Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/15 maq. 10-14
  • Bosoha—Monyako o Lebisang Tšebetsong e se Nang Litšitiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bosoha—Monyako o Lebisang Tšebetsong e se Nang Litšitiso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bosoha Boa Buelloa
  • Ho Phehella Bosoha ha ho Qobelloe
  • Ho Etsetsa Mpho ea Bosoha Sebaka
  • Bosoha bo Nang le Morero
  • Tšebetso e se Nang Litšitiso
  • Ha ho na Kano ea Bosoha bo sa Khaotseng
  • Ke Masoha Ebile ba Khotsofetse Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Masoha empa ba Felletse bakeng sa Tšebeletso ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Keletso e Bohlale Mabapi le Bosoha le Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bosoha—Tsela e Putsang ea Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/15 maq. 10-14

Bosoha—Monyako o Lebisang Tšebetsong e se Nang Litšitiso

“[Bo bolela] ho sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso.”—1 BAKORINTHE 7:35.

1. Ke litaba life tse tšoenyang tse ileng tsa fihla ho Pauluse mabapi le Bakreste ba Korinthe?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ne a amehile ka barab’abo ba Bakreste ba Korinthe, Greece. Hoo e ka bang lilemo tse hlano pejana, o ne a thehile phutheho motseng oo o ruileng o tummeng ka boitšoaro ba oona bo bobe. Joale, hoo e ka bang ka 55 C.E., ha a le Efese, Asia Minor, o ile a amohela litlaleho tse tšoenyang tse tsoang Korinthe tsa ho arohana ka lihlopha le ho mamella ketso e tebileng ea boitšoaro bo bobe. Ho feta moo, Pauluse o ne a fumane lengolo le tsoang ho Bakreste ba Korinthe le kōpang tataiso tabeng ea likamano tsa botona le botšehali, bosoha, lenyalo, karohano le ho nyala hape.

2. Boitšoaro bo bobe bo neng bo tletse hohle Korinthe bo ne bo bonahala bo ama Bakreste ba motse oo ka tsela efe?

2 Ho ne ho bonahala eka boitšoaro bo bobe haholo bo neng bo tletse hohle Korinthe bo ne bo ama phutheho ea sebaka seo ka litsela tse peli. Bakreste ba bang ba ne ba inehela moeeng oa boitšoaro bo hlephileng ’me ba mamella boitšoaro bo bobe. (1 Bakorinthe 5:1; 6:15-17) Ho bonahala eka ba bang, ha ba nka bohato ka menyaka ea likamano tsa botona le botšehali e neng e tletse hohle motseng oo, ba ile ba fetelletsa litaba ka ho buella ho khaotsa ho ba le likamano tsa botona le botšehali ho hang, esita le ho banyalani.—1 Bakorinthe 7:5.

3. Pauluse o ile a qala ka ho sebetsana le litaba life lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe?

3 Lengolong le lelelele leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakorinthe, o ile a qala ka ho lebisa tlhokomelo bothateng ba karohano. (1 Bakorinthe, khaolo ea 1-4) O ile a ba khothalletsa ho qoba ho latela batho, e leng se ka lebisang likhohlanong tse kotsi feela. Ba ne ba lokela ho kopana e le “basebetsi-’moho” le Molimo. Joale o ile a ba fa litaelo tse tobileng mabapi le ho boloka phutheho e hloekile boitšoarong. (Khaolong ea 5, 6) Hamorao moapostola o ile a lebisa tlhokomelo lengolong la bona.

Bosoha Boa Buelloa

4. Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re “ho molemo hore monna a se ke a ama mosali”?

4 O ile a qala ka ho re: “Joale malebana le lintho tseo le ileng la ngola ka tsona, ho molemo hore monna a se ke a ama mosali.” (1 Bakorinthe 7:1) Polelo “a se ke a ama mosali” mona e bolela ho qoba ho amana ka ’mele le mosali bakeng sa ho khotsofatsa takatso ea botona le botšehali. Kaha Pauluse o ne a se a nyatsitse bohlola, joale o ne a bua ka likamano tsa botona le botšehali ka har’a tokisetso ea lenyalo. Ka lebaka leo, joale, Pauluse o ne a buella bosoha. (1 Bakorinthe 6:9, 16, 18; bapisa le Genese 20:6; Liproverbia 6:29.) Ho ekelletsa moo o ile a ngola: “Joale ke re ho batho ba seng lenyalong le bahlolohali, ho molemo bakeng sa bona hore ba lule joalokaha le ’na ke le joalo.” (1 Bakorinthe 7:8) Pauluse o ne a sa nyala, mohlomong e ne e le monna ea shoetsoeng ke mosali.—1 Bakorinthe 9:5.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho hlakile hore Pauluse o ne a sa buelle bophelo ba boitlami? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a buella bosoha?

5 Mohlomong Bakreste ba Korinthe ba ne ba se ba tseba filosofi ea Bagerike, eo ho eona lihlopha tse itseng li neng li rorisa ho khomarela melao ea boitšoaro haholo kapa ho itšoara ka thata-thata. Na ho ka etsahala hore seo e bile lebaka leo ka lona Bakorinthe ba ileng ba botsa Pauluse hore na ho ne ho tla ba “molemo” hore Bakreste ba qobe likamano tsa botona le botšehali ho hang? Karabo ea Pauluse ha ea ka ea bonahatsa filosofi ea Bagerike. (Bakolose 2:8) Ho fapana le baruti ba thuto ea bolumeli ba Mak’hatholike, ha ho moo a ileng a buella bophelo ba bosoha ba ho itšoara ka thata-thata ntlong ea baitlami, joalokaha eka masoha a halalela ka ho khethehileng ’me a ne a ka tlatsetsa pholohong ea ’ona ka tsela eo a phelang ka eona le ka lithapelo tsa ’ona.

6 Pauluse o ne a buella bosoha “ka lebaka la boemo bo thata bo teng ho rōna.” (1 Bakorinthe 7:26) Ho ka etsahala hore ebe o ne a bua ka linako tse thata tseo Bakreste ba neng ba feta ho tsona, tseo lenyalo le neng le ka etsa hore li be thata le ho feta. (1 Bakorinthe 7:28) Keletso ea hae ho Bakreste ba seng lenyalong e bile hore: “Ho molemo bakeng sa bona hore ba lule joalokaha le ’na ke le joalo.” Ho banna ba shoetsoeng ke basali, o itse: “Na u lokolotsoe ho mosali? Khaotsa ho batla mosali.” Mabapi le mohlolohali oa Mokreste, o ile a ngola: “O thaba haholoanyane haeba a lula kamoo a leng kateng, ho ea ka maikutlo a ka. Ka sebele ke nahana hore ke boetse ke na le moea oa Molimo.”—1 Bakorinthe 7:8, 27, 40.

Ho Phehella Bosoha ha ho Qobelloe

7, 8. Ke’ng se bontšang hore Pauluse o ne a sa qobelle Mokreste ofe kapa ofe ho lula e le lesoha?

7 Ha ho pelaelo hore moea o halalelang oa Jehova o ne o tataisa Pauluse ha a ne a fana ka keletso ena. Nehelano ea hae eohle mabapi le bosoha le lenyalo e bontša teka-tekano le boithibo. Ha a etse hore e be taba ea ho tšepahala kapa ho se tšepahale. Ho e-na le hoo, ke taba ea ho ikhethela ka bolokolohi, ka teka-tekano a sekamela ho tšehetseng bosoha ho ba ka khonang ho lula ba hloekile boemong boo.

8 Kapele-pele ka mor’a hore a re “ho molemo hore monna a se ke a ama mosali,” Pauluse o ile a eketsa: “Empa leha ho le joalo, ka lebaka la ho ata ha bohlola, monna e mong le e mong a a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:1, 2) Ka mor’a ho eletsa batho ba seng lenyalong le bahlolohali hore ba “lule joalokaha le ’na ke le joalo,” o ile a potlakela ho eketsa: “Empa haeba ba se na boitšoaro, a ba kene lenyalong, kaha ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.” (1 Bakorinthe 7:8, 9) Hape, keletso ea hae ho banna ba shoetsoeng ke basali e bile ena: “Khaotsa ho batla mosali. Empa esita le haeba u ne u ka fela ua kena lenyalong, u ne u tla be u sa etse sebe.” (1 Bakorinthe 7:27, 28) Keletso ena e leka-lekaneng e bontša bolokolohi ba ho ikhethela.

9. Ho latela Jesu le Pauluse, lenyalo le bosoha ka bobeli ke limpho tse tsoang ho Molimo ka tsela efe?

9 Pauluse o ile a bontša hore lenyalo le bosoha ka bobeli ke limpho tse tsoang ho Molimo. “Ke lakatsa eka batho bohle ba ka be ba le kamoo ’na ka bonna ke leng kateng. Leha ho le joalo, e mong le e mong o na le mpho ea hae e tsoang ho Molimo, e mong ka tsela ena, e mong ka tsela eane.” (1 Bakorinthe 7:7) Ha ho pelaelo hore o ne a nahanne ka seo Jesu a ileng a se bua. Ka mor’a ho tiisa hore lenyalo le tsoa ho Molimo, Jesu o ile a bontša hore ho ba lesoha ka boithatelo ka lebaka la ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso ke mpho e khethehileng: “Hase batho bohle ba etsetsang polelo eo sebaka, empa ke feela ba nang le mpho eo. Etsoe ho na le maqhalaha a ileng a tsoaloa a le joalo ho tsoa lipōpelong tsa bo-’mè ba ’ona, ’me ho na le maqhalaha a ileng a etsoa maqhalaha ke batho, hape ho na le maqhalaha a ikentseng maqhalaha ka lebaka la ’muso oa maholimo. Ea ka e etsetsang sebaka a a e etsetse sebaka.”—Matheu 19:4-6, 11, 12.

Ho Etsetsa Mpho ea Bosoha Sebaka

10. Motho a ka ‘etsetsa mpho ea bosoha sebaka’ joang?

10 Le hoja Jesu le Pauluse ka bobeli ba ile ba bua ka bosoha e le “mpho,” ha ho ea ileng a re ke mpho ea mohlolo eo e leng ba itseng feela ba nang le eona. Jesu o itse “hase batho bohle ba etsetsang [mpho] eo sebaka,” ’me o ile a phehella ba ka etsang joalo hore ba “e etsetse sebaka,” e leng seo Jesu le Pauluse ba ileng ba se etsa. Ka sebele, Pauluse o ile a ngola: “Ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso,” empa o ne a bua ka ba ‘se nang boitšoaro.’ (1 Bakorinthe 7:9) Mangolong a hae a pelenyana, Pauluse o ile a bontša hore Bakreste ba ka qoba ho chesoa ke takatso. (Bagalata 5:16, 22-24) Ho tsamaea ka moea ho bolela ho lumella moea oa Jehova ho tataisa mohato o mong le o mong oa rōna. Na Bakreste ba banyenyane ba ka etsa see? E, haeba ba latela Lentsoe la Jehova haufi-ufi. Mopesaleme o ile a ngola: “Mohlankana [kapa moroetsana] o tla hloekisa metsamao ea hae joang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentsoe la hao.”—Pesaleme ea 119:9.

11. Ho ‘tsamaea tumellanong le moea’ ho bolela’ng?

11 Sena se akarelletsa ho itebela khahlanong le maikutlo a ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe a hasoang ka mananeo a mangata a TV, libaesekopo, lihlooho tsa limakasine, libuka le mantsoe a lipina. Maikutlo a joalo a sekametse nameng. Mokreste e monyenyane oa bong bofe kapa bofe ea batlang ho etsetsa bosoha sebaka o lokela ho ‘tsamaea, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea. Kaha ba tumellanong le nama ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama, empa ba tumellanong le moea ba beha likelello tsa bona linthong tsa moea.’ (Baroma 8:4, 5) Lintho tsa moea li lokile, li hloekile, lia rateha, li khabane. Bakreste ba banyenyane le ba baholo, ba etsa hantle ha ba ‘tsoela pele ho nahana ka lintho tsena.’—Bafilippi 4:8, 9.

12. Ke’ng se amehang haholo tabeng ea ho etsetsa mpho ea bosoha sebaka?

12 Ho etsetsa mpho ea bosoha sebaka haholo-holo ke taba ea ho beha ha motho pelo ea hae pakaneng eo ’me a rapela Jehova hore a mo thuse ho e phehella. (Bafilippi 4:6, 7) Pauluse o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a eme a tsitsitse pelong ea hae, a sa qobelloe ke letho, empa a e-na le matla a ho laela holim’a thato ea hae ’me a entse qeto ena ka pelong ea hae, ho boloka bosoha ba hae, o tla etsa hantle. Ka lebaka leo le ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemonyana.”—1 Bakorinthe 7:37, 38.

Bosoha bo Nang le Morero

13, 14. (a) Moapostola Pauluse o ile a bapisa Bakreste ba masoha le ba leng lenyalong joang? (b) Ke joang feela Mokreste oa lesoha a ka ‘etsang hamolemonyana’ ho feta ba leng lenyalong?

13 Bosoha ka bobona ha bo ratehe. Ke ka kutloisiso efe, he, bo ka bang ‘molemonyana’? Ha e le hantle, ho itšetlehile ka hore na motho o sebelisa bolokolohi boo bo bo tlisang joang. Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele, ke batla hore le lokolohe matšoenyehong. Monna ea sa nyalang o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, kamoo a ka fumanang kamohelo ea Morena. Empa monna ea nyetseng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea mosali oa hae, ’me o arohane. Ho ekelletsa moo, mosali ea sa nyaloang, le moroetsana, o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, e le hore e ka ba ea halalelang ka bobeli ’meleng oa hae le moeeng oa hae. Leha ho le joalo, mosali ea nyetsoeng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea monna oa hae. Empa sena ke se bolela bakeng sa molemo oa lōna oa botho, eseng hore nka le akhela sekhoketsane, empa ho le susumelletsa ho se tšoanelang le se bolelang ho sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso.”—1 Bakorinthe 7:32-35.

14 Mokreste oa lesoha ea sebelisang boemo ba hae ba bosoha ho phehella lipakane tsa boithati ha a etse “hamolemonyana” ho feta Bakreste ba leng lenyalong. O lula e le lesoha, e seng “ka lebaka la ’muso,” empa ka mabaka a botho. (Matheu 19:12) Monna kapa mosali oa lesoha o lokela ho “tšoenyeha ka lintho tsa Morena,” a tšoenyehe ka ho ‘fumana kamohelo ea Morena,’ ’me a ‘sebeletse Morena ka mehla ntle ho tšitiso.’ Sena se bolela ho lebisa tlhokomelo e feletseng ho sebeletseng Jehova le Kreste Jesu. Ke ka ho etsa joalo feela banna le basali ba Bakreste ba masoha ba etsang “hamolemonyana” ho feta Bakreste ba leng lenyalong.

Tšebetso e se Nang Litšitiso

15. Ntlha ea bohlokoa ea taba ea Pauluse e ho 1 Bakorinthe khaolo ea 7 ke efe?

15 Taba e ka sehloohong ea Pauluse khaolong ena ke ena: Le hoja lenyalo le lumeletsoe ka molao ’me, tlas’a maemo a itseng, le le molemo ho ba bang, ho ke ke ha latoloa hore bosoha bo molemo bakeng sa monna kapa mosali oa Mokreste ea batlang ho sebeletsa Jehova a e-na le litšitiso tse seng kae. Kaha motho ea leng lenyalong o “arohane,” Mokreste oa lesoha o lokolohile ho lebisa tlhokomelo ‘linthong tsa Morena.’

16, 17. Mokreste oa lesoha a ka lebisa tlhokomelo ‘linthong tsa Morena’ hamolemo joang?

16 Lintho tsa Morena ke life tseo Mokreste oa lesoha a ka lebisang tlhokomelo ho tsona a lokolohile haholoanyane ho feta batho ba leng lenyalong? Moelelong o mong, Jesu o ile a bua ka “lintho tsa Molimo”—lintho tseo Mokreste a ke keng a li fa Sesare. (Matheu 22:21) Lintho tsena ka ho khetheha li ama bophelo ba Mokreste, borapeli le tšebeletso.—Matheu 4:10; Baroma 14:8; 2 Bakorinthe 2:17; 3:5, 6; 4:1.

17 Ka kakaretso masoha a lokolohile haholoanyane ho nehela nako tšebeletsong ea Jehova, e leng se ka a tsoelang molemo moeeng le tekanyong ea tšebeletso ea ’ona. A ka sebelisa nako e ngata thutong ea botho le ho thuiseng. Bakreste ba masoha hangata ba ka kenyelletsa ’malo oa bona oa Bibele kemisong ea bona habonolo haholoanyane ho feta kamoo ba leng lenyalong ba ka etsang kateng. Ba ka lokisetsa liboka le tšebeletso ea tšimo hamolemonyana. Sena sohle se ‘molemong oa bona oa botho.’—1 Bakorinthe 7:35.

18. Barab’abo rōna ba bangata ba masoha ba ka bontša joang hore ba batla ho sebeletsa Jehova “ntle ho tšitiso”?

18 Barab’abo rōna ba bangata ba masoha ba seng ba ntse ba sebeletsa e le bahlanka ba sebeletsang ba lokolohile ho bolella Jehova hore: “Ke ’na enoa, roma ’na!” (Esaia 6:8) Ba ka etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se lokiselitsoeng bahlanka ba sebeletsang le baholo ba masoha ba lokolohileng ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Esita le barab’abo rōna ba sa lokolohang ho tloha liphuthehong tsa habo bona ba ka etsa hore ba fumanehe bakeng sa ho sebeletsa barab’abo bona e le bahlanka ba sebeletsang kapa baholo.—Bafilippi 2:20-23.

19. Baralib’abo rōna ba bangata ba masoha ba hlohonolofalitsoe joang, ’me tsela e ’ngoe eo ka eona e ka bang tlhohonolofatso phuthehong ke efe?

19 Baralib’abo rōna ba masoha, kaha ha ba na banna bao ba ka kōpang keletso ho bona kapa ho ba tšepela makunutu a bona, ba ka ’na ba sekamela haholoanyane ho ‘jariseng Jehova phahlo tsa bona.’ (Pesaleme ea 55:22; 1 Bakorinthe 11:3) Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha ho baralib’abo rōna bao e leng masoha ka lebaka la ho rata Jehova. Haeba ba qetella ba nyetsoe, e ne e tla ba “feela Moreneng,” ke hore, a nyaloe feela ke motho ea inehetseng ho Jehova. (1 Bakorinthe 7:39) Baholo ba motlotlo ho ba le baralib’abo rōna ba masoha liphuthehong tsa habo bona; hangata bana ba etela ba kulang le ba hōlileng le ho ba thusa. Sena se tlisetsa bohle ba amehang thabo.—Liketso 20:35.

20. Bakreste ba bangata ba bontša joang hore ba “sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso”?

20 Bakreste ba bangata ba bacha ba lokisitse maemo a bona e le hore ba ka “sebeletsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakorinthe 7:35) Ba sebeletsa Jehova e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba nako e tletseng, baromuoa kapa ho e ’ngoe ea liofisi tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower. ’Me ke sehlopha se thabileng hakaakang! Boteng ba bona bo khatholla hakaakang! Ka sebele, mahlong a Jehova le a Jesu, ba “joalo ka phoka.”—Pesaleme ea 110:3.

Ha ho na Kano ea Bosoha bo sa Khaotseng

21. (a) Ke hobane’ng ha ho totobetse hore Pauluse ha aa ka a khothalletsa ho nka kano ea bosoha? (b) O ne a bolela’ng ha a ne a bua ka ho ‘feta palesa ea bocha’?

21 Ntlha e ka sehloohong keletsong ea Pauluse ke hore Bakreste ba ne ba tla etsa “hantle” ha ba etsetsa bosoha sebaka bophelong ba bona. (1 Bakorinthe 7:1, 8, 26, 37) Leha ho le joalo, ho hang ha a ba khothalletse ho etsa kano ea bosoha. Ho e-na le hoo, o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a nahana hore o itšoara ka mokhoa o sa tšoanelang mabapi le bosoha ba hae, haeba a fetile palesa ea bocha, ’me ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka eona, a a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. A ba kene lenyalong.” (1 Bakorinthe 7:36) Lentsoe le le leng feela la Segerike (hy·peʹra·kmos) le fetoletsoeng e le ho ‘feta palesa ea bocha’ ka ho toba le bolela “ka ’nģane ho boemo bo phahameng ka ho fetisisa” ’me le bolela ho fetela ka ’nģane ho sehlohlolo sa takatso ea botona kapa ea botšehali. Ka hona bao e bileng masoha ka nako e telele ’me bao qetellong ba ikutloang hore ba lokela ho kena lenyalong ba lokolohile ka ho feletseng ho nyalana le balumeli-’moho le bona.—2 Bakorinthe 6:14.

22. Ke hobane’ng ha ho le molemo ka hohle-hohle hore Mokreste a se ke a kena lenyalong a le monyenyane haholo?

22 Lilemo tseo Mokreste e monyenyane a li qetang a sebeletsa Jehova ntle ho tšitiso ke letsete le bontšang bohlale. Li mo lumella ho fumana bohlale bo sebetsang, phihlelo le temohisiso. (Liproverbia 1:3, 4) Motho ea lutseng e le lesoha ka lebaka la ’Muso o ba boemong bo molemo haholo hamorao, haeba a etsa qeto ea ho qalisa boikarabelo ba bophelo ba lenyalo mohlomong le ba botsoali.

23. Ke eng seo ba bang ba nahanang ka lenyalo ba ka ’nang ba nahana ka sona, empa ke potso efe e tla hlahlojoa lihloohong tse latelang?

23 Bakreste ba bang ba qetileng lilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng e le masoha ba khetha balekane ba bona ba lenyalo ba nako e tlang ka hloko ka morero oa ho tsoela pele mofuteng o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng. Ka sebele sena sea babatseha. Ba bang ba ka ’na ba nahana esita le ka ho kena lenyalong ka maikutlo a ho se lumelle lenyalo la bona ho ba sitisa tšebeletsong ea bona ka tsela efe kapa efe. Empa na Mokreste ea leng lenyalong o lokela ho ikutloa a lokolohile ho ameha haholo ka tšebeletso ea hae ho Jehova joaloka nakong eo ka eona e neng e le lesoha? Potso ena e tla hlahlojoa lihloohong tse latelang.

Tlhahlobo

◻ Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a ba le maikutlo a hore ho hlokahala hore a ngolle phutheho ea Korinthe?

◻ Ke hobane’ng ha re tseba hore Pauluse o ne a sa buelle bophelo ba boitlami?

◻ Motho a ka ‘etsetsa bosoha sebaka’ joang?

◻ Baralib’abo rōna ba masoha ba ka fumana molemo joang boemong ba bona ba bosoha?

◻ Ke ka litsela life barab’abo rōna ba masoha ba ka ithuisang molemo ka bolokolohi ba bona ba ho sebeletsa Jehova “ntle ho tšitiso”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela