-
“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”Molula-Qhooa—2000 | August 1
-
-
Pauluse—‘Ea Tlaasana’ le ‘Motsamaisi’
4. Pauluse o ile a thabela litokelo life tse khethehileng?
4 Pauluse o ne a hlahelletse har’a Bakreste ba pele, ’me ho ne ho le joalo ka lebaka le utloahalang. Bosebeletsing ba hae, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete leoatleng le naheng, hape o ile a theha liphutheho tse ngata. Ho phaella moo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Pauluse ka lipono le neo ea ho bua lipuo lisele. (1 Bakorinthe 14:18; 2 Bakorinthe 12:1-5) O ile a boela a bululela Pauluse hore a ngole mangolo a 14 ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ho ka boleloa ka ho hlaka hore mesebetsi ea Pauluse e ile ea feta ea baapostola ba bang.—1 Bakorinthe 15:10.
5. Pauluse o ile a bontša joang hore oa inyenyefatsa?
5 Kaha Pauluse o ne a le ka sehloohong mosebetsing oa Bokreste, ba bang ba ka ’na ba lebella ho bona a nketsoe holimo, a bile a sollisa bolaoli ba hae. Leha ho le joalo, ha ho joalo hobane Pauluse o ne a inyenyefatsa. O ne a ipitsa “e monyenyane ka ho fetisisa ho baapostola,” a phaella ka ho re: “Ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakorinthe 15:9) Kaha pele Pauluse o ne a hlorisa Bakreste, ho ne ho se mohla a neng a lebala hore e ne e le feela ka mosa o sa tšoanelang a neng a ka ba le kamano le Molimo, ho se ho sa thoe letho ka ho thabela litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. (Johanne 6:44; Baefese 2:8) Kahoo, Pauluse ha aa ka a ikutloa hore lintho tsena tse sa tloaelehang tseo a neng a li finyelletse tšebeletsong li ne li mo phahamisetsa ka holimo ho ba bang.—1 Bakorinthe 9:16.
6. Pauluse o bontšitse boinyenyefatso joang litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe?
6 Boinyenyefatso ba Pauluse bo bonahetse ka ho khetheha litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba ne ba khahliloe ke bao ba neng ba nahana hore ke balebeli ba hlahelletseng, ho akarelletsa le Apolose, Kefase le Pauluse ka boeena. (1 Bakorinthe 1:11-15) Empa Pauluse ha aa ka a kōpa thoriso ea Bakorinthe kapa ho nka monyetla ka tlhompho ea bona. Ha a ba etetse, ha aa ka a itlhahisa “ka ho fetella ha puo kapa ha bohlale.” Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a bua sena ka eena le balekane ba hae: “Motho a a re lekanye re le ba leng ka tlaasana ho Kreste le batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.”a—1 Bakorinthe 2:1-5; 4:1.
7. Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso joang esita leha a ne a fana ka keletso?
7 Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso esita leha a ne a tlameha ho fana ka keletso e matla kapa tataiso. O ile a ipiletsa ho Bakreste-’moho le eena “ka qenehelo ea Molimo” le “motheong oa lerato” eseng ka matla a hae a boapostola. (Baroma 12:1, 2; Filemone 8, 9) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a etsa see? Hobane kannete o ne a inka e le ‘mosebetsi-’moho’ le barab’abo, eseng e le ‘monghali oa tumelo ea bona.’ (2 Bakorinthe 1:24) Ha ho pelaelo hore ke boinyenyefatso ba Pauluse bo ileng ba thusa hore a ratoe haholo liphuthehong tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo.—Liketso 20:36-38.
-
-
“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”Molula-Qhooa—2000 | August 1
-
-
a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba leng ka tlaasana” le ka bolela lekhoba le neng le soka libencheng tse tlaasana tsa ba sokang sekepe se seholo. Ha ho bapisoa, “batsamaisi” ba ne ba ka fuoa boikarabelo bo boholoanyane, mohlomong ba ho hlokomela thepa. Leha ho le joalo, mahlong a benghali ba bangata, motsamaisi e ne e le mosebeletsi feela ho tšoana le lekhoba le sokang sekepe.
-