-
“Balehelang Bohlola”“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
3. Leqheka la Balame le ile la atleha hakae?
3 Na leqheka lee le ile la sebetsa? Ka tsela e itseng, le ile la atleha. Banna ba Baiseraele ba mashome a likete ba ile ba inehella molekong oa ho ‘kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.’ Ba ile ba qala ho rapela melimo ea Moabe, ho akarelletsa le Baale oa Peore, molimo ea manyala oa kemolo, kapa oa ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, Baiseraele ba 24 000 ba ile ba timella hona moo moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Eo e ile ea e-ba koluoa e khōlō hakaakang!—Numere 25:1-9.
-
-
“Balehelang Bohlola”“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
4. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba likete ba ile ba oela lerabeng la boitšoaro bo bobe?
4 Tlokotsi ee e ile ea bakoa ke’ng? Batho ba bangata ba ile ba e-ba le lipelo tse khopo ka ho suthela hōle le Jehova, eena Molimo ea neng a ba lopolotse Egepeta, a ba fepile lefeelleng le ea ileng a ba etella pele ba sireletsehile ho ea naheng ea tšepiso. (Baheberu 3:12) Ha moapostola Pauluse a nahana ka taba ena, o ile a ngola a re: “Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.”a—1 Bakorinthe 10:8.
-
-
“Balehelang Bohlola”“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
a Kamoo ho bonahalang kateng, palo e boletsoeng ho Numere e ne e akarelletsa “ba ka sehloohong sechabeng” ba ileng ba bolaoa ke baahloli, bao palo ea bona e neng e ka ba banna ba 1 000, le ba neng ba bolailoe ke Jehova ka ho toba.—Numere 25:4, 5.
-