Ntate le Moholo—Ho Phethahatsa Likarolo Tsena ka Bobeli
“Haeba ka sebele monna leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?”—1 TIMOTHEA 3:5.
1, 2. (a) Lekholong la pele la lilemo, balebeli ba masoha le ba nyetseng ba se nang bana ba ne ba khona ho sebeletsa barab’abo bona joang? (b) Ke joang Akuila le Prisila e leng mohlala bakeng sa banyalani ba bangata kajeno?
BALEBELI phuthehong ea pele ea Bokreste e ne e ka ba banna ba masoha kapa ba lenyalong ba se nang bana, kapa ba nyetseng ba nang le bana. Ha ho pelaelo hore ba bang ba Bakreste bao ba ne ba khona ho sebelisa keletso eo moapostola Pauluse a faneng ka eona lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, khaolong ea 7, ’me ba lula e le masoha. Jesu o ne a itse: “Ho na le maqhalaha a ikentseng maqhalaha ka lebaka la ’muso oa maholimo.” (Matheu 19:12) Banna ba masoha ba joalo, ba kang Pauluse ’me mohlomong le bao a neng a tsamaea le bona, ba ne ba tla lokoloha ho tsamaea ba thusa barab’abo bona.
2 Bibele ha e bolele hore na Barnabase, Mareka, Silase, Luka, Timothea le Tite e ne e le masoha. Haeba ba ne ba nyetse, ho totobetse hore ba ne ba lokolohile ka ho lekaneng boikarabelong ba lelapa hore ba khone ho tsamaea haholo likabelong tse sa tšoaneng. (Liketso 13:2; 15:39-41; 2 Bakorinthe 8:16, 17; 2 Timothea 4:9-11; Tite 1:5) Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba tsamaea le basali ba bona, joaloka Petrose le “baapostola ba bang kaofela,” bao ho bonahalang hore ba ne ba tsamaea le basali ba bona ha ba etela libaka tse sa tšoaneng. (1 Bakorinthe 9:5) Akuila le Prisila ke mohlala oa banyalani ba neng ba ikemiselitse ho fallela sebakeng se seng, ba latela Pauluse ho tloha Korinthe ho ea Efese, ebe ba ea Roma, ’me ba khutlele Efese hape. Bibele ha e bolele hore na ba ne ba e-na le bana. Tšebeletso e bontšang cheseho eo ba neng ba e etsetsa barab’abo bona e ile ea etsa hore “liphutheho tsohle tsa lichaba” li ba ananele. (Baroma 16:3-5; Liketso 18:2, 18; 2 Timothea 4:19) Ha ho pelaelo hore kajeno ho na le banyalani ba bangata bao, joaloka Akuila le Prisila, ba ka sebeletsang liphutheho tse ling, mohlomong ka ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane.
Ntate le Moholo
3. Ke’ng se bontšang hore baholo ba bangata ba lekholong la pele la lilemo e ne e le banna ba malapa?
3 Ho ne ho ka bonahala eka lekholong la pele la lilemo C.E., bongata ba baholo ba Bakreste e ne e le banna ba nyetseng ba nang le bana. Ha Pauluse a ne a lokolisa litšoaneleho tse hlokahalang ho monna ea ‘hahamallang boemo ba molebeli,’ o bontšitse hore Mokreste ea joalo o lokela hore e be “monna ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle.”—1 Timothea 3:1, 4.
4. Ho ne ho hlokahala eng ho baholo ba nyetseng ba nang le bana?
4 Joalokaha re bone, molebeli o ne a sa tlameha ho ba le bana, leha e le hona ho nyala. Empa haeba a nyetse, hore a tšoanelehe e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, Mokreste o ne a lokela ho sebelisa bohlooho ka ho loketseng le ka lerato ho mosali oa hae le ho iponahatsa e le ea khonang ho etsa hore bana ba hae ba lule ba ikokobelitse ka ho loketseng. (1 Bakorinthe 11:3; 1 Timothea 3:12, 13) Bofokoli bofe kapa bofe bo tebileng tabeng ea ho laola ba ntlo ea hae bo ne bo tla etsa hore mor’abo rōna a se tšoanelehe bakeng sa litokelo tse khethehileng ka phuthehong. Hobane’ng? Pauluse oa hlalosa: “Haeba ka sebele monna leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?” (1 Timothea 3:5) Haeba ba lelapa la hae ba ne ba sa ikemisetsa ho ikokobelletsa bolebeli ba hae, ba bang ba ne ba tla itšoara joang?
“Ea Nang le Bana ba Lumelang”
5, 6. (a) Pauluse o ile a bolella Tite tlhokahalo efe mabapi le bana? (b) Ho lebeletsoe eng ho baholo ba nang le bana?
5 Ha Pauluse a ne a laela Tite ho khetha balebeli liphuthehong tsa Kreta, o ile a qaqisa: “Haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang ka sona, monna oa mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba neng ba sa qosoe ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe. Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang ka sona joaloka motsamaisi oa tsa Molimo.” Ha e le hantle ho boleloa’ng ka tlhokahalo ea ‘ho ba le bana ba lumelang’?—Tite 1:6, 7.
6 Polelo “bana ba lumelang” e bolela bana ba seng ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ba bile ba kolobelitsoe kapa bana ba banyenyane ba etsang tsoelo-pele e lebisang boinehelong le kolobetsong. Litho tsa phutheho li lebella hore bana ba baholo ka kakaretso e be ba itšoereng hantle le ba ikokobelitseng. Ho lokela ho totobala hore moholo o etsa sohle seo a ka se khonang ho haha tumelo ea bana ba hae. Morena Solomone o ile a ngola: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Empa ho thoe’ng haeba mocha ea fumaneng koetliso e joalo a hana ho sebeletsa Jehova kapa a bile a etsa phoso e tebileng?
7. (a) Ke hobane’ng ha ho totobetse hore Liproverbia 22:6 ha e bue ka molao o sa tenyetseheng? (b) Haeba ngoana oa moholo a sa khethe ho sebeletsa Jehova, ke hobane’ng ha ho sa itlele feela tjee hore moholo a lahleheloe ke litokelo tsa hae?
7 Ho totobetse hore maele a qotsitsoeng ka holimo ha a behe molao o thata-thata. Ha a hlakole molao-motheo oa bolokolohi ba ho ikhethela. (Deuteronoma 30:15, 16, 19) Ha mora kapa morali a fihla lilemong tsa boikarabelo, o tlameha ho etsa qeto ea botho mabapi le boinehelo le kolobetso. Haeba ho hlakile hore moholo o fane ka thuso ea moea e hlokahalang, tataiso le taeo, empa mocha a sa khethe ho sebeletsa Jehova, ha ho itlele feela tjee hore ntate a se ke a hlola a tšoaneleha ho sebeletsa e le molebeli. Ka lehlakoreng le leng, haeba moholo a e-na le bana ba bangata ba tlaase lilemong ba lulang lapeng bao, ka ho latellana ba kulang moeeng ’me ba kena khathatsong, a ka ’na a se ke a hlola a nkoa e le “monna ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle.” (1 Timothea 3:4) Taba ke hore, ho lokela ho totobala hore molebeli o etsa se molemohali ho ba le ‘bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe.’a
Ea Nyetseng “Mosali ea sa Lumelang”
8. Moholo o lokela ho itšoara joang mabapi le mosali oa hae ea sa lumelang?
8 Mabapi le banna ba Bakreste ba nyetseng basali ba sa lumelang, Pauluse o ile a ngola: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a a se ke a mo tlohela . . . Etsoe . . . mosali ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mor’abo rōna; ho seng joalo, bana ba lōna ka sebele e ne e tla ba ba sa hloekang, empa joale baa halalela. Etsoe, . . . monna, u tseba joang hore ha u na ho pholosa mosali oa hao?” (1 Bakorinthe 7:12-14, 16) Polelo “ea sa lumelang” mona ha e bolele mosali ea se nang litumelo tsa bolumeli empa e bolela mosali ea sa inehelang ho Jehova. Mohlomong e ne e ka ba Mojuda kapa ea lumelang ho melimo ea bohetene. Kajeno, ho ka etsahala hore ebe moholo o nyetse mosali oa bolumeli bo fapaneng, ea belaellang boteng ba Molimo kapa esita le ea latolang boteng ba Molimo. Haeba a ikemiselitse ho lula le eena, ha aa lokela ho mo tlohela feela ka lebaka la litumelo tse sa tšoaneng. O lokela hore a tsoele pele ho ‘lula le eena ho ea ka tsebo, a mo abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali,’ a lule a e-na le tšepo ea ho mo pholosa.—1 Petrose 3:7; Bakolose 3:19.
9. Linaheng tseo ho tsona molao o fang monna le mosali ka bobeli tokelo ea ho ruta bana ba bona litumelo tsa malumeli a bona a sa tšoaneng, moholo o lokela ho etsa’ng, ’me see se tla ama litokelo tsa hae joang?
9 Haeba molebeli a e-na le bana, o tla sebelisa bohlooho ba monna le ba ntate ka ho loketseng ha a ba hōlisa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Linaheng tse ngata molao o fa balekane ba lenyalo ka bobeli tokelo ea ho fa bana ba bona thuto ea bolumeli. Tabeng ena mosali a ka ’na a batla ho sebelisa tokelo ea hae ea ho ruta bana litumelo le mekhoa ea bolumeli ba hae, tse ka ’nang tsa akarelletsa ho ba isa kerekeng ea hae.b Ho hlakile hore bana ba lokela ho latela matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele mabapi le ho se kopanele meketeng ea bolumeli ba bohata. Joaloka hlooho ea lelapa, ntate o tla sebelisa tokelo ea hae ea ho ithuta le bana ba hae le ho ba isa libokeng Holong ea ’Muso ha ho khoneha. Ha ba fihla lilemong tseo ho tsona ba ka iketsetsang liqeto, ba tla iketsetsa qeto ea hore na ba tla tsamaea ka tsela efe. (Joshua 24:15) Haeba baholo ba habo le litho tsa phutheho ba ka bona hore o etsa sohle seo molao o mo lumellang ho se etsa ho ruta bana ba hae tsela ea ’nete ka ho loketseng, a ke ke a nkoa a sa tšoanelehe joaloka molebeli.
“Ea Okamelang ba Ntlo ea Hae ka Mokhoa o Motle”
10. Haeba monna oa lelapa e le moholo, boikarabelo ba hae bo ka sehloohong ke bofe?
10 Esita le tabeng ea moholo eo e leng ntate le eo mosali oa hae e leng Mokreste-’moho le eena, ha ho bonolo ho arola nako ea hae le tlhokomelo ka ho loketseng pakeng tsa mosali oa hae, bana ba hae le boikarabelo ba phutheho. Mangolo a hlakile haholo hore ntate oa Mokreste o na le boikarabelo ba ho hlokomela mosali oa hae le bana. Pauluse o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Lengolong lona leo, Pauluse o ile a bontša hore ke feela banna ba nyetseng ba seng ba iponahalitse hore ke banna le bo-ntate ba molemo ba ka buelloang bakeng sa ho sebeletsa e le balebeli.—1 Timothea 3:1-5.
11. (a) Moholo o lokela ho ‘lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae’ ka litsela life? (b) See se ka thusa moholo joang ho phetha boikarabelo ba hae ba phutheho?
11 Moholo o lokela ho ‘lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang’ bakeng sa bao e leng ba hae, e seng nameng feela empa hape le moeeng le maikutlong. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola: “Hleka mosebetsi oa hao kantle, u lokise le tšimo ea hao; hamorao u tla tseba ho haha ntlo ea hao.” (Liproverbia 24:27) Ka hona ha a ntse a lokisetsa litlhoko tsa nama, tsa maikutlo le tsa boikhathollo tsa mosali oa hae le bana, molebeli o lokela hore hape a ba hahe moeeng. Sena se nka nako—nako eo a sa tl’o khona ho e sebelisa litabeng tsa phutheho. Empa ke nako e ka mo putsang ka ho enneng tabeng ea thabo ea lelapa le bomoea ba lona. Qetellong, haeba lelapa la moholo le le matla moeeng, ho ka ’na ha hlokahala hore a sebelise nako e fokolang bakeng sa ho sebetsana le mathata a lelapa. Sena se tla mo fa monyetla o eketsehileng oa ho hlokomela litaba tsa phutheho. Mohlala oa hae e le monna ea molemo le ntate ea molemo o tla tlisetsa phutheho molemo oa moea.—1 Petrose 5:1-3.
12. Bo-ntate bao e leng baholo ba lokela ho beha mohlala o motle tabeng efe ea lelapa?
12 Ho okamela lelapa ka tsela e ntle ho akarelletsa ho etsa kemiso ea nako ea ho khanna thuto ea lelapa. Ke habohlokoa ka ho khethehileng hore baholo ba behe mohlala o motle tabeng ena, hobane malapa a matla a etsa liphutheho tse matla. Molebeli ha aa lokela ho etsa hore ka linako tsohle a tšoarehe litokelong tse ling tsa tšebeletso hoo a se nang nako ea ho ithuta le mosali oa hae le bana. Haeba sena se ’nile sa etsahala, o lokela hore a boele a hlahlobe kemiso ea hae. A ka ’na a tlameha ho fetola kemiso ea nako eo a e sebelisetsang lintho tse ling kapa a fokotsa nako eo, esita le ho hana litokelo tse itseng ka linako tse ling.
Bolebeli bo Leka-lekaneng
13, 14. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fane ka keletso efe ho baholo bao e leng banna ba malapa?
13 Keletso ea ho leka-lekanya boikarabelo ba lelapa le ba phutheho ha e ncha. Ka lilemo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ’nile la fa baholo keletso mabapi le taba ena. (Matheu 24:45) Lilemong tse ka holimo ho tse 37 tse fetileng, Molula-Qhooa oa May 15, 1960, leqepheng la 227, o ile oa eletsa: “Ruri, na ha e le hantle see hase taba ea ho leka-lekanya lintho tsee tsohle tseo ho hlokahalang hore re li etse ka nako ea rōna? Ha u leka-lekanya joalo, etsa hore khatiso e loketseng e behoe lithahasellong tsa lelapa la hao. Ka sebele Jehova Molimo o ne a ke ke a lebella hore monna a sebelise nako eohle ea hae mosebetsing oa phutheho, ho thuseng bara le barali babo le baahisani ho fumana pholoho, empa a sa hlokomele pholoho ea lelapa la hae. Mosali oa monna eo le bana ke boikarabelo bo ka sehloohong.”
14 Molula-Qhooa oa November 1, 1986, leqepheng la 22, o ile oa eletsa: “Ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le le lelapa ho tla le atametsa haufinyane, empa litlhoko tse khethehileng tsa bana li hloka hore le nehelane ka nako ea lōna ea botho le matla a boikutlo. Ka lebaka leo, ho hlokahala teka-tekano bakeng sa ho lekanyetsa hore na u ka sebelisa nako e kae . . . boikarabelong ba phutheho ha u ntse u hlokomela ‘bao e leng ba [hao]’ moeeng, boikutlong le nameng. [Mokreste] o tlameha hore a ‘ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea [hae].’ (1 Timothea 5:4, 8)”
15. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore moholo ea nang le mosali le bana a be bohlale ’me a be le temoho?
15 Maele a Mangolo a re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” (Liproverbia 24:3) E, hore molebeli a ka phetha boikarabelo ba hae ba puso ea Molimo ’me ka nako e tšoanang a haha lelapa la hae, ka sebele ho hlokahala hore a be bohlale ’me a be le temoho. Ho latela Mangolo, o na le likarolo tsa bolebeli tse fetang e le ’ngoe. Boikarabelo ba hae ba lelapa le ba phutheho boa ameha. O hloka temoho e le hore a ka boloka teka-tekano pakeng tsa bona. (Bafilippi 1:9, 10) O hloka bohlale ho lokisetsa lintho tse tlang pele. (Liproverbia 2:10, 11) Ho sa tsotellehe hore na o ikutloa a ikarabella hakae bakeng sa ho hlokomela litokelo tsa hae tsa phutheho, o lokela ho hlokomela hore joaloka monna le ntate, boikarabelo bo ka sehloohong boo a bo filoeng ke Molimo ke ho hlokomela lelapa la hae le ho pholoha ha lona.
Bo-ntate ba Molemo Ebile e le Baholo ba Molemo
16. Moholo o na le monyetla ofe haeba hape e le ntate?
16 Moholo ea nang le bana ba itšoereng hantle e ka ba letlotlo la sebele. Haeba a ithutile ho hlokomela lelapa la hae hantle, a ka khona ho thusa malapa a mang ka phuthehong. O utloisisa hamolemo mathata a ’ona ’me a ka fana ka keletso e bontšang phihlelo ea hae. Hoa thabisa hore ebe baholo ba likete lefatšeng lohle ba etsa mosebetsi o motle joaloka banna, bo-ntate le balebeli.
17. (a) Monna eo e leng ntate le moholo ha aa lokela ho lebala eng le ka mohla? (b) Litho tse ling tsa phutheho li lokela ho bontša ho nahanela joang?
17 Hore monna oa lelapa e be moholo, e tlameha ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong eo, ha a ntse a hlokomela mosali oa hae le bana, a ka hlophisang litaba tsa hae e le hore a ka khona ho nehela nako ea hae le tlhokomelo ho ba bang ka phuthehong. Le ka mohla ha aa lokela ho lebala hore mosebetsi oa hae oa bolisa o qala lapeng. Ka ho tseba hore baholo ba nang le basali le bana ba na le boikarabelo ba malapa a bona le ba mesebetsi ea phutheho, litho tsa phutheho li tla leka ho se batle hore ba sebelise nako ea bona ka ho sa hlokahaleng. Ka mohlala, moholo ea nang le bana ba lokelang ho ea sekolong hoseng ha letsatsi le latelang e ka ’na ea se be kamehla a khonang ho ema nako e telele ka mor’a liboka tsa mantsiboea. Litho tse ling tsa phutheho li lokela ho utloisisa sena ’me li bontše ho nahanela.—Bafilippi 4:5.
Baholo ba Rōna ba Lokela ho Rateha ho Rōna
18, 19. (a) Ho hlahloba ha rōna 1 Bakorinthe khaolo ea 7, ho entse hore re khone ho hlokomela eng? (b) Re lokela ho nka banna ba joalo ba Bakreste joang?
18 Tlhahlobo ea rōna ea khaolo ea 7 ea lengolo la pele la Pauluse le eang ho Bakorinthe e re nolofalelitse ho bona hore, ka ho latela keletso ea Pauluse, ho na le banna ba bangata ba masoha ba sebelisang tokoloho ea bona bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Hape ho na le barab’abo rōna ba likete ba nyetseng ba se nang bana, bao le hoja ba hlokomela basali ba bona ka ho loketseng, ba sebeletsang e le balebeli literekeng, lipotolohong, liphuthehong le makaleng a Watch Tower, ka tšehetso ea basali ba bona e babatsehang. Ntlha ea ho qetela ke hore liphuthehong tsa batho ba Jehova tse ka bang 80 000, ho na le bo-ntate ba bangata haholo ba sa hlokomeleng basali ba bona le bana ka lerato feela empa hape ba sebelisa nako ho sebeletsa barab’abo bona e le balisa ba lerato.—Liketso 20:28.
19 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Banna ba baholo ba okamelang ka tsela e ntle a ba nkoe ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli, haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” (1 Timothea 5:17) E, baholo ba okamelang ka tsela e ntle malapeng a bona le ka phuthehong ba tšoaneloa ke lerato le tlhompho ea rōna. Ka sebele re lokela ho ‘nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.’—Bafilippi 2:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1978, leqepheng la 23.
b Bona The Watchtower, December 1, 1960, leqepheng la 735-6.
Tlhahlobo
◻ Re tseba joang hore baholo ba bangata lekholong la pele la lilemo C.E. e ne e le banna ba malapa?
◻ Ho hlokahala eng ho baholo ba nyetseng ba nang le bana, hona hobane’ng?
◻ Ho boleloa’ng ka ho ba le “bana ba lumelang,” empa ho thoe’ng haeba ngoana oa moholo a sa khethe ho sebeletsa Jehova?
◻ Moholo o lokela ho ‘lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae’ lintlheng life?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Malapa a matla a etsa liphutheho tse matla