Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ithute ‘Moralong oa ’Nete’
    Molula-Qhooa—2012 | January 15
    • Ithute ‘Moralong oa ’Nete’

      “[U na] le moralo oa tsebo le oa ’nete Molaong.”​—BAR. 2:20.

  • Ithute ‘Moralong oa ’Nete’
    Molula-Qhooa—2012 | January 15
    • 1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re utloisise seo Pauluse a se boletseng ka Molao oa Moshe?

      HA E ne e se ka mangolo a bululetsoeng a moapostola Pauluse, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore re utloisise bohlokoa ba likarolo tse ngata tsa Molao oa Moshe. Ka mohlala lengolong la hae leo a neng a le ngoletse Baheberu, o hlalosa ka ho hlaka kamoo Jesu joaloka ‘moprista ea phahameng le ea tšepahalang’ a ka fanang ka “sehlabelo sa poelano” hang le ka ho ke keng ha phetoa ’me a etsa hore ba bontšang tumelo ho sona ba fumane “topollo e sa feleng.” (Baheb. 2:17; 9:11, 12) Pauluse o ile a hlalosa hore tabernakele e ne empa feela e le ‘seriti sa lintho tsa leholimo’ le hore Jesu e ile ea e-ba Mokena-lipakeng oa “selekane se molemo” ho feta seo Moshe e neng e le mokena-lipakeng oa sona. (Baheb. 7:22; 8:1-5) Mehleng ea Pauluse, tlhaloso e joalo ea Molao e ne e le ea bohlokoa haholo ho Bakreste, ’me e ntse e le ea bohlokoa. E re thusa hore re utloisise hantle bohlokoa ba litokisetso tseo Molimo a re etselitseng tsona.

      2. Bakreste ba Bajuda ba ne ba e-na le monyetla ofe oo Balichaba ba neng ba se na oona?

      2 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Roma, lintlha tse ling tseo a neng a li ngotse o ne a li lebisitse ho litho tsa phutheho tseo e neng e le Bajuda ba neng ba rutiloe Molao oa Moshe. O ile a bontša hore kaha Bakreste bao ba ne ba tseba Molao oa Molimo, ba ne ba e-na le monyetla oa ho ba le “moralo oa tsebo le oa ’nete Molaong” mabapi le Jehova le melao-motheo ea hae e lokileng. Kaha Bakreste ba Bajuda ba ne ba utloisisa ‘moralo oo oa ’nete’ ba bile ba o hlompha haholo joaloka Bajuda ba tšepahalang ba tlileng pele ho bona, seo se ile sa ba thusa hore ba tataise ba be ba rute batho ba neng ba sa tsebe Molao oo Jehova a neng a o file sechaba sa hae.—Bala Baroma 2:17-20.

      SERITI SA SEHLABELO SA JESU

      3. Re rua molemo joang ha re ithuta ka mahlabelo a Bajuda ba boholo-holo?

      3 Moralo oa ’nete oo Pauluse a buileng ka oona e ntse e le oa bohlokoa e le ho re thusa hore re utloisise merero ea Jehova. Melao-motheo ea Molao oa Moshe e ntse e le oa bohlokoa haholo. Re ntse re nahanne ka seo, a re ke re tšohleng karolo e le ’ngoe feela ea Molao oo—e leng kamoo mahlabelo a fapa-fapaneng le linyehelo li ileng tsa tataisetsa Bajuda ba ikokobelitseng ho Kreste kateng le ho ba thusa hore ba utloisise hore na Molimo o ne a lebeletse hore ba etse’ng. Kaha lintho tsa motheo tseo Jehova a li hlokang ho bahlanka ba hae ha ho mohla li fetohang, re tla boela re bone hore melao ea Molimo eo a neng a e file Baiseraele mabapi le mahlabelo le linyehelo e tla re thusa hore re hlahlobe tsela eo re etsang tšebeletso ea rōna e halalelang ka eona.—Mal. 3:6.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela