Na u Talima Feela Ponahalo e ka Ntle?
HEINZ, mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea neng a susumetsoa ke lehloeo, o ile a rera ho bolaea monna ea nyetseng ’m’ae lenyalong la bobeli. Ka thabo, o ile a haelloa ke sebete sa ho ho etsa. Lilemo tse ngata hamorao o ile a etsa qeto ea ho ipolaea empa le hona hoo a sitoa ho ho phethahatsa. O ile a ameha ho utsoeng le thekisong ea lithethefatsi, hoo a ileng a tšoaroa ka lebaka la hona. Joale lenyalo la hae la qhalana.
Kajeno Heinz ha a sa lemalletse lithethefatsi. O phela ka botšepehi. O na le lenyalo le thabileng le kamano e ntle le monna ea nyetseng ’m’ae lenyalong la bobeli. Ke eng e ileng ea etsa phapang? O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Butle-butle, pono ea hae ka bophelo ea qala ho fetoha.
Ha ho pelaelo, ba bangata ba neng ba tseba Heinz oa khale ba ne ba mo ahlotse ka hore ke ba-e-hlōtse. Batho ba bangata ba tšoanang le eena ba ka leboha hore e be Molimo ha oa ka oa ba tela ka hore hase ba ka lopolloang. Hobane’ng? Lebaka ke hore: “Hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.
Eo ke phapang e ’ngoe e khōlō mahareng a motho le Molimo. Re sekamela ho ahloleng ka ponahalo e ka ntle. Re bile re re “maikutlo a pele ao u a fumanang ha u qala ho bona motho ke ’ona ao u a hopolang ka nako e telele.” Ka mantsoe a mang, re sekamela ho aroleng batho ka tsela eo ba itšoarang ka eona ka lekhetlo la pele. Empa Molimo, kaha o ka bala pelo, o lokile ’me ha o ee ka tšobotsi. ’Me ke ka lebaka leo o ileng oa roma Mora oa oona, Jesu Kreste, lefatšeng e le hore “batho ba mefuta eohle ba ka bolokoa ’me ba tla tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4, NW) Ntlheng ena, Bakreste ba inehetseng ba na le tokelo ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo” ka hore ka mafolo-folo ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho bohle. (1 Ba-Korinthe 3:9, NW) Leha ho le joalo, Bakreste ba na le likhaello tsa bona—ba ke ke ba bala lipelo tsa batho. Ka baka leo ba tlameha hore ba se ke ba ea ka tšobotsi le ho qoba ho ba leeme ka lebaka la ponahalo e ka ntle.
Ngoan’abo Jesu ka ’m’ae, Jakobo, o ne a hlokometse kotsi ena phuthehong ea Bokreste ea pejana. O itse: “Banab’eso, joalokaha le lumela ho Morena oa rōna Jesu Kreste, ea busang khanyeng, le ka mohla le se ke la bontša ho ipatla. Ka mohlala, baeti ba babeli ba ka ’na ba kena sebakeng sa lōna sa borapeli, e mong e le monna ea apereng hantle ka masela a gauda, ’me e mong e le monna oa mofutsana ka liaparo tse sa shebahaleng hantle. A re re le hlokomela ka ho khethehileng monna ea apereng hantle . . . Ana ha le bone hore ha lea tsitsa ’me le ahlola ka litekanyetso tsa bohata?” Motheong ona, na ka linako tse ling re ee re ahlole ka phoso batho ba qalang ho tla Holong ea ’Muso?—Jakobo 2:1-4, The New English Bible.
Jesu o Behile Mohlala
Jesu ha aa ka a talima batho e le baetsalibe ba ke keng ba lopolloa, empa e le batho ba tšepahalang ba ka lakatsang ho fetoha haeba ba nehoa thuso e hlokahalang le tšusumetso e loketseng. Ke ka baka leo a “ineetseng ho ba topollo ea bohle.” (1 Timothea 2:6) Mosebetsing oa hae oa ho bolela, ha ho ea pelo e lokileng eo a neng a mo talima e le ea sa lokelang ho angoa, e le ea sa tšoanelang ho eloa hloko. Pono ea hae ka batho e ne e sa senole boikutlo ba boikhohomoso ba ho itokafatsa.—Luka 5:12, 13.
O ne a fapane hakaakang le Bafarisi, bao ka bona re balang: “Eare ha bangoli le Bafarisi ba ’mona a e-ja le ba-lekhetho le baetsalibe, ba re ho barutuoa ba hae: O jela’ng le ba-lekhetho le baetsalibe, o noela’ng le bona? Jesu ha a utloa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batloa ke ba kulang; ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsalibe.”—Mareka 2:16, 17.
Kamoo ho ka lebelloang, hona ha ho bolele hore Jesu o ne a lumella mekhoa e sa tšepahaleng le e fosahetseng e neng e etsoa ke baetsalibe bana le balekhetho. Empa o ne a tseba hore batho ba ka tšoasoa tseleng e fosahetseng ea bophelo, mohlomong e se ka morero kapa ka lebaka la maemo a thata ho laoloa. Ka baka leo o ile a bontša kutloisiso, a “ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joalo ka linku tse se nang molisa.” (Mareka 6:34) Ka lerato o ile a khetholla pakeng tsa liketso tsa bona tse mpe le lipelo tsa bona tseo e neng e ka ’na eaba li ntle.
Ha a sebelisana le balateli ba hae, le teng Jesu o ne a sheba ka nģ’ane ho ponahalo ea ka ntle. E ne e le baetsalibe ba neng ba etsa liphoso hangata, empa Jesu e ne e se ea batlang phetheho ntle ho mabaka, ea ba khalemelang ka thata bakeng sa tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang. O ne a tseba hore boikemisetso ba bona bo botle kapa, joalokaha re ka bolela kajeno, hore lipelo tsa bona li ne li rerile se nepahetseng. Seo ba neng ba se hloka e ne e le thuso le khothatso; le ka mohla Jesu o ne a se lekhonatha ho ba neha tsona. Ha ho pelaelo, o ne a talima batho ka tsela eo Molimo o ba talimang ka eona. Na re leka ho etsisa mohlala oa hae o babatsehang?
Na u ‘Ahlola ka Kahlolo e Lokileng’?
Ka lekhetlo le leng Jesu o kile a talimana le sehlopha sa babelaeli ba itokafatsang ba neng ba khopisitsoe ke hore o ne a entse ketso ea ho phekola ka Sabbatha. O ile a ba laela: “Khaotsang ho ahlola ka ponahalo e ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.” Ke hobane’ng ha ba sa ka ba thabela ho bona Jesu e le mosebetsi oa mehlolo ea entseng ‘hore motho a phele hantle ka ho felletseng’ ho e-na le ho fetoha ba ‘halefileng ka mabifi’ le ho mo bona e le motlōli oa molao oa Sabbatha? Ka ho ahlola ka ponahalo e ka ntle, ba ile ba hlahatsa litšusumetso tsa bona tse mpe. Ba ile ba senola kahlolo ea bona ea ho ba ba itokafatsang le ba sa lokang ka nako e tšoanang.—Johanne 7:23, 24, NW.
E be le rōna re ka etsa phoso e tšoanang joang? Ka ho hlōleha ho thaba ha motho ea bakileng a khutlela ka phuthehong kapa ha motho ea ratang lefatše haholo a ithuta ’nete ’me a qala ho rua molemo phekolong ea moea. Ka linako tse ling re ka ahlola batho ka mokhoa o seng motle oo ba aparang kapa ba itlhophang ka oona ’me ra ba hlokomoloha ka hore ba ke ke ba fetoha Lipaki. Leha ho le joalo, ba bangata bao e neng e le ma-hippie pele le ba bang ba neng ba e-na le mekhoa e seng metle ea bophelo ba qetelletse ba fetohile Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Ha ba joalo ba ntse ba le tseleng ea ho etsa litokiso, ha re batle ho lumella ‘ho ahlola ka ponahalo e ka ntle’ ho re foufalletse boemo bo botle ba lipelo tsa bona.
Ho molemo haholo hakaakang le ho ba tumellanong le mohlala o motle oa Jesu ho ba rapella le ho ba neha thuso e sebetsang hore ba finyelle khōlo ea Bokreste! Ho bona ka hare ho bona lebaka la thabo ho ka ’na ha bonahala ho le thata. Empa haeba Jehova a ba hulela ho eena ka Kreste, re bo-mang hore re ba hane motheong oa litekanyetso tsa rōna tse sa fellang? (Johanne 6:44) Ho ahlola e mong ka ho itokafatsa, ha re sa tsebe pelo kapa ’ona maemo, ho ka re beha tseleng ea kahlolo e phetetsang.—Bapisa le Mattheu 7:1-5.
Ho e-na le ho ahlola ba joalo ka mokhoa o matla haholo, re lokela ho ba thusa, ho ba khothatsa le ho ba lemosa ka mohlala. Leha ho le joalo, ha re bontša mosa, ka sebele re lokela hore re se ke ra tšoara ba bacha joaloka melingoana bao e ka ’nang eaba baa tsebisahala lefatšeng. Hoo e ne e tla ba mofuta oa ho ea ka tšobotsi. Hape e ka ba letšoao la ho se hōle ka lehlakoreng la rōna. Ha e le tabeng ea motho eo ka boeena, na ho mo phahamisa ha rōna ho tla mo etsa hore e be moikokobetsi? Kapa, ho e-na le hoo, na ho ke ke ha mo etsa hore a be lihlong?—Levitike 19:15.
U se ke ua Lebella se Fetang se Lebelloang ke Molimo
Pono ea rōna ka ba bang e lekanyelitsoe haholo ha e bapisoa le ea Jehova, ea balang pelo. (1 Likronike 28:9) Ho ananela sena ho tla re thibela ho fetoha Bafarisi ba kajeno ba itokafatsang, re leka ho qobella batho hore ba be ka sebopeho sa rōna se entsoeng ke motho sa ho loka e le hore ba ka tšoanela maikutlo a rōna ka se nepahetseng. Haeba re leka ho talima batho kamoo Molimo o ba talimang kateng, re ke ke ra ba hloka se sengata ho feta kamoo Molimo o etsang kateng. Re ke ke ra ‘feteletsa se ngotsoeng.’ (1 Ba-Korinthe 4:6, TLP) Hona ke habohlokoa haholo bakeng sa baholo ba Bakreste hore ba ho nke ka botebo.—1 Petrose 5:2, 3.
Re ka etsa mohlala oa sena ka taba ea moaparo. Se hlokoang ke Bibele—se hlokoang ke Molimo—ke hore liaparo tsa Mokreste li hloeke li be makhethe, li hlophisoe hantle ’me li se ke tsa bontša ho haelloa ke “boinyenyefatso le kelello e elileng.” (1 Timothea 2:9, NW; 3:2) Ka ho totobetseng, he, baholo phuthehong e ’ngoe ba ile ba ‘feteletsa se ngotsoeng’ lilemong tse seng kae tse fetileng ba hloka hore sebui se seng le se seng sa phatlalatsa phuthehong ea habo bona se apare hempe e tšoeu, le hoja mebala e khanyang e ne e amoheloa ka kakaretso naheng eo. Libui tsa baeti tse neng li fihla li apere lihempe tsa mebala e meng li ne li kōptjoa hore li apare tse ling tsa lihempe tse tšoeu tse ngata tse neng li bolokoa Holong ea ’Muso bakeng sa maemo a joalo a sa lebelloang. Re lokela ho ba hlokolosi hakaakang hore re se ke ra imetsa ba bang ka seo re se ratang! ’Me keletso ea Pauluse ke e loketseng hakaakang: “Ho etsa ha lōna lintho ka tekanyo e ntle ho lemohuoe ke batho bohle”!—Ba-Filippi 4:5, NW.
Liphello Tse Molemo Tsa ho Sheba ka Nģ’ane ho Ponahalo e ka Ntle
Ho ananela hore re ke ke ra bala lipelo tsa batho ho tla re thusa ho boloka kamano e molemo le ba re potolohileng, ka hare le ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Ho tla re thusa ho nahana hamolemo ka ba bang, re se ke ra belaella se ba susumetsang, kaha “pele le rōna re ne re le lithoto, re hana ho mamela, re khelohile, re le makhoba a litakatso le a menyaka ea mefuta-futa.” (Tite 3:3, TLP) Ha re hlokomela sena, re tla utloisisa ho bolela ho e mong le e mong, haesita le ho bao, ka ponahalo e ka ntle, ba ka bonahalang ba sa tšoanelehe. Ha e le hantle, qeto ea ho amohela kapa ho hana ’nete ke ea bona. Boikarabelo ba ho e bolela ho e mong le e mong ke ba rōna.
Ba bangata ho Lipaki tsa Jehova, ba kang Heinz, ba thabela hore ba ile ba amoheloa ka phuthehong ea Bokreste ke baena le bo-khaitseli ba ileng ba sheba ka nģ’ane ho ponahalo e ka ntle ba sa kang ba ahlola ka maikutlo ao ba bileng le oona pele.
Ka mohlala, nka Frank eo ka Sontaha se seng a ileng a fihla Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova Jeremane boroa. Ba neng ba le teng ba ile ba bona eng? Monna e mocha ea bohlasoa ea litelu le ea moriri o fihlang mahetleng, a apere liaparo tse litšila, ea tsebisahalang haholo e le ea sa feleng libareng tsa sebaka seo le ea tsubang haholo—motho ea neng a hlokomolohile motsoalle oa hae oa ngoanana le bana ba bona ba mafahla. Leha ho le joalo, o ile a amoheloa ka mofuthu sebokeng. O ile a khahloa hoo a ileng a khutla beke hamorao. Ka nako eo ba ile ba bona eng? Monna e mocha ea itlhophileng ka makhethe ka har’a liaparo tse hloekileng. Ka beke ea boraro ba bona monna e mocha ea seng a sa tsube, ka lekhetlo lena a e-na le motsoalle oa hae oa ngoanana le bana ba bona ba babeli. Ka Sontaha sa bone, ba bona monna e mocha le mosali e mocha ba sa tsoa fumana lengolo la lenyalo hore kamano ea bona e be ea molao. Ka Sontaha sa bohlano, ba bona monna e mocha ea neng a khaotse litlamano tsohle le bolumeli ba bohata. Kajeno, lilemo tse ’nè hamorao, joalokaha e mong oa Lipaki tsa Jehova a tlaleha, ba bona “lelapa le u khahlang hoo u nahanang hore ke lilemo tse ngata e le banab’abo rōna.”
Ha ho hlokahale hore boleng ba buka bo bonahatsoe ke sekoahelo sa eona leha e le hore ba ntlo bo bonahatsoa ke ponahalo ea eona ka lehlakoreng le le leng. Ka ho tšoanang, tšobotsi ea ’nete ea motho ha ho hlokahale hore e bonahatsoe ke ponahalo e ka ntle. Bakreste ba lekang ho talima batho kamoo Molimo o ba talimang kateng ba ke ke ba ahlola ka ponahalo eo motho a hlahang ka eona ka lekhetlo la pele. Molimo o ela hloko ‘motho ea ka sephiring oa pelo,’ ’me seo re ka se leboha.—1 Petrose 3:3, 4.