-
Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa KhotsoMolula-Qhooa—1988 | April 15
-
-
5, 6. (a) Re na le keletso efe e bohlale mabapi le ho sebetsana le ba etsang libe tse tebileng ’me ba sa bontše pako? (Mattheu 18:17) (b) Ke lipotso life tseo re talimaneng le tsona?
5 Ha motho e mong a ne a le boitšoaro bo bobe a bile a sa bake Korinthe, Pauluse o ile a bolella phutheho hore: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.” (1 Ba-Korinthe 5:11-13) Ho ne ho tla etsahala ntho e tšoanang ka bakoenehi, joaloka Hymenea: “Suthisa motho ea hlahisang thuto e khelohileng, ha u se u kile ua mo tsosa ka la pele le ka la bobeli; u tle u tsebe hobane ea joalo, o se a senyehile, ’me o etsa sebe.” (Tite 3:10, 11; 1 Timothea 1:19, 20) Hape, ho nena ho joalo e ne e tla ba ho loketseng, bakeng sa leha e le ofe ea latolang phutheho: “Ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rōna.”—1 Johanne 2:18, 19.
-
-
Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa KhotsoMolula-Qhooa—1988 | April 15
-
-
Ho Khaola ka ho Feletseng?
7. Boitšoaro ba rōna bo tla fapana joang mabapi le lihlopha tse peli tsa baetsalibe?
7 Bakreste ha ba ikhethe ho batho ba bang. Re kopana ka ho tloaelehileng le baahisani ba rōna, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona, le ba bang, le ho ba pakela esita le haeba ba bang e le ‘bafebi, ba lakatsang leruo, masholu, kapa ba rapelang litšoantšo.’ Pauluse o ngotse hore re ke ke ra ba qoba ka ho feletseng, ‘ho seng joalo, re ne re tla tlameha ho tsoa lefatšeng.’ Leha ho le joalo, o bontšitse hore e ne e tla ba taba e fapaneng ka “moena” ea neng a phela joalo: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena [ea khutletseng litseleng tse joalo], ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.”—1 Ba-Korinthe 5:9-11; Mareka 2:13-17.
8. Ke keletso efe eo moapostola Johanne a faneng ka eona mabapi le ho qoba ba joalo?
8 Mangolong a moapostola Johanne, re fumana keletso e tšoanang e hatellang kamoo Bakreste ba lokelang ho qoba batho ba joalo ka ho feletseng: “Mang le mang ea khelohang, ea sa tiisetseng thutong ea Kreste, ha a na Molimo . . . Ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang [khaiʹro, ka Segerike] o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.”a—2 Johanne 9-11.
9, 10. (a) Ho ne ho etsahala joang ka bafosi ba sa bakeng Iseraeleng, hona hobane’ng? (b) Re lokela ho ikutloa joang ka tokisetso ea mehleng ena ea ho leleka batho ba sa bakeleng sebe sa bona tšoanang kajeno? (2 Petrose 2:20-22)
9 Ke hobane’ng ha boemo bo tiileng joalo bo loketse le kajeno? Koana, nahana ka ho khaola ho bohloko ho neng ho laetsoe Molaong oa Molimo ho Iseraele. Litabeng tse fapanenng tse tebileng, bafosi ba ka boomo ba ne ba ahlōleloa lefu. (Levitike 20:10; Numere 15:30, 31) Ha seo se ne se etsahala, ba bang, esita le beng ka motho eo, ba ne ba ke ke ba hlola ba buisana le motlōli oa molao ea shoeleng. (Levitike 19:1-4; Deuteronoma 13:1-5; 17:1-7) Le hoja Baiseraele ba tšepahalang morao koo e ne e le batho ba tloaelehileng ba nang le maikutlo a tšoanang le a rōna, ba ne ba tseba hore Molimo o lokile ebile o lerato le hore Molao oa oona o ne o sireletsa bohloeki ba bona boitšoarong le moeeng. Kahoo ba ne ba lumela hore tokisetso ea oona ea ho khaola bafosi ha e le hantle e ne e le molemo e bile e le ntho e nepahetseng.—Jobo 34:10-12.
10 Le rōna re ka kholiseha ka ho tšoanang hore tokisetso ea Molimo ea hore Bakreste ba se ke ba e-ba le botsoalle le motho ea lelekiloeng ka baka la sebe seo a sa se bakeleng ke tšireletso e bohlale bakeng sa rōna. “A le ke le tlose ho lōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e ncha, ha e le moo le le ba sa lomosoang.” (1 Ba-Korinthe 5:7) Ka hore hape ba qobe batho ba ikarotseng ka boomo, Bakreste ba sirelelitsoe maikutlong a nyatsa-nyatsang, a hlokang kananelo, kapa esita le a bokoenehi.—Ba-Heberu 12:15, 16.
Ho Thoe’ng ka Beng ka Motho?
11, 12. (a) Phello e ne e e-ba efe ho beng ka motho oa Moiseraele ha mofosi a ne a khaoloa? (b) Bontša melemo ea kutlo.
11 Ka sebele Molimo oa tseba hore ho phethahatsa melao ea oona e lokileng ka ho khaola bafosi hangata ho kopanyelletsa beng ka motho kapa hoa ba ama. Joalokaha ho boletsoe kaholimo, ha mofosi oa Moiseraele a ahlōleloa lefu, kopano ea lelapa e ne e fela. Ha e le hantle, haeba mora e ne e le letahoa a bile a le meharo, batsoali ba hae ba ne ba lokela ho mo tlisa pel’a baahlōli, ’me haeba a ne a sa bake, batsoali ba ne ba lokela ho kopanela polaong ea hae e neng e tla be e etsoa ka tōka, ‘ho tlosa bobe har’a Baiseraele.’ (Deuteronoma 21:18-21) U ka utloisisa hore ketso ena e ne e ke ke ea e-ba bonolo ho bona. Hape, nahana kamoo baena ba mofosi, likhaitselie, kapa ntat’ae-moholo le nkhono’ae ba neng ba ikutloa kateng. Empa ho bea ha bona ho tšepahala ho Molimo oa bona o lokileng kapele ho kamano ea lelapa ho ne ho ka boloka bophelo ba bona.
12 Hopola taba ea Kore, eo e neng e le moetapele oa borabele khahlanong le boetapele ba Molimo ka Moshe. Tōkeng ea hae e phethahetseng, Jehova o ile a bona hore Kore o ne a tlameha ho shoa. Empa bohle ba tšepahalang ba ile ba lemosoa: “Tlohang pel’a litente tsa banna bao ba babe, ’me le se ke la ama letho la bona, e se re la timeletsoa ka baka la libe tsohle tsa bona.” Beng ka bona ba sa kang ba amohela temoso ea Molimo ba ile ba bolaoa le marabele ao. Empa beng ka Kore ba bang ka bohlale ba ile ba khetha ho tšepahala ho Jehova, e leng ho ileng ha pholosa bophelo ba bona ’me ha lebisa mahlohonolong a nako e tlang.—Numere 16:16-33; 26:9-11; 2 Likronike 20:19.
13. Bakreste ba tšepahalang ba tla itšoara joang ha setho se haufi sa lelapa se khaoloa kapa se ikarola?
13 Ho khaoloa phuthehong ea Bokreste ha ho kopanyelletse lefu la hona hoo, ka baka leo litlamo tsa lelapa li tsoela pele li ntse li le teng. Kahoo, monna ea khaotsoeng kapa ea ikarolang a ka ’na a tsoela pele ho lula lapeng le mosali oa hae oa Mokreste le bana ba tšepahalang. Ho hlompha likahlōlo tsa Molimo le bohato ba phutheho ho ne ho tla susumelletsa mosali le bana ho hlokomela hore ka tsela eo monna eo a e nkileng, o felisitse kamano ea moea e neng e le teng mahareng a bona. Empa kaha ho khaoloa ha hae ha hoa ka ha felisa litlamo tsa bona tsa mali le tsa lenyalo, kameho e lerato le litšebelisano tse tloaelehileng tsa lelapa li ka ’na tsa tsoela pele.
14. Ke keletso efe ea bomolimo e lokelang ho susumetsa kopano ea rōna le mong ka rōna ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng ea sa luleng lapeng?
14 Boemo bo fapane haeba motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng e le mong ka motho ea sa luleng lapeng. Ho ka etsahala hore u se be le kamano ho hang le mong ka uena eo. Esita le haeba ho ne ho e-na le litaba tsa lelapa tse batlang hore le kopane, ka sebele ho kopana hona ho ne ho tla khutsufatsoa, tumellanong le molao-motheo oa Molimo: “Khaotsang ho kopana le mang kapa mang ea bitsoang moena eo e leng sehlola kapa motho ea meharo [kapa ea leng molato oa sebe se seng se tebileng], . . . le ho ja le se je le motho ea joalo.”—1 Ba-Korinthe 5:11, NW.
15. Beng ka motho ba ka laola tšusumetso ea maikutlo joang maemong a joalo? (Pesaleme ea 15:1-5; Mareka 10:29, 30)
15 Ka ho utloahalang sena se ne se tla ba boima ka lebaka la maikutlo le litlamo tsa lelapa, joaloka lerato la ntate-moholo le nkhono ho litloholo tsa bona. Empa sena ke teko ea botšepehi bo nang le boitelo ho Molimo, joalokaha ho boletse khaitseli ea qotsitsoeng leqepheng la 26. E mong le e mong ea utloang masoabi le bohloko tse bakiloeng ke mong ka eena ea khaotsoeng a ka tšelisoa le ho khothatsoa ke mohlala oa beng ka Kore.—Pesaleme ea 84:10-12.b
-