Ho Phelela Boinehelo ba Bokreste ka Bolokolohi
“Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 BAKORINTHE 3:17.
1. Lipaki tsa Jehova li inehetse ho mang, ’me ke hobane’ng ha li sebelisa mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao?
LIPAKI TSA JEHOVA li lumela hore bolumeli ba tsona bo tla ba teng ka ho sa feleng. Ka hona, li lebeletse ho sebeletsa Molimo “ka moea le ’nete” ka ho sa feleng. (Johanne 4:23, 24) Kaha ba na le bolokolohi ba ho ikhethela, Bakreste bana ba inehetse ka ho feletseng ho Jehova Molimo ’me ba ikemiselitse ho phelela seo. Hore ba finyelle seo, ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo le ka moea oa hae o halalelang. Ha li phehella ka pelo eohle tsela ea tsona ea boinehelo ba Bokreste ka bolokolohi boo Molimo a li fileng bona, Lipaki li bontša tlhompho e loketseng bakeng sa tšebetso ea “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” mebusong, ’me li sebelisa lithuso le litokisetso tsa molao hantle. (Baroma 13:1; Jakobo 1:25) Ka mohlala, Lipaki li sebelisa Mokhatlo oa Watch Tower e le kofuto e ngolisitsoeng ka molao—e ’ngoe ea tse ngata linaheng tse sa tšoaneng—ho li thusa ho finyella mosebetsi oa tsona oa ho thusa batho ba bang, haholo-holo ka tsela ea moea. Empa Lipaki li inehetse ho Molimo, eseng ho mokhatlo leha e le ofe o ngolisitsoeng ka molao, ’me boinehelo ba tsona ho Jehova bo tla hlola ka ho sa feleng.
2. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ananela haholo Mokhatlo oa Watch Tower le mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao e tšoanang le oona?
2 E le bahlanka ba inehetseng ho Molimo, Lipaki tsa Jehova li tlamehile ho latela litaelo tsa Jesu tsa ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa, li ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, li ba ruta.’ (Matheu 28:19, 20) Mosebetsi ona o tla tsoela pele ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho, kaha Jesu o ile a boela a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:3, 14) Selemo le selemo, lifektheri tsa khatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower le mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao e tšoanang le oona li fepela Lipaki tsa Jehova ka Libibele, libuka, libukana le limakasine tse limilione bakeng sa ho li sebelisa mosebetsing oa tsona oa ho bolela lefatšeng lohle. Ka hona, mekhatlo ena e ngolisitsoeng ka molao e bohlokoa haholo ho thuseng bahlanka ba inehetseng ba Molimo hore ba phelele boinehelo ba bona.
3. Lipaki tsa Jehova li ne li sebelisa lentsoe “Mokhatlo” ka kutloisiso efe pele?
3 E mong a ka ’na a pheha khang ea hore tsela eo Lipaki li buang ka Mokhatlo oa Watch Tower ka eona—kapa khafetsa e le feela “Mokhatlo”—e bontša hore li o nka o feta kofuto feela e ngolisitsoeng ka molao. Na ha li o nke e le oona o nang le matla a ho qetela litabeng tsa borapeli? Buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo e hlakisa ntlha ena ha e hlalosa: “Ha Molula-Qhooa [oa Senyesemane oa June 1, 1938] o bua ka ‘Mokhatlo,’ sena ha se bolele kofuto ea molao feela tjee, empa se bolela sehlopha sa Bakreste ba inehetseng ba bōpang kofuto eo ea molao le ho e sebelisa.”a Ka hona, lebitso lena le emetse “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ke ka kutloisiso ena ka kakaretso Lipaki li neng li sebelisa lentsoe “Mokhatlo.” Ha e le hantle, mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao le “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke lipolelo tse peli tse sa tšoaneng. Batsamaisi ba Mokhatlo oa Watch Tower baa khethoa, athe Lipaki tse etsang “lekhoba le tšepahalang,” li tlotsitsoe ke moea oa Jehova o halalelang.
4. (a) Lipaki tse ngata li itlhalosa joang e le hore li ka qoba ho se utloisisoe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho leka-lekana tabeng ea mantsoe a khethehileng?
4 E le ho qoba ho se utloisisoe, Lipaki tsa Jehova li leka ho ba hlokolosi ka hore na li itlhalosa joang. Ho e-na le ho re, “Mokhatlo o ruta hore,” Lipaki tse ngata li khetha ho sebelisa lipolelo tse kang “Bibele e re” kapa, “ke lumela hore Bibele e ruta hore.” Ka tsela ena, li totobatsa khetho ea botho eo Paki ka ’ngoe e iketselitseng eona ka ho amohela lithuto tsa Bibele ’me li boetse li qoba ho fana ka maikutlo a fosahetseng a hore ekare Lipaki li qobelloa ho phetha litaelo tse itseng tsa sehlotšoana sa bolumeli. Ha e le hantle, ha ho mohla ho hlokahalang hore litlhahiso tse mabapi le mantsoe a khethehileng li tsose khang. Etsoe, mantsoe a khethehileng a molemo feela haeba a thibela ho se utloisise. Ho hlokahala teka-tekano ea Bokreste. Bibele e re hlokomelisa hore re se ke ra “loana ka mantsoe.” (2 Timothea 2:14, 15) Mangolo a boetse a hlahisa molao-motheo ona: “Ntle leha lōna ka leleme le bua puo e utloisisoang habonolo, ho tla tsejoa joang se ntseng se buuoa?”—1 Bakorinthe 14:9.
Moea oa Molimo o Fokotsa Tlhokahalo ea Melao
5. Bakorinthe ba Pele 10:23 e lokela ho utloisisoa joang?
5 Moapostola Pauluse o ile a re: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo.” O ile a phaella: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang.” (1 Bakorinthe 10:23) Ho hlakile hore Pauluse o ne a sa bolele hore molao o lumella ho etsa lintho tseo Lentsoe la Molimo le li nyatsang ka ho khetheha. Ha ho bapisoa le melao e 600 e neng e filoe Iseraele ea boholo-holo, ho na le litaelo tse seng kae ha ho bapisoa tse totobetseng tse tsamaisang bophelo ba Mokreste. Kahoo, lintho tse ngata li siuoa letsoalong la motho ka mong. Motho ea inehetseng ho Jehova o thabela tokoloho e fumanoang ka ho tataisoa ke moea oa Molimo. A fetotse ’nete hore e be ea hae, Mokreste o mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ’me o itšetleha ka tataiso ea Molimo ka moea o halalelang. Sena se thusa Mokreste ea inehetseng hore a lekanyetse hore na ke hofe ho tla ‘haha’ le ho tla ba “molemo” ho eena le ho ba bang. O hlokomela hore liqeto tseo a li etsang li tla ama kamano ea hae le Molimo, eo a inehetseng ho eena.
6. Ke joang re ka bontšang hore re fetotse ’nete hore e be ea rōna ha re le libokeng tsa Bokreste?
6 Paki e bontša hore e fetotse ’nete hore e be ea eona ka ho fana ka litlhaloso libokeng tsa Bokreste. Qalong, e ka ’na ea pheta se ngotsoeng ka har’a sengoliloeng se ithutoang. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e tla hatela pele ho fihlela moo e hlalosang lithuto tsa Bibele ka mantsoe a eona. Ka hona, e tla be e fana ka bopaki ba hore e atolosa matla a eona a ho nahana, eseng hore e phete feela seo ba bang ba se buileng. Ho beha mehopolo ka mantsoe a eona le ho bua mantsoe a nepahetseng a ’nete ho tloha pelong ho tla e thabisa ’me ho bontše hore e kholisehile kelellong.—Moeklesia 12:10; bapisa le Baroma 14:5b.
7. Bahlanka ba Jehova ba entse liqeto life ka bolokolohi?
7 Lipaki tsa Jehova li susumetsoa ke ho rata Molimo le batho ba bang. (Matheu 22:36-40) E le mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho, li tlamahantsoe hammoho ke lerato le kang la Kreste. (Bakolose 3:14; 1 Petrose 5:9) Empa, joaloka batho ba nang le boikhethelo, e mong le e mong o iketselitse qeto ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho lula a sa jele paate litabeng tsa lipolotiki, ho ila mali, ho qoba mefuta e itseng ea boithabiso le ho phela ka litekanyetso tsa Bibele. Tsena hase liqeto tseo ba qobeletsoeng hore ba li etse. Ke liqeto tseo e ntseng e le karolo ea mokhoa oa bophelo oo ka bolokolohi batho bao e neng e tla ba Lipaki ba ikhethetseng oona, pele ba ka nka bohato ba boinehelo ba Bokreste.
Na li Ikarabella ho Sehlopha se Busang?
8. Ke potso efe e lokelang ho hlakisoa?
8 Bibele e hlakisa hore Bakreste ba ’nete ha ba sebeletse Molimo ka ho qobelloa. E re: “Jehova ke Moea; ’me moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) Empa ntlha ee e ka amahanngoa joang le khopolo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene” ka Sehlopha sa lona se Busang?—Matheu 24:45-47.
9, 10. (a) Molao-motheo oa bohlooho o sebetsa joang phuthehong ea Bokreste? (b) Ho ile ha hlokahala eng e le hore molao-motheo oa bohlooho o lateloe phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo?
9 Ho araba potso ena, re lokela ho hopola molao-motheo oa Mangolo oa bohlooho. (1 Bakorinthe 11:3) Ho Baefese 5:21-24, Kreste o tsebahatsoa e le “hlooho ea phutheho,” eena eo e ‘ipehileng ka tlas’a hae.’ Lipaki tsa Jehova li utloisisa hore lekhoba le tšepahalang le le masene le entsoe ka barab’abo Jesu ba moea. (Baheberu 2:10-13) Sehlopha sena sa lekhoba le tšepahalang se behiloe hore se fe batho ba Molimo ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ Mehleng ena ea qetello, Kreste o behile lekhoba lena “holim’a tsohle tseo e leng tsa hae.” Ka hona, boemo ba lona bo tšoaneloa ke tlhompho ea mang kapa mang ea ipitsang Mokreste.
10 Morero oa bohlooho ke ho boloka bonngoe le ho etsa bonnete ba hore ‘lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’ (1 Bakorinthe 14:40) E le hore sena se ka finyelloa lekholong la pele la lilemo, ho ile ha khethoa Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’maloa sehlopheng sa lekhoba le tšepahalang le le masene, bakeng sa ho emela sehlopha seo kaofela. Joalokaha liketsahalo tse tlileng ka mor’a moo li pakile, ketello-pele e ileng ea etsoa ke sehlopha sena se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e amoheleha ho Jehova ’me o ile a e hlohonolofatsa. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba amohela tokisetso ena ka thabo. E, ha e le hantle ba ile ba amohela le ho thabela litholoana tse ntle tseo e neng e li hlahisa.—Liketso 15:1-32.
11. Sehlopha se Busang sa kajeno se lokela ho talingoa joang?
11 Bohlokoa ba tokisetso e joalo bo sa ntse bo le teng. Hona joale, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba leshome, bao kaofela ha bona e bileng Bakreste ka lilemo tse mashome. Se fa Lipaki tsa Jehova tataiso ea moea, joalokaha sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ile sa etsa. (Liketso 16:4) Joaloka Bakreste ba pele, ka thabo Lipaki li lebella hore barab’abo tsona ba hōlileng tsebong ba Sehlopha se Busang ba li tsamaise le ho li tataisa ka Bibele tabeng ea borapeli. Le hoja litho tsa Sehlopha se Busang e le makhoba a Jehova le a Kreste joaloka Bakreste-’moho le tsona, Bibele ea re laela: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse lisoule tsa lōna joaloka ba tla fana ka tlaleho; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheberu 13:17.
12. Mokreste ka mong o lokela ho fana ka tlaleho ho mang?
12 Na boemo ba bolebeli boo Mangolo a bo abelang Sehlopha se Busang bo bolela hore Paki ea Jehova ka ’ngoe e lokela ho se fa tlaleho ea mesebetsi ea eona? Eseng ho latela mantsoe a Pauluse ao a a ngoletseng Bakreste ba Roma: “Ke hobane’ng ha u ahlola mor’eno? Kapa ke hobane’ng ha u boetse u shebela mor’eno tlaase? Etsoe bohle re tla ema ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo . . . E mong le e mong oa rōna o tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.”—Baroma 14:10-12.
13. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li tlaleha mosebetsi oa tsona oa boboleli?
13 Leha ho le joalo, na hase ’nete hore Paki ka ’ngoe e lokela ho fana ka tlaleho ea mosebetsi oa eona oa ho bolela? E, empa morero oa sena o hlalositsoe ka ho hlaka bukeng ea Lipaki ea tsamaiso e reng: “Balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ne ba thahasella ho utloa litlaleho tsa tsoelo-pele ea mosebetsi oa boboleli. (Mareka 6:30) Ha mosebetsi o ntse o atleha, litlaleho tsa lipalo tsa bokelloa hammoho le liphihlelo tse monate tsa ba neng ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo. . . . (Liketso 2:5-11, 41, 47; 6:7; 1:15; 4:4) . . . E bile khothatso e kaakang ho basebetsi bao ba tšepahalang ba Bakreste ho utloa litlaleho tsa mosebetsi o phethiloeng! . . . Ka mokhoa o tšoanang, phutheho ea kajeno ea Jehova e leka ho boloka litlaleho tse nepahetseng tsa mosebetsi o etsoang phethahatsong ea Matheu 24:14.”
14, 15. (a) Bakorinthe ba Bobeli 1:24 e sebetsa joang ho Sehlopha se Busang? (b) Ke tlas’a motheo ofe Mokreste ka mong a lokelang ho etsa liqeto tsa botho, ’me a ela hloko ’nete efe?
14 Sehlopha se Busang ke tokisetso e lerato le mohlala o motle oa tumelo o lokelang ho etsisoa. (Bafilippi 3:17; Baheberu 13:7) Ka ho khomarela le ho latela Kreste e le eena mohlala, se ka pheta mantsoe a Pauluse: “Eseng hore re benghali holim’a tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.” (2 Bakorinthe 1:24) Ka ho hlokomela mekhoa e atileng, Sehlopha se Busang se hlokomelisa ka melemo ea ho mamela keletso ea Bibele, se fana ka litlhahiso mabapi le ho sebelisa melao ea Bibele le melao-motheo ea eona, se lemosa ka likotsi tse poteletseng, ’me se fa “basebetsi-’moho” khothatso e hlokahalang. Kahoo, se phethahatsa botsamaisi ba sona ba Bokreste, se ba thusa hore ba lule ba thabile ’me se ba haha tumelong e le hore ba ka ema ba tiile.—1 Bakorinthe 4:1, 2; Tite 1:7-9.
15 Haeba Paki e etsa qeto e ipapisitse le keletso ea Bibele e fanoeng ke Sehlopha se Busang, e etsa joalo ka boikhethelo ba eona hobane thuto ea eona ea Bibele e e kholisitse hore eo ke tsela e nepahetseng. Paki ka ’ngoe e susumetsoa ke Lentsoe la Molimo hore e sebelise keletso e utloahalang ea Mangolo e fanoang ke Sehlopha se Busang, e ela hloko ka ho feletseng hore liqeto tseo e li etsang li tla ama kamano ea eona ea botho le Molimo, eo e inehetseng ho eena.—1 Bathesalonika 2:13.
Liithuti le Masole
16. Le hoja liqeto tse etsoang malebana le boitšoaro e le taba ea botho, ke hobane’ng ha ba bang ba khaoloa?
16 Empa, haeba liqeto tse etsoang malebana le boitšoaro ke taba ea botho, ke hobane’ng ha Lipaki tse ling tsa Jehova li khaoloa? Ha ho ea etsang qeto e hatellang ea hore ho etsa sebe se itseng ho hloka hore motho a khaoloe. Ho e-na le hoo, ho ea ka Mangolo khato ena e hlokahala feela haeba ka ho se bake, setho sa phutheho se etsa libe tse tebileng, tse kang tse thathamisitsoeng khaolong ea bohlano ea Bakorinthe ba Pele. Kahoo, le hoja Mokreste a ka ’na a khaoloa bakeng sa ho etsa bofebe, sena se etsahala feela haeba motho eo a hana ho amohela thuso ea moea ea balisa ba lerato. Hase Lipaki tsa Jehova feela tse latelang mokhoa ona oa Bokreste. The Encyclopedia of Religion ea hlokomela: “Sechaba sefe kapa sefe se bolela hore se na le tokelo ea ho itšireletsa ho litho tsa sona tse sa mameleng tse ka ’nang tsa sokela boiketlo ba sona ka kakaretso. Bolumeling, tokelo ena hangata e ’nile ea matlafatsoa ke tumelo ea hore kotlo [ea ho khaoloa] e ama boemo ba motho ka pel’a Molimo.”
17, 18. Ho tšoaneleha ha ho khaola ho ka ’na ha tšoantšoa joang?
17 Lipaki tsa Jehova ke liithuti tsa Bibele. (Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:2; Liketso 17:11) Lenaneo la thuto ea Bibele leo Sehlopha se Busang se fanang ka lona le ka ’na la bapisoa le lenaneo la thuto ea sekolo le fanoang ke lekhotla la thuto. Le hoja lekhotla ka bolona e se mohloli oa boitsebiso bo rutoang, ke lona le hlophisang lenaneo la thuto, le rerang mokhoa oo le tla rutoa ka oona le ho fana ka tataiso e hlokahalang. Haeba mang kapa mang a hana pepenene ho phela tumellanong le litlhokahalo tsa sekolo, a bakela liithuti-’moho le eena mathata kapa a tlotlolla sekolo, a ka lelekoa. Batsamaisi ba sekolo ba na le matla a ho nka khato molemong oa liithuti ka kakaretso.
18 Ntle le ho ba liithuti, Lipaki tsa Jehova ke masole a Jesu Kreste, a laetsoeng ho “loana ntoa e ntle ea tumelo.” (1 Timothea 6:12; 2 Timothea 2:3) Ha ho pelaelo hore boitšoaro bo phehellang, bo sa tšoaneleng lesole la Mokreste, bo ka ’na ba etsa hore le se amohelehe ho Molimo. Joaloka motho ea fuoeng bolokolohi ba ho ikhethela, lesole la Mokreste le ka etsa qeto ho latela thato ea lona, empa le lokela ho jara liphello tsa qeto eo ea lona. Pauluse o re: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang mesebetsing ea khoebo ea bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole. Ho feta moo, haeba leha e le mang a kopanela tlhōlisanong esita le lipapaling, ha a roesoe moqhaka ntle leha a kopanetse tlhōlisanong ho ea ka melao.” (2 Timothea 2:4, 5) Bakreste ba hōlileng tsebong, ho kopanyelletsa le Sehlopha se Busang, ba lula ba fumaneha ka hohle bakeng sa ho sebelisoa ke Moeta-pele oa bona Jesu Kreste, ba boloka “melao” e le hore ba ka hapa moputso oa bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3; Tšenolo 2:10.
19. Ha re hlahlobile linnete tse mabapi le boinehelo ba Bokreste, re ka kholiseha ka eng?
19 Na linnete ha li hlakise hore Lipaki tsa Jehova ke bahlanka ba Molimo, eseng makhoba a batho? E le Bakreste ba inehetseng ba thabelang bolokolohi boo Kreste a ba lokolotseng bakeng sa bona, li lumella moea oa Molimo le Lentsoe la hae hore li laole bophelo ba tsona ha li sebeletsa phuthehong ea Molimo hammoho le barab’abo tsona. (Pesaleme ea 133:1) Bopaki ba sena bo boetse bo lokela ho hlakola ho se kholisehe leha e le hofe mabapi le mohloli oa matla a tsona. Li ka bina hammoho le mopesaleme: “Jehova ke matla a ka le thebe ea ka. Pelo ea ka e itšepetse eena, ’me o nthusitse. Pelo ea ka e thabile ke hona, ’me ke tla mo roka ka lifela tsa ka.”—Pesaleme ea 28:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ka 1993 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Mokhatlo oa Watch Tower le mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao e tšoanang le oona e thusa Lipaki tsa Jehova joang?
◻ Bakreste ba rua molemo joang karolong e phethoang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba tlaleha tšebeletso ea bona ea boboleli?
◻ Ke tlas’a maemo afe ho khaola Mokreste ea inehetseng ho loketseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ile sa boloka thuto e le e lumellanang
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li thabela tokoloho eo Kreste a li lokolotseng bakeng sa eona