Pelekatori
Tlhaloso: “Ho latela thuto ea Kereke [ea Roma e K’hatholike], ke boemo, kapa sebaka, lefatšeng le latelang . . . moo meea [souls] ea ba sa phethahalang ka ho feletseng, ba shoang ba le boemong ba ho hauheloa e eang ho hloekisoa libe tse nyenyane tse sa tšoareloang kapa moo e eang bakeng sa kotlo ea nakoana ka baka la libe tse nyenyane le libe tse bolaeang tse seng li tšoaretsoe ’me, ka ho etsa joalo, e hloekisoa pele e kena leholimong.” (New Catholic Encyclopedia, 1967, Moq. XI, leq. 1034) Hase thuto ea Bibele.
Thuto ea pelekatori e theiloe holim’a eng?
Hoba e hlahlobe seo lingoli tsa K’hatholike li se buileng mabapi le litemana tse kang 2 Maccabees 12:39-45, Mattheu 12:32 le 1 Ba-Korinthe 3:10-15, New Catholic Encyclopedia (1967, Moq. XI, leq. 1034) e-ea lumela: “Se fumanehileng ke hore, thuto ea K’hatholike ea pelekatori e theiloe neanong, e seng Lengolong le Halalelang.”
“Kereke e itšetlehile ka neano ho tšehetsa [taba ea] sebaka se mahareng a leholimo le lihele.”—U.S. Catholic, March 1981, leq. 7.
Mabapi le sebopeho sa pelekatori, babuelli ba K’hatholike ba re’ng?
“Ba bangata ba nahana hore mahlomola ’ohle a pelekatori a khetholloa ka tlhokomelo ea nakoana ea hore motho o khaotsoe ho boneng Molimo, le hoja maikutlo a tloaelehileng haholo e le hore, ntle ho sena, ho na le kotlo e tiileng . . . Kerekeng ea Selatine ho bile le maikutlo a akaretsang a hore bohloko bona bo etsoa ka mollo oa sebele. Hona, leha ho le joalo, hase hoa bohlokoa ho lumeleng pelekatori. Hase le ntho e ka tiisoang. . . . Le haeba motho a ikhethela, joaloka baruti ba bolumeli ba Bochabela, ho hana maikutlo a tlhokofatso e etsoang ka mollo, o lokela ho hlokomela hore a se ke a lahla ho hang hore bohloko bo ka ba teng pelekatoring. Ho ntse ho le teng mahlomola, masoabi, tšoabo, lihlong tsa letsoalo, le masoabi a mang a moea [spirit] tse ka tlisetsang moea [soul] bohloko ba sebele. . . . Leha ho le joalo, motho o lokela ho hopola hore leha e ntse e utloa bohloko, meea [souls] ena e boetse e thabisoa haholo ke ’nete ea hore poloko e tla tla.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Moq. XI, maq. 1036, 1037.
“Ho etsahalang pelekatoring ke boinahanelo ba mang le mang.”—U.S. Catholic, March 1981, leq. 9.
Na moea o pholoha lefu la ’mele?
Ezek. 18:4: “Moea [soul, NW, Dy, Kx; neʹphesh, ka Seheberu; “motho,” JB; “ea,” NAB] o etsang sebe ke oona o tla shoa.”
Jak. 5:20: “Ea khutlisitseng moetsalibe khelohong ea hae, o pholositse moea [soul] lefung, ’me o apesitse libe tse ngata-ngata.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Hlokomela hore e bua ka ho shoa hoa moea [soul].)
Bakeng sa lintlha tse ling, bona lihlooho “Lefu” le “Moea (Soul).”
Na motho o otleloa libe tsa hae hape kamor’a lefu?
Ba-Roma 6:7: “Ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” (Kx: “Motho ea shoeleng ha a sa jara molato.”)
Na bafu ba tseba ho thaba ka baka la tšepo ea ho lebella poloko?
Moek. 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho.”
Esa. 38:18: “Nģalo ea bafu e ke ke ea u boka [Jehova], lefu le ke ke la u rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tšepa botšepehi ba hao.” (Ka hona ke joang mang kapa mang ho bona a ka ‘thabang haholo ke ’nete ea hore poloko e tla tla’?)
Ho ea ka Bibele, tlhoekiso ea libe e finyelloa ka eng?
1 Joh. 1:7, 9: “Ha re tsamaea leseling, joale ka ha oona [Molimo] o le leseling, re na le kopano hammoho, ’me mali a Jesu Kreste, Mora oa oona, a re hlatsoa libe tsohle. Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle [“bobe bohle ba rōna boa hlatsuoa,” Kx].”
Tšen. 1:5, 6: “Jesu Kreste . . . ea re ratileng, ea re hlatsoitseng libe tsa rōna maling a hae.”