-
Tsoelang Pele le Tsamaea Tseleng ea JehovaMolula-Qhooa—1999 | May 15
-
-
6, 7. Le hoja Baiseraele e ne e le barapeli ba Jehova Molimo, ba ile ba kheloha maemong afe, hona hobane’ng?
6 Joalokaha Pauluse a bontšitse, sena se ile sa etsahala Iseraeleng ea boholo-holo. O ngotse: “Lintho tsena e bile mehlala ea rōna, hore re se ke ra ba batho ba lakatsang lintho tse kotsi, esita le joalokaha ba ile ba li lakatsa. Hape le se ke la ba barapeli ba litšoantšo, joalokaha ba bang ba bona e ile ea e-ba barapeli ba litšoantšo; feela joalokaha ho ngoliloe: ‘batho ba ile ba lula fatše ho ja le ho noa, ’me ba ema hore ba be le nako e monate.’ Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.”—1 Bakorinthe 10:6-8.
7 Pauluse o qala ka ho bua ka ketsahalo ea ha Baiseraele ba rapela namane ea khauta mosikong oa Thaba ea Sinai. (Exoda 32:5, 6) Hona e ne e le ho se mamele ho tobileng litaelo tsa Molimo tseo ba neng ba ile ba lumela hore ba tla li mamela libekeng tse seng kae pele ho moo. (Exoda 20:4-6; 24:3) Joale, Pauluse o bua ka nako eo Baiseraele ba ileng ba khumamela Baale le barali ba Moabe. (Numere 25:1-9) Borapeli ba namane bo ne bo khetholloa ka ho ikhotsofatsa ho feteletseng, ‘ho ba le nako e monate.’a Borapeli ba Baale bo ne bo tsamaea le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo etsoang pepenene. (Tšenolo 2:14) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba etsa libe tsee? Hobane ba ile ba lumella lipelo tsa bona hore li ‘lakatse lintho tse kotsi’—ebang ke borapeli ba litšoantšo kapa mekhoa e tsamaeang le bona ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.
8. Re ka ithuta eng ka liphihlelo tsa Baiseraele?
8 Pauluse o ile a bontša hore re lokela ho ithuta ka liketsahalo tsena. Ho ithuta eng? E ka ba mohlolo hore Mokreste a khumamele namane ea khauta kapa molimo oa boholo-holo oa Bamoabe. Empa ho thoe’ng ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali kapa ho ikhotsofatsa ho se nang meeli? Lintho tsena li tloaelehile kajeno, ’me haeba re lumella takatso ea tsona hore e hōle ka lipelong tsa rōna, li tla kena lipakeng tsa rōna le Jehova. Liphello e tla ba tse tšoanang le tsa haeba re ne re rapetse litšoantšo—karohano le Molimo. (Bapisa le Bakolose 3:5; Bafilippi 3:19.) Ka sebele, Pauluse o phetha taba ea hae ea liketsahalo tseo ka ho hlokomelisa balumeli-’moho le eena: “Le balehele borapeli ba litšoantšo.”—1 Bakorinthe 10:14.
-
-
Tsoelang Pele le Tsamaea Tseleng ea JehovaMolula-Qhooa—1999 | May 15
-
-
a Ha a bua ka lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘ho ba le nako e monate,’ mohlalosi e mong o re ho buuoa ka litantši tse neng li etsahala meketeng ea bohetene ’me oa phaella: “Bongata ba litantši tsena, joalokaha ho tsejoa, ka ho toba li ne li reretsoe ho tsosa takatso e matla ka ho fetisisa ea boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.”
-