Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 7. Melao ea ’Muso oa Molimo e molemo ho feta ea batho

      Mebuso ea lefatše e etsa melao eo e nahanang hore e tla sireletsa batho. ’Muso oa Molimo le oona o na le melao eo batho ba busoang ke oona ba lokelang ho e latela. Bala 1 Bakorinthe 6:​9-11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • U nahana hore lefatšeng ho tla ba joang ha batho bohle ba se ba mamela melao ea Molimo?a

      • Na u nahana hore ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o lebeletse hore batho ba busoang ke ’Muso oa hae ba mamele melao ea hae? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      • Ke eng e bontšang hore batho ba sa mameleng melao ea Molimo ba ka fetoha? (Sheba temana ea 11.)

      Lepolesa le laola sephethephethe. Batho ba lilemo tse fapa-fapaneng ba tšela ’mila.

      Mebuso ea lefatše e etsa melao e le hore e thuse batho le ho ba sireletsa. Empa ’Muso oa Molimo oona o na le melao e molemo le ho feta e thusang batho ba busoang ke oona le ho ba sireletsa

  • Bibele e Re’ng ka Thobalano?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Jehova oa tseba hore na ke’ng e tla re tsoela molemo. Oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re lule re itšoere hantle le hore na melemo ea ho etsa joalo ke efe. Bala Liproverbia 7:​7-27 kapa u bapale VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: Ho Hloka Temoho (9:31)

      • Mohlankana eo o ile a ipeha tekong joang? (Sheba Liproverbia 7:​8, 9.)

      • Ho ea ka Liproverbia 7:​23, 26 ho etsa bohlola ho ka ba le litla-morao tse bohloko. Haeba re lula re itšoere hantle re tla qoba mathata afe?

      • Ho itšoara hantle ho ka re thusa joang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng?

      Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang ka batho ba bong bo tšoanang ba ratanang se bontša ho hloka lerato. Empa Jehova ke Molimo ea lerato ’me o batla hore batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng. Kahoo, e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho mamela melao ea hae. Bala 1 Bakorinthe 6:​9-11 ebe le buisana ka potso ena:

      • Na Molimo o re ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ke eona feela ntho e fosahetseng?

      Kaofela re lokela ho etsa liphetoho e le hore re thabise Molimo. Na ho na le molemo oo re tla o fumana ka ho etsa joalo? Bala Pesaleme ea 19:​8, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Na u nahana hore melao ea Jehova ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      Litšoantšo: 1. Ausi ea sa thabang o lutse pel’a mohlankana oa hae. O ntse a noa a bile a tsuba le metsoalle ea hae moo ho rekisoang joala. 2. Ausi eo o se a thabile ebile o bua le bo-’mè ba Lipaki Holong ea ’Muso.

      Jehova o thusitse batho ba bangata hore ba phele ka melao ea hae. Le uena a ka u thusa

  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 6. U ka khona ho khaotsa ho noa haholo

      Ithute hore na ke’ng e ileng ea thusa ntate e mong hore a khaotse ho noa haholo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: ‘Ke Ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona’ (6:32)

      Litšoantšo: Litšoantšo tse hlahang videong ea ‘Ke ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona.’ 1. Dmitry o shebile botlolo ea joala. 2. Dmitry, mosali oa hae le morali oa bona ba ithuta Bibele hammoho.
      • Videong ee, ha Dmitry a ne a noele joala o ne a itšoara joang?

      • Na o ile a khona ho tlohela ho noa hang-hang?

      • Ke’ng e ileng ea mo thusa hore qetellong a khaotse ho noa joala haholo?

      Bala 1 Bakorinthe 6:​10, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Botahoa ke sebe se seholo hakae?

      • Ke’ng e bontšang hore motho ea noang haholo a ka khona ho fetoha?

      Bala Matheu 5:​30 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ha Jesu a ne a re motho a khaole letsoho la hae, o ne a bolela hore re lokela ho tela lintho tse itseng e le hore re khahlise Jehova. U ka etsa’ng haeba u thatafalloa ke ho tlohela ho noa joala haholo?a

      Bala 1 Bakorinthe 15:​33 ebe le buisana ka potso ena:

      • Metsoalle ea hao e ka ama tsela eo u noang ka eona joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela