Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Teko ea Bonnete ba Lerato la Hao’
    Molula-Qhooa—1989 | December 1
    • Na Bakorinthe ba ne ba tla susumelletseha ka ho tšoanang hore ba ‘ateloe ke ho fana ho mosa’? Ha a etetse Korinthe ka lekhetlo la pele, Pauluse o ne a ile a tlameha ho iphelisa ka ho ba moetsi oa litente. (Liketso 18:1-3) O ile a tsoela pele ka mokhoa ona oa boipheliso esita le ha phutheho e ntse e hōla, a qoba ho sebelisa “tokelo” ea hae e le ’moleli oa evangeli oa nako eohle hore a fumane tšehetso ea chelete.—1 Ba-Korinthe 9:3-12.

      Mohlalosi oa Bibele Thomas Scott o re: “Mohlomong, o ne a bone lintho tse ling boikutlong ba Bakreste ba Korinthe, tseo pele li ileng tsa mo susumelletsa ho hana ho amohela tšehetso efe kapa efe e tsoang ho bona.” Mohlomong ba susumelitsoe ke lerato la boikhabi la lintho tse bonahalang le neng le ba potolohile, Bakorinthe ba neng ba ruile ha ba bapisoa le ba bang ba ne ba mpa ba se na tšekamelo ea ho fana. E ka ’na eaba hape Pauluse o ne a tšaba hore Bakorinthe ba ikhopoletseng khoebo feela ba ne ba tla belaella sepheo sa hae haeba a amohela tšehetso ea chelete. E ka ’na eaba ho ne ho bile ho e-na le bao, joaloka ba bang Thessalonika, ba neng ba le botsoa ’me ba batla lebaka la ho phelisoa ke Bakreste ba habo bona.—2 Ba-Thessalonika 3:7-12.

      Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba khetha ho iphelisa, “re tle re se ke ra beela Evangeli ea Kreste thibelo leha e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 9:12) Leha ho le joalo, ka mor’a nako Pauluse o ile a kena mathateng a lichelete, ’me molaetsa oa taba eo oa fihla ho baena ba futsanehileng ba phelang Filippi. Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Ke hanyapelitse likereke tse ling ka ho amohela moputso, hore ke tle ke le sebeletse. Nakong eo ke neng ke e-na le lōna, ha kea ka ka khōka motho ha ke ne ke hloka; hobane bana babo rōna ba tsoang Masedonia [mohlomong Filippi] ba ’nile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke li hloka. Joaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.”—2 Ba-Korinthe 11:8, 9, TLP; bapisa Ba-Filippi 4:15, 16.

  • ‘Teko ea Bonnete ba Lerato la Hao’
    Molula-Qhooa—1989 | December 1
    • Empa ha ho hlokahale hore re emele tlokotsi ho paka lerato la rōna la boena. Haeba Mokreste e mong a e-na le bothata ba lichelete, re ka nahanela litlhoko tsa hae, ra etsa ho fetang feela ho re, ‘U futhumale, u khore!’ (Jakobo 2:15, 16) ’Me ho thoe’ng ka ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba ‘phelang ka Evangeli’? Joaloka Pauluse, batho ba joalo ha ba batle kapa hona ho lebella thuso ea chelete e tsoang ho bao ba ba sebeletsang. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ’nile ba susumelletseha ho bontša ho fana ho ba sebetsang ka thata ho ‘ba jalla tsa moea.’—1 Ba-Korinthe 9:11, 14.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela