika 5:1, 2, 6) Ba bang ba Bakreste bao ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba nka hore seo se bolela hore ho ba teng ha Jesu (ka letsatsi la Jehova la ho timetsa ba khopo) ho ne ho tla tla hona hoo, hang-hang.
Empa ho ne ho se joalo. Ha e le hantle, lengolong la bobeli Pauluse o ile a ba ngolla: “Ha e le tabeng ea ho tla [“ho ba teng,” NW] ha Morena oa rōna Jesu Kreste, le ea ho ba ’moho le eena, rea le kōpa, bana beso: Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tšosoa ke boporofeta, kapa lipolelo, kapa lengolo leo ho ka thoeng le tsoa ho rōna, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile. Ho se be ea le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokoenehi, ’me ho senoloe Ea khopo.”—2 Ba-Thessalonika 2:1-3, TLP.
Sena se ne se sa bolele hore e ne e ka ba ba sa tsotelleng mabapi le ho ba teng ha Jesu le bofelo ba tsamaiso. Ha selemo se seng le se seng se ntse se feta, temoso ea Jesu e ile ea fetoha e susumetsang le ho feta: “Ka hona, lulang le lebetse hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”
Ka hona, hoo e ka bang lilemo tse hlano ka mor’a ho ngola Ba-Thessalonika ba Bobeli, Pauluse o ngotse: “E se e le nako ea ho tsoha borokong; hobane ha e le kajeno, poloko e haufi le rōna ho fetisa mohla re lumetseng. Bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ea lefifi, ’me re apareng lihlomo tsa leseli.” (Ba-Roma 13:11, 12) Ka mor’a lilemo tse ling tse hlano, Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Baheberu: “Hobane le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng. Hobane ho se ho se hokae, ’me ea tlang ho tla o tla hlaha; a ke ke a lieha.” (Ba-Heberu 10:36, 37) Joale, temaneng e etellang ea ho qetela pele ho Tšenolo, moapostola Johanne o ngotse: “Ea pakang litaba tseo o re: E, ke tla kapele. Amen! Tlo, Morena Jesu!”—Tšenolo 22:20.
Ntle le pelaelo, morao koo Mokreste o ne a sa fetelletse litaba ha a ikutloa hore bofelo bo ne bo ka tla a sa ntsane a phela. ’Me haeba ka kotsi kapa lintho tse etsahalang ka tlhaho, a ka shoa pele ho bofelo, o ne a tla be a phetse ka boikutlo bo loketseng ba ho potlaka ha linako hoo Jesu le Mangolo a bululetsoeng a neng a ho khothalletsa.
Sena sohle se sebetsa le ho feta ho rōna, horeng ena ea ho qetela eo re phelang ho eona. Ha re beha mantsoe a Pauluse ka tsela e ’ngoe, re ke ke ra latola hore ‘joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha Bakreste bao ba pele ba fetoha balumeli esita le nakong ea ha rōna ka borōna re fetoha balumeli. Bosiu bo se bo ea sa; ka sebele letsatsi le atametse.’
Re khonne ho bona historing ho qala ka Ntoa ea I ea Lefatše bopaki bo bonahalang bo ntseng bo phaellana ho fihlela bo phahame joaloka thaba, bopaki bo pakang hore re qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. Ho e-na le ho tšoareha ka ho hakanya hore na hantle bofelo bo tla fihla neng, re lokela ho tšoareha ka ho bolela litaba tse molemo, e leng ho ka pholosang bophelo ba rōna le bophelo ba ba bang ba bangata.—1 Timothea 4:16.
Re na le mabaka a mangata a ho lebella hore boboleli bona bo tla phethoa mehleng ea rōna. Na hoo ho bolela hore e tla ba qalehong ea khoeli e ncha, selemo se secha, lilemo tse ling tse leshome, kapa lekholo le leng la lilemo? Ha ho motho ea tsebang, hobane Jesu o boletse hore ‘esita le mangeloi a leholimo’ a ne a sa tsebe hoo. (Mattheu 24:36) Ho feta moo, ha ho hlokahale hore re tsebe, ha re ntse re tsoela pele ho etsa seo Morena a re laelang hore re shebane le sona le ho se etsa. Hoo e leng ha bohlokoa ka ho fetisisa ke hore thato le mosebetsi oa Molimo li lokela ho etsoa le hore re kopanele ka tsela e felletseng ka ho fetisisa ho seo. Ka hona re ka ‘neoa tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.’—Luka 21:36.