Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 11/15 maq. 4-9
  • Le se ke la Tlohela ho Bokana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le se ke la Tlohela ho Bokana
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ntlo e Haheloang Lebitso la Molimo’
  • “Ho hang ha ho Lejoe le Tla Tloheloa Holim’a Lejoe le Leng”
  • “Phutheho e Leng ka Tlung ea Bona”
  • Liphutheho Tse Matlafatsang
  • Na U Lokela ho ea Tempeleng, Tempelaneng Kapa Kerekeng e le Hore U Rapele Molimo?
    Tsoha!—2012
  • Na Bakreste ba Lokela ho ba Teng Libokeng Tsa Phutheho?
    Tsoha!—2001
  • Synagogeng—Moo Jesu le Barutuoa ba Hae ba Neng ba Ruta Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Ntlo ea Thapelo Bakeng sa Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 11/15 maq. 4-9

Le se ke la Tlohela ho Bokana

Mangolo a re: ‘Re se tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsane, ’me re etse joalo haholo kaha re bona letsatsi le ntse le atamela.’ (Baheberu 10:25) Ho totobetse hore barapeli ba ’nete ba tlameha ho bokana mohahong oa borapeli e le hore ‘ba nahanelane hore ba susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:24.

TEMPELE e tsotehang e neng e le Jerusalema e ne e le mohaho oa borapeli oa Bajuda ha moapostola Pauluse a ngola mantsoe ana lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Ho ne ho boetse ho e-na le lisynagoge. Jesu o ne a ‘ruta ka synagogeng le ka tempeleng, moo Bajuda kaofela ba neng ba phuthehela teng.’—Johanne 18:20.

Pauluse o ne a nahanne ka mehaho ea borapeli ea mofuta ofe ha a eletsa Bakreste hore ba bokane e le hore ba khothatsane? Na mehaho e meholo ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana ho na le moo e tšoanang teng le tlhophiso ea tempele e neng e le Jerusalema? Batho ba ipitsang Bakreste ba qalile neng ho sebelisa mehaho e meholohali ea bolumeli?

‘Ntlo e Haheloang Lebitso la Molimo’

Litaelo tsa pele mabapi le mohaho oo ho rapelloang Molimo ho oona li fumanoa bukeng ea Bibele ea Exoda. Jehova Molimo o ile a laela sechaba sa hae se khethiloeng sa Baiseraele hore se hahe “tabernakele,” kapa “tente ea pokano.” Areka ea selekane le lisebelisoa tse ling tse halalelang li ne li lokela ho bolokoa ka ho eona. Ha e phethoa ka 1512 B.C.E., ‘khanya ea Jehova e ile ea tlala tabernakele.’ Ka lilemo tse fetang makholo a mane, tente ena e jaroang, e ne e le ntho e ka sehloohong tokisetsong ea ho buisana le Molimo. (Exoda, likhaolo 25-27; 40:33-38) Bibele e boetse e re tente ena ke “tempele ea Jehova” le “ntlo ea Jehova.”—1 Samuele 1:9, 24.

Hamorao ha Davida e se e le morena Jerusalema, o ile a bolela hore o na le takatso e matla ea ho haha ntlo e tla tlotlisa Jehova. Leha ho le joalo, kaha Davida e ne e le mohlabani, Jehova o ile a re ho eena: “U ke ke ua hahela lebitso la ka ntlo.” Ho e-na le hoo, O ile a khetha Solomone mora oa Davida, hore a hahe tempele eo. (1 Likronike 22:6-10) Solomone o ile a khakola tempele ka 1026 B.C.E., ka mor’a ho e haha ka lilemo tse supileng le halofo. Jehova o ile a amohela mohaho ona, a re: “Ke halalelitse ntlo ena eo u e hahileng ka ho beha lebitso la ka moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ka sebele mahlo a ka le pelo ea ka li tla ba moo kamehla.” (1 Marena 9:3) Hafeela Baiseraele ba ne ba tšepahala, Jehova o ne a tla amohela ntlo eo. Leha ho le joalo, haeba ba ne ba furalla se nepahetseng, Jehova o ne a ke ke a hlola a amohela mohaho ona, ’me ‘ntlo ena e ne e tla fetoha liqubu tsa lithako.’—1 Marena 9:4-9; 2 Likronike 7:16, 19, 20.

Hamorao, Baiseraele ba ile ba furalla borapeli ba ’nete. (2 Marena 21:1-5) “Kahoo [Jehova] a nyolla morena oa Bakalde khahlanong le bona, ea ileng . . . a chesa ntlo ea Molimo oa ’nete le ho heletsa lerako la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang, e le hore ba bake tšenyo. Ho feta moo, ba phonyohileng sabole a ba isa kholehong Babylona, ’me ea e-ba bahlanka ba hae le ba bara ba hae.” Ho latela Bibele, sena se etsahetse ka 607 B.C.E.—2 Likronike 36:15-21; Jeremia 52:12-14.

Joalokaha moprofeta Esaia a boletse esale pele, Molimo o ile a sebelisa Morena Cyruse oa Persia hore a lopolle Bajuda ’musong oa Babylona. (Esaia 45:1) Ka mor’a ho ba botlamuoeng ka lilemo tse 70, ba ile ba khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. ho ea tsosa tempele. (Esdrase 1:1-6; 2:1, 2; Jeremia 29:10) Ka mor’a likhoreletso, qetellong tempele e ile ea phethoa ka 515 B.C.E., ’me borapeli bo hloekileng ba Molimo ba tsosolosoa. Le hoja mohaho ona o ne o se majabajaba joaloka tempele ea Solomone, o ile oa e-ba teng ka lilemo tse ka bang 600. Leha ho le joalo, tempele ena le eona e ile ea sohlokeha kahobane Baiseraele ba ile ba lahla borapeli ba Jehova. Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, tempele ena e ne e ntse e tsosolosoa ke Morena Heroda. Ho ne ho tla etsahala’ng ka tempele ee?

“Ho hang ha ho Lejoe le Tla Tloheloa Holim’a Lejoe le Leng”

Ha Jesu a bua ka tempele ea Jerusalema, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.” (Matheu 24:1, 2) Tumellanong le mantsoe ana, mohaho ona o ’nileng oa nkoa ka makholo a lilemo e le setsi sa borapeli ba Molimo o ile oa senngoa ka 70 C.E. ke mabotho a Roma a neng a tlile ho tla felisa bofetoheli ba Bajuda.a Tempele eo ha ea ka ea hlola e tsosoa. Lekholong la bosupa la lilemo, ho ile ha hahoa sehalalelo sa Mamosleme se bitsoang Dome of the Rock, ’me le kajeno se ntse se le moo e neng e le mohaho oa borapeli oa Bajuda.

Balateli ba Jesu ba ne ba tla latela tokisetso efe ea borapeli? Na Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba tla tsoela pele ho rapela Molimo tempeleng e neng e le haufi le ho felisoa? Bakreste bao e seng Bajuda ba ne ba tla rapela Molimo hokae? Na mehaho ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana e ne e tla nka sebaka sa tempele? Puisano ea Jesu le mosali oa Mosamaria e re beha leseling tabeng ena.

Ka makholo a lilemo, Basamaria ba ne ba rapela Molimo tempeleng e khōlō Thabeng ea Gerizime, Samaria. Mosali oa Mosamaria o ile a re ho Jesu: “Baholo-holo ba rōna ba ile ba rapela thabeng ena; empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela ho sona.” Ha Jesu a mo araba o ile a re: “Mosali, ntumele, Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.” Ho ne ho ke ke ha hlola ho hlokahala mohaho oa tempele bakeng sa ho rapela Jehova, kaha Jesu o ile a hlalosa a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:20, 21, 24) Hamorao moapostola Pauluse o ile a re ho Baathene: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.”—Liketso 17:24.

Ho totobetse hore mehaho ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana ha e amane le tlhophiso ea tempele ea Mehla ea pele ho Bokreste. Ho ne ho sa hlokahale hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba hahe mehaho e joalo. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha hlaha bokoenehi, e leng ho kheloha lithutong tsa ’nete ho neng ho boletsoe esale pele. (Liketso 20:29, 30) Bakreste ka lebitso ba ile ba qala ho furalla lithuto tsa Jesu lilemo pele Morena Constantine oa Roma a iketsa eka o sokolohetse Bokresteng ka 313 C.E.

Constantine o ile a kenya letsoho ho tsoakeng “Bokreste” le bolumeli ba bohetene ba Roma. The Encyclopædia Britannica e re: “Constantine o ile a laela hore ho hahoe li-basilica tse tharo tse khōlō tsa Bokreste Roma: e leng ea Mohalaleli Petrose, Mohalaleli Paolo Fuori le Mura le Mohalaleli Giovanni in Laterano. Ke eena . . . ea qapileng polane ea mohaho o kang sefapano e ileng ea sebelisoa Mehleng ea Boholo-holo ha ho hahoa likereke Europe Bophirimela.” Basilica e tsosolositsoeng ea Mohalaleli Petrose e Roma e sa ntsane e nkoa e le setsi sa Kereke ea Roma e K’hatholike.

Rahistori Will Durant o re: “Kereke e ile ea amohela mekhoa e meng ea bolumeli le borapeli e neng e tloaelehile Roma [ea bohetene] pele ho Bokreste.” Sena se ne se kopanyelletsa “polane ea mohaho oa li-basilica.” Ho tloha lilemong tsa bo-900 ho ea ho tsa bo-1400, likereke tse khōlō le tse nyenyane li ile tsa hahoa ka sekhahla, ho shebiloe haholo hore na li ntle hakae. Ke hona nakong eo moo ho ileng ha hahoa mehaho e mengata e meholo ea Bokreste-’mōtoana eo hona joale e nkoang e le liemahale tsa botsebi.

Na kamehla batho ba khatholoha moeeng le ho fumana khothatso ha ba rapela kerekeng? Francisco oa Brazil o re: “Ho ’na kereke e ne e le ntho e tenang le e khathatsang ea bolumeli. ’Misa e ne e le ketsahalo e se nang morero, e phetang ntho e le ’ngoe, e neng e sa nkhotsofatse ho hang. Ke ne ke thaba ha o fela.” Leha ho le joalo, balumeli ba ’nete ba laeloa hore ba bokane. Ba lokela ho latela tlhophiso efe bakeng sa liboka?

“Phutheho e Leng ka Tlung ea Bona”

Bakreste ba ile ba hlahloba hore na balumeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bokana joang ’me ba etsisa mohlala oa bona. Mangolo a bontša hore hangata ba ne ba bokana malapeng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ntumelisetseng Priska le Akuila basebetsi-’moho le ’na ho Kreste Jesu, ’me le lumelise phutheho e leng ka tlung ea bona.” (Baroma 16:3, 5; Bakolose 4:15; Filemone 2) Lentsoe la Segerike bakeng sa “phutheho” (ek·kle·siʹa) le fetoletsoe e le “kereke” liphetolelong tse ling tsa Sesotho tse kang Bibele ea Sesotho. Empa lentsoe lena le bolela batho ba bokaneng ka morero o tšoanang, ha le bolele mohaho. (Liketso 8:1; 13:1) Borapeli ba Bakreste ba ’nete ha bo hloke mehaho ea bolumeli e majabajaba.

Liboka li ne li tšoaroa joang liphuthehong tsa pele tsa Bokreste? Morutuoa Jakobo o sebelisa lentsoe la Segerike sy·na·go·geʹ ha a bua ka seboka sa Bokreste. (Jakobo 2:2) Lentsoe lena la Segerike le bolela “ho ba hammoho” ’me ha ho sa sebelisoe lona ho ka sebelisoa ek·kle·siʹa. Leha ho le joalo, hamorao lentsoe “synagoge” le ile la bolela mohaho oo seboka se tšoareloang ho oona. Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba tseba se neng se etsoa synagogeng.b

Ha Bajuda ba ntse ba bokana tempeleng Jerusalema bakeng sa mekete ea selemo le selemo, lisynagoge e ne e le mehaho eo ho kopaneloang ho eona metseng ho ithuta ka Jehova le ho rutoa Molao. Ho bonahala eka lisynagogeng ho ne ho rapeloa, ho baloa Mangolo, esita le ho a hlalosa ka mokhoa o qaqileng le ho khothatsana. Ha Pauluse le ba bang ba neng ba e-na le eena ba kena synagogeng Antioke, “balaoli ba okamelang ba synagoge ba romeletsa ho bona, ba re: ‘Banna, barab’abo rōna, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.’” (Liketso 13:15) Ha Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba bokana malapeng, ha ho pelaelo hore ba ne ba latela mohlala o tšoanang, ba etsa hore liboka tsa bona e be tse rutang Mangolo le tse matlafatsang moeeng.

Liphutheho Tse Matlafatsang

Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki Tsa Jehova kajeno li bokana mehahong e seng majabajaba ea borapeli hore li rutoe Bibele le ho thabela botsoalle bo molemo. Ka lilemo tse ngata li ne li kopanela malapeng ’me le hona joale li ntse li etsa joalo libakeng tse ling. Empa hona joale liphutheho li eketsehile hoo li fetang 90 000, ’me mehaho e ka sehloohong eo Lipaki li kopanelang ho eona e bitsoa Liholo Tsa ’Muso. Mehaho ena ha e mahalihali ebile ha ea hahuoa joaloka likereke. Ke mehaho e loketseng boemo le e sa hahuoeng ka chelete e ngata eo ho eona ho ka kopanelang liphutheho tsa batho ba 100 ho ea ho 200 libokeng tsa beke le beke e le hore ba mamele le ho ithuta Lentsoe la Molimo.

Liphutheho tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova li bokana hararo ka beke. Seboka se seng ke puo ea phatlalatsa eo ho eona ho tšohloang taba e thahaselloang. Se lateloa ke thuto e thehiloeng tabeng e nkiloeng Bibeleng kapa boprofeteng ba Bibele, ho sebelisoa makasine ea Molula-Qhooa. Seboka se seng ke sa sekolo se koetlisetsang ho ruta Bibele. Se lateloa ke seboka seo ka ho khetheha se hlomellelang motho mosebetsi oa tšimo. Hang ka beke, Lipaki li boetse li bokana ka lihlopha tse nyenyane malapeng bakeng sa thuto ea Bibele. Libokeng tsena ho ea motho e mong le e mong. Ha ho ntšoe koleke.

Francisco, eo ho builoeng ka eena o ile a fumana liboka tsa Holong ea ’Muso li le molemo haholo. O re: “Mohaho oa pele oa liboka oo ke ileng ka etela ho oona e ne e le mohaho o motle o sebakeng sa mabenkele, ’me ke ile ka tloha holong ena ke thabile. Ba neng ba tlile libokeng ba ne ba le botsoalle ’me ke ne ke bona lerato har’a bona. Ke ne ke tatetse ho khutlela. Ke bile teng libokeng tsohle ho tloha mohlang oo. Liboka tsena tsa Bokreste li monate, ’me lia nkhotsofatsa moeeng. Esita leha ke nyahame ka mabaka a itseng, ke ea Holong ea ’Muso ka tsebo e feletseng ea hore ke tla khutlela lapeng ke khothetse.”

Ha u e-ea libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki Tsa Jehova, u tla fumana thuto ea Bibele, botsoalle bo molemo le monyetla oa ho rorisa Molimo. Re u mema ka mofuthu hore u be teng Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang. U ke ke ua ikoahlaea.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Baroma ba ile ba felisa tempele ka ho feletseng. Lebota la Lillo, leo Bajuda ba bangata ba tsoang libakeng tse hōle ba tlang ho lona ho tla rapela, hase karolo ea tempele ena. E mpa e le karolo ea lerako la lebala la tempele.

b Ho ka etsahala hore ebe lisynagoge li ile tsa qala ho sebetsa lilemong tse 70 tsa botlamuoa ha ho ne ho se na tempele ka nakoana kapa ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng ha ho ntse ho tsosolosoa tempele. Lekholong la pele la lilemo, toropo e ’ngoe le e ’ngoe ea Palestina e ne e e-na le synagoge ea eona, ’me metse e meholoanyane e ne e e-na le tse fetang e le ’ngoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Tabernakele ’me hamorao litempele e ne e le litsi tse ntle tsa borapeli ba Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

“Basilica” ea Mohalaleli Petrose e Roma

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bakreste ba pele ba ne ba bokana malapeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Lipaki Tsa Jehova li tšoara liboka tsa Bokreste malapeng le Liholong Tsa ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela