Na Khopolo ea Hao ea Botho ke ea Bohlokoa ho Feta Tsohle?
SEHLOOHO se seng sa litaba se ile sa re: “Kereke e Ncha e Arohana ka Baka la Baprista ba Basodoma.” Tlaleho ea litaba e ile ea tsoela pele ho senola likarohano tse tebileng ka hare ho Kereke ea Chache ka baka la khang ea baprista ba basodoma.
Mosebeletsi ea ikarabellang bakeng sa ho thaotha baruti ba kereke o ile a re: “Ka kerekeng ho na le sebaka sa basodoma.” Ka maikutlo a hae, mosodoma ea ‘tšepahalang le ea nang le boikarabelo’ kamanong ea hae le monna e mong o na le tokelo ea ho khetheloa bosebeletsi.
Tumelo ea moeta-pele oa kereke ea ikarabellang parisheng ea hanyetsanang le eo e ne e le hore: “Baruti ba phelang ka bosodoma ba etsa sebe ’me ba lokela ho itokolla mosebetsing.” O ne a ikutloa hore baruti ba lokela ho beha mohlala mekhoeng eohle ea bona ea boitšoaro.—The Sunday Times, London, November 8, 1987.
Ha ho pelaelo hore e mong le e mong oa banna bana o ne a kholisehile hore khopolo ea hae e nepahetse. Empa na khopolo ea botho e lokela hore e be eona e etsang qeto litabeng tsa bohlokoa? Mohlomong u tla re e, u lumela hore “e mong le e mong o na le tokelo ea ho khomarela khopolo ea hae.”
Empa, nahana ka litlhaloso tsena tse peli tsa Bibele tse bululetsoeng: “A re ke re batleng ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.” “Kea le rapela, banab’eso, . . . Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—Ba-Roma 14:19; 1 Ba-Korinthe 1:10.
Kahoo, ho thoe’ng haeba uena, joaloka Mokreste, u ile ua fumana ho le thata ho lumellana le phutheho ea Bokreste tabeng e ’ngoe ea bohlokoa? U ka sebetsana le seo joang e le hore khotso le bonngoe tse hlokahalang haholo ka phuthehong li ka bolokoa?—Mattheu 5:9; 1 Petrose 3:11.
Nahana ka boemo bo ileng ba hlaha phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo ha ba bang ba ne ba talima khopolo ea bona ea botho e le eona ea bohlokoa ho feta tsohle. Bona hore na qetellong sena se ile sa lebisa ho eng ’me u ipotse: ‘Nka be ke ile ka etsa joang hoja ke ne ke le teng moo?’
Likhang Tsa Lebollo
Ka 36 C.E. Balichaba ba sa bollang ba ile ba amoheloa ka lekhetlo la pele ka phuthehong ea Bokreste. Le hoja Molimo o ile oa lokisetsa moapostola Petrose ho sebetsana le ketsahalo ena e tsotehang, Petrose le ba neng ba e-na le eena ba ile ba makala ha ba bona moea o halalelang o tšolleloa holim’a batho ba sa bollang. (Liketso 10:1-16, 34-48) Bakreste ba bang ba bangata ba Bajode ba ile ba fumana ho le thata hore ba ka amohela hona. Ha e le hantle, Bakreste ba bang ba Bajode, “batšehetsi ba lebollo,” ba ile ba nyatsa Petrose ka ho kopana le batho ba sa bollang.—Liketso 11:2, 3, NW.
Ke hobane’ng ha banyatsi baa ba ne ba tšoenyehile? Lebaka ke hore hoo e ka bang ka lilemo tse 2 000, lebollo e ne e bile letšoao la ho ba le kamano e khethehileng le Molimo. Ha Jehova Molimo a laela Abrahama hore a bolotse ba batona bohle tlung ea hae, O itse: “E tla ba pontšo ea selekane sa ka le lōna . . . se sa feleng.” (Genese 17:10-13) Makholo-kholo a lilemo hamorao, lebollo e ne e ntse e le la bohlokoa haholo ho Bajode. Boholo ba bona ba ne ba ikutloa hore ho se bolle ho ne ho bolela ho se hloeke. (Esaia 52:1) Ba ne ba ikutloa hore batho ba halalelang ba Molimo ba ne ba sa lokela ho sebelisana ka letho le Balichaba ba sa hloekang, ba sa bollang.
Ka 49 C.E. moapostola Pauluse o ile a thulana le ba bang ba ‘batšehetsi bana ba lebollo’ Antioke ea Syria. Qetellong ea leeto la hae la pele la boromuoa, o ile a tlalehela phutheho ea moo kamoo Molimo o “buletseng lichaba [tsa ba sa bollang] monyako oa tumelo.” Ho eena ho bonahala ho ne ho hlakile hore ho ne ho sa hlokahale hore batho bana ba lichaba ba bolotsoe. Leha ho le joalo, banna ba bang ba tsoang Judea ba ne ba e-na le khopolo e fapaneng. Ba ne ba pheha khang ba re: “Ekare ha le sa bolle ka mokhoa oa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.” Ba ne ba ikutloa hore lebollo le ne le hlokahala bakeng sa polokeho le hore Balichaba bohle ba sokolohetseng Bokresteng ba ne ba lokela ho bolotsoa.—Liketso 14:26–15:1.
Ho ne ho ameha maikutlo a matla. Ha ho pelaelo hore e mong le e mong o ne a ka fana ka mabaka a susumetsang a tšehetsang khopolo tsa hae. Khotso le bonngoe ka phuthehong li ne li ka bolokoa joang? Ka mor’a ho buisana halelele ka taba ena, phutheho ea Antioke ea lokisetsa “hore Pauluse le Barnabase ba tla ea Jerusalema, ba e-na le ba bang ba bona, ho ea botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.” (Liketso 15:2) Ho ne ho se letho le bontšang hore tabeng e boima hakaalo, e mong le e mong o ne a e-na le tokelo ea ho khomarela khopolo ea hae. Bakreste bana ba ile ba e-ba le boikokobetso le botšepehi bo lekaneng taolong ea puso ea Molimo boo ba ileng ba batla qeto e rarollang litaba e tsoang sehlopheng se rutang setsing.—1 Ba-Korinthe 14:33, 40; Jakobo 3:17, 18; 1 Petrose 5:5, 6.
Ho Etsoa Qeto
Baapostola le baholo ba Jerusalema (bao ka ho totobetseng ba neng ba talingoa e le sehlopha se busang phuthehong ea pele ea Bokreste) ka hloko ba ile ba hlahloba Mangolo a bululetsoeng ka moea ’me ba hlahloba kamoo moea o halalelang o neng o ile oa tsamaisa lintho kateng lilemong tse 13 tse fetileng. Qeto ea bona ea e-ba efe? Bakeng sa basokolohi ba Balichaba, lebollo e ne e se ntho e hlokahalang bakeng sa ho bolokeha. (Liketso 15:6-29) Ena e ne e le taelo e hlakileng e neng e lokela ho nkela khopolo ea botho sebaka.
Liphutheho tse ileng tsa mamela tataiso ena li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.” (Liketso 16:4, 5) Leha ho le joalo, batho ba bang ha baa ka ba amohela qeto ea sehlopha se busang. Ba ne ba ntse ba kholisehile hore khopolo ea bona e nepahetse le hore ho boloka Molao oa Moshe ho ne ho hlokahala bakeng sa ho bolokeha. U ka be u ile ua etsa joang? Ba ile ba fetoha tšusumetso e kotsi, e arolang Bakreste. Talima keletso e fanoeng ke moapostola Pauluse ka mor’a lilemo tse latelang tse 15 ha a ne a leka ho sireletsa Bakreste ba tšepahalang tšusumetsong ea batho ba manganga joalo ba neng ba ea ka likhopolo tsa bona.
Galatia, Asia Minor, c. 50-52 C.E. Tokoloho e fumanoeng ke Bakreste ka sehlabelo sa Jesu Kreste e ne e behiloe kotsing. Ho tšaba ho hlorisoa ke lira tsa Bajode ho ile ha etsa hore Bakreste ba bang ba batle ho imetsa Bakreste ’moho ka litaelo tsa Molao oa Moshe. (Ba-Galata 6:12, 13) Moapostola Pauluse o ile a hopotsa barutuoa hore ho amohela mekhoa ea Bajode e kang lebollo e ne e tla ba ho itumella ‘ho bofshoa hape jokong ea bohlanka.’ Kaha e ne e le baetsalibe, ha ho lea mong oa bona ea neng a ka boloka Molao ka ho phethahetseng, kahoo Molao o ne o tla ba tsoa, joalokaha o ne o tsoile Bajode. Ke sehlabelo sa Jesu feela se neng se ka ba hloekisa le ho ba pholosa. Pauluse o itse: “Ha le ka bolla [’me ka ho etsa joalo la tlameha ho phetha Molao kaofela], Kreste a ke ke a le thusa letho.”—Ba-Galata 5:1-4; Liketso 15:8-11.
Korinthe, Greece, c. 55 C.E. Likhang tsa lebollo li ne li arola phutheho. Pauluse o ne a tseba hore lebollo ka bolona hase sebe. E ne e bile karolo ea molao o phethahetseng oa Molimo. (Pesaleme ea 19:7; Ba-Roma 7:12) Pauluse ka boeena o ne a bile a lokisetsa hore motsoalle oa hae e monyenyane Timothea (eo ’m’ae e neng e le Mojode) a bolotsoe. Pauluse o entse joalo eseng hobane hona e ne e le tlamo, empa hobane a ne a sa batle ho neha Bajode lebaka leha e le lefe la ho khopisoa ke litaba tse molemo. (Liketso 16:3) O ile a khothalletsa Bakreste hore ba qobe ho itšunya har’a likhang tse senyang. O itse: “Motho ha a bitsitsoe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitsoe a e-so ho ka a bolla, a se ke a bolla [ka ho nahana hore sena se ne se hlokahala bakeng sa ho bolokeha].” Ntho ea bohlokoa e ne e le ho utloa litaelo tse hlakileng tsa Molimo, ho akarelletsa tse neng li e-tla ka phutheho ea Bokreste.—1 Ba-Korinthe 7:18-20; Ba-Heberu 13:17.
Filippi, Greece, c. 60-61 C.E. Ba neng ba ikutloa hore Bakreste ba ne ba sa ntsane ba tlanngoe ke molao oa Bajode ba ile ba tsoela pele ho iphapanyetsa bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o ne a hlohonolofatsa phutheho ea Bokreste, eo ka nako eo e neng e akarelletsa balumeli ba bangata ba sa bollang. Ba neng ba buella lebollo ba ne ba bakela ba bang kotsi moeeng ka ho ba bolella likhopolo tsa bona tsa botho. Ka hona, puo ea moapostola Pauluse joale e matla haholoanyane: “Tšabang lintja [tseo Bajode ba neng ba li nka li sa hloeka litšebeletsong]; tšabang basebetsi ba babe; tšabang lebollo la bohata.”—Ba-Filippi 3:2.
Kreta, c. 61-64 C.E. Moapostola Pauluse o ne a siile Tite hore a tsamaise mosebetsi oa Bakreste Kreta. Ho thahasellisang, Tite eo e neng e se Mojode o ne a sa ka a qobelloa ho bolla. (Ba-Galata 2:3) Joale Pauluse o ile a laela Tite hore a sebetsane ka matla le lira tsa ’nete, e leng seo babuelli bana ba lebollo ba neng ba fetohile ho ba sona. Ba ne ba bile ba lokela ho lelekoa phuthehong haeba ba tsitlallela ho phatlalatsa likhopolo tsa bona tsa botho. O buile ka “banna ba sa laoleheng, ba buang mafeela, le ba thetsang likelello, haholo-holo banna ba khomaretseng lebollo,” ’me a tsoela pele: “Ho hlokahala hore ho thijoe melomo ea bana, kaha banna bona bana ba liha matlo kaofela ka ho ruta lintho tse sa tšoanelang.”—Tite 1:10, 11, NW; 3:10, 11; 1 Timothea 1:3, 7.
Ke liphello tse bohloko hakaakang! Banna bana ba ne ba ikhantša ka likhopolo tsa bona tsa botho hoo ba neng ba hana tsamaiso ea phutheho ea Bokreste, ba liha tumelo ea ba bang, ’me ba senya kamano ea bona e ntle le Molimo.—Bapisa le Numere 16:1-3, 12-14, 31-35.
U Tla Etsa Joang?
Na re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang kajeno? E, haeba re qala ka ho tiisa hore khopolo ea rōna ea botho ha e loantšane le thuto ea Bibele e hlakileng. Ka mohlala, tabeng ea bosodoma, Bibele e re: “Leha e le ba nang le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali . . . kapa baetsalibe ba basodoma . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10, New International Version) Leha ho le joalo, kaha ho rōna tataiso ea Mangolo e ka ’na ea bonahala e fana ka monyetla oa likhopolo tse fapaneng, ho hlokahala hore re bontše ho arabela ka boikokobetso ho bontšitsoeng ke Bakreste ba pele ’me re amohele liqeto le tataiso tse hlahang phuthehong ea Molimo. Qetellong, esita le lintlheng tseo ho tsona ho ke keng ha boleloa hore taba e nepahetse kapa e fosahetse ho latela Mangolo empa e tlohelloa qetong ea botho, re lokela ho hlompha ho ba le khotso le ba bang, ka hona nako le nako re inehele.
Na u utloisisa ho bontša moea oo? Haeba ho joalo, u bontša boikutlo bo botle ba ho leka-lekana, u hlokomela hore khotso le bonngoe ke tsa bohlokoa haholoanyane ho feta khopolo ea hao ea botho.