Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?

      Lefatšeng lohle, batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka joala. Batho ba bang ba thabela ho noa joala ka linako tse ling ha ba e-na le metsoalle ea bona. Ba bang ba khetha hore ba se ke ba noa ho hang, ha ba bang bona ba noa hore ba be ba tahoe. Empa Bibele e re’ng ka joala?

      1. Na ke phoso ho noa joala?

      Bibele ha e re ke phoso ho noa joala. Ho e-na le hoo, ha e bua ka limpho tse ngata tseo Molimo a re fileng tsona, e akarelletsa le “veine e thabisang pelo ea motho.” (Pesaleme ea 104:​14, 15) Bibele e bua ka banna le basali ba bang ba tšepahalang ba neng ba noa joala.​—1 Timothea 5:23.

      2. Bibele e fana ka keletso efe ho batho ba khethang ho noa?

      Jehova o hloile ho noa haholo le botahoa. (Bagalata 5:​21) Lentsoe la hae le re: “U se ke oa ba har’a ba noang veine haholo.” (Liproverbia 23:​20) Kahoo haeba re batla ho noa, ebang re bang kapa re na le batho ba bang, ha rea lokela ho noa hoo re sa khoneng ho nahana hantle, ho laola lintho tseo re li buang le tseo re li etsang kapa ho noa hoo joala bo ka re kulisang. Haeba re sa khone ho laola tsela eo re noang ka eona, re lokela ho ikemisetsa ho khaotsa ho noa ka ho feletseng.

      3. Re ka bontša joang hore re hlompha liqeto tseo batho ba bang ba li etsang ka joala?

      Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla noa joala kapa che. Ha rea lokela ho ahlola motho ea khethang ho noa joala ka tsela e itekanetseng, hape ha rea lokela ho qobella motho ea sa batleng ho noa hore a noe. (Baroma 14:​10) Re etsa qeto ea hore re se ke ra noa haeba ho noa ho ka bakela batho ba bang mathata. (Bala Baroma 14:​21.) Ha re batle “se molemo ho [rona], empa se molemo ho motho e mong.”​—Bala 1 Bakorinthe 10:​23, 24.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute hore na Bibele e ka u thusa joang ho etsa qeto ea hore na u lokela ho noa joala le hore na u lokela ho noa hakae. Hape ithute hore na u ka etsa’ng haeba u e-na le bothata ba ho noa haholo.

      4. Etsa qeto ea hore na u tla noa kapa che

      Maikutlo a Jesu e ne e le afe ka ho noa joala? E le hore u fumane karabo, bala ka mohlolo oa pele oo a ileng a o etsa. Bala Johanne 2:​1-​11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Mohlolo oo Jesu a o entseng o re ruta eng ka tsela eo a ikutloang ka eona ka joala le ka batho ba bo noang?

      • Ha e le moo Jesu a sa re ke phoso ho noa joala, Mokreste o lokela ho ikutloa joang ha motho e mong a etsa qeto ea ho noa?

      Leha ho le joalo, taba ea hore Mokreste o lokolohile hore a ka noa joala ha e bolele hore a ka noa neng kapa neng ha a batla. Bala Liproverbia 22:3 ’me u hlokomele hore na maemong a latelang e ka ba bohlale hore u noe kapa che:

      • Haeba u tl’o khanna kapa u tl’o sebetsa ka mochine o ka bang kotsi.

      • Ha u imme.

      • Ha ngaka e itse u se ke oa noa joala.

      • Ha u e-na le bothata ba ho noa haholo.

      • Ha molao o sa u lumelle ho noa joala.

      • Ha u e-na le motho ea entseng qeto ea hore a se ke a noa hobane a kile a ba le bothata ba ho noa haholo.

      Na joala bo lokela ho ba teng lechatong la hao kapa meketjaneng eo u e etsang? E le hore u bone hore na u ka thusoa ke’ng ho etsa qeto, bapala VIDEO.

      VIDEO: Na ho Lokela ho ba le Joala Lechatong la Ka? (2:41)

      Bala Baroma 13:​13 le 1 Bakorinthe 10:​31, 32. Ka mor’a ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:

      • Ke joang ho etsa seo u ithutang sona lengolong lee ho ka u thusang hore u etse qeto e tla thabisa Jehova?

      Ntate oa Paki o hana ho tšelloa veine moo ho rekisoang lijo. Bo-’mè ba babeli ba lutseng le eena bona ba ntse ba noa veine.

      Mokreste e mong le e mong o iketsetsa qeto ea hore na o tla noa joala kapa che. Le haeba ka linako tse ling a noa joala, a ka ’na a khetha hore ka linako tse ling a se ke a bo noa

      5. Etsa qeto ea hore na u tla noa hakae

      Haeba u etsa qeto ea ho noa joala, hopola hore le hoja Jehova a sa re ke phoso ho bo noa, o re ho fosahetse ho noa haholo. Ke hobane’ng ha a cho joalo? Bala Hosea 4:​11, 18 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ho ka etsahala’ng haeba motho a noa haholo?

      Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra noa haholo? Re lokela hore re ikokobetse e le hore re tsebe lintho tseo re ka khonang ho li etsa le tseo re ke keng ra khona ho li etsa. Bala Liproverbia 11:2 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re lekanyetse hore na re tla noa joala bo bokae?

      6. U ka khona ho khaotsa ho noa haholo

      Ithute hore na ke’ng e ileng ea thusa ntate e mong hore a khaotse ho noa haholo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: ‘Ke Ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona’ (6:32)

      Litšoantšo: Litšoantšo tse hlahang videong ea ‘Ke ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona.’ 1. Dmitry o shebile botlolo ea joala. 2. Dmitry, mosali oa hae le morali oa bona ba ithuta Bibele hammoho.
      • Videong ee, ha Dmitry a ne a noele joala o ne a itšoara joang?

      • Na o ile a khona ho tlohela ho noa hang-hang?

      • Ke’ng e ileng ea mo thusa hore qetellong a khaotse ho noa joala haholo?

      Bala 1 Bakorinthe 6:​10, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Botahoa ke sebe se seholo hakae?

      • Ke’ng e bontšang hore motho ea noang haholo a ka khona ho fetoha?

      Bala Matheu 5:​30 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ha Jesu a ne a re motho a khaole letsoho la hae, o ne a bolela hore re lokela ho tela lintho tse itseng e le hore re khahlise Jehova. U ka etsa’ng haeba u thatafalloa ke ho tlohela ho noa joala haholo?a

      Bala 1 Bakorinthe 15:​33 ebe le buisana ka potso ena:

      • Metsoalle ea hao e ka ama tsela eo u noang ka eona joang?

      MOTHO A KA ’NA A RE: “Na ke phoso ho noa joala?”

      • U ka mo araba joang?

      KAKARETSO

      Joala ke mpho e tsoang ho Jehova, empa o hloile ho noa haholo le botahoa.

      Re Ithutile’ng?

      • Bibele e re’ng ka joala?

      • Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho noa haholo?

      • Re ka bontša joang hore re hlompha liqeto tseo ba bang ba li etsang tabeng ea ho noa joala?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Bacha ba ka etsa liqeto tse nepahetseng joang tabeng ea ho noa joala?

      Pele U Noa, Nahana ka Litla-morao (2:​31)

      Bona hore na u ka etsa’ng e le hore u hlole bothata ba ho noa haholo.

      “Joala U ka bo Laola Joang?” (Molula-Qhooa, January 1, 2010)

      Na Bakreste ba lokela ho otlanya likhalase tsa veine?

      “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” (Molula-Qhooa, February 15, 2007)

      Paleng ea bophelo e nang le sehlooho se reng “Ke ne ke le Tanka e Lesoba,” bona hore na ke’ng e ileng ea thusa ntate e mong hore a khaotse ho noa haholo.

      “Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, May 1, 2012)

      a Batho ba lemalletseng ho noa joala ba ka ’na ba hloka thuso ea litsebi hore ba bo tlohele. Lingaka tse ngata li khothalletsa hore batho ba kileng ba e-ba le bothata ba ho noa haholo, ba tlohele joala ka ho feletseng.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Khaolo ea 52. Ausi o khetha liaparo tseo a tla li reka.

      KHAOLO EA 52

      Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?

      Kaofela re rata ho ikhethela hore na re tla apara’ng le hore na re tla itokisa joang. Haeba re mamela lithuto tsa Bibele, re ntse re ka khona ho ikhethela hore na re tla apara’ng re be re thabise Jehova. A re boneng hore na Bibele e re’ng ka taba ena.

      1. Ke lintlha life tse tsoang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re khetha hore na re tla apara joang?

      Re lokela ho apara ka tsela e “hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” ’me re lule re hloekile re bontše hore re “fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Timothea 2:​9, 10) Nahana ka lintlha tsena tse ’nè: (1) Moaparo oa rona e lokela ho ba o “hlophehileng hantle.” Joalokaha u bone libokeng tsa rona, batho ba Jehova ba na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho itokisa. Empa moaparo oa rona le tsela eo re lokisang moriri ka eona, e bontša hore re hlompha Molimo eo re mo rapelang. (2) Ho apara “ka boitlhompho,” ho bolela hore tsela eo re shebahalang ka eona ha e etse hore batho ba bang ba be le maikutlo a fosahetseng ebile ha e etse hore ba shebe rona feela. (3) Re bontša “ho hlaphoheloa kelellong” ka hore re se ke ra latela feshene e ’ngoe le e ’ngoe e kenang. (4) Kamehla tsela eo re shebahalang ka eona e lokela ho bontša hore re fa “Molimo tlhompho ea borapeli,” e le hore batho ba bang ba ka bona hore re rapela Molimo oa ’nete.​—1 Bakorinthe 10:31.

      2. Tsela eo re shebahalang ka eona e ka ama balumeli-’moho le rona joang?

      Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho khetha hore na re batla ho apara’ng, re lokela ho nahana hore na tsela eo re aparang ka eona e tla ama batho ba bang joang. Re leka kahohle hore ho se ke ha e-ba le motho eo re mo khopisang empa re “khahlise moahelani oa [rona] ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.”​—Bala Baroma 15:​1, 2.

      3. Ke joang tsela eo re shebahalang ka eona e ka etsang hore batho ba batle ho ithuta ka Jehova?

      Kamehla re leka ho apara ka tsela e loketseng maemo a fapaneng, empa ha re ea libokeng le ha re il’o buisana le batho ka Bibele, re ela hloko le ho feta hore na re shebahala joang. Ha re batle hore batho ba sitoe ho mamela molaetsa oa rona ka lebaka la tsela eo re apereng ka eona. Empa re batla hore moaparo oa rona o etse hore batho ba batle ho ithuta ka Molimo le hore o ‘khabise thuto ea Mopholosi oa rona.’​—Tite 2:10.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute hore na ke joang re ka etsang bonnete ba hore tsela eo re aparang ka eona e loketse Bakreste.

      Banna ba babeli ba eme ka pel’a moahloli. Monna e mong o apere sutu ha e mong eena a apere liaparo tse tabohileng tse bontšang ho se tsotelle ebile o roetse kepisi.

      Tsela eo re shebahalang ka eona e ka bontša hore na re hlompha ba boholong kapa che. Ke ’nete hore Jehova o bona se ka lipelong tsa rona, empa tsela eo re shebahalang ka eona le eona e lokela ho bontša hore rea mo hlompha

      4. Ha re shebahala hantle re bontša hore re hlompha Jehova

      Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re ele hloko tsela eo re shebahalang ka eona ke lefe? Bala Pesaleme ea 47:2 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ho hopola hore moaparo oa rona o ama tsela eo batho ba bang ba nkang Jehova ka eona ho lokela ho etsa hore re apare joang?

      • Na u nahana hore re lokela ho ela hloko tsela eo re aparang ka eona ha re ea libokeng le ha re ea mosebetsing oa ho ruta batho Bibele? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      5. Ke’ng e ka re thusang hore re apare re be re itokise hantle?

      Bapala VIDEO.

      VIDEO: “Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo” (10:18)

      Ebang liaparo tsa rona lia tura kapa ke tsa theko e tlaase, li lokela ho lula li hloekile ebile li loketse liketsahalo tseo re leng ho tsona. Bala 1 Bakorinthe 10:​24 le 1 Timothea 2:​9, 10. Ka mor’a moo buisanang ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho apara . . .

      • ka tsela e bohlasoa kapa e bontšang ho se tsotelle.

      • liaparo tse penyang, tse sa koaheleng ’mele hantle kapa tse etsang hore batho ba bang ba be le menahano e fosahetseng.

      Le hoja Bakreste ba se tlas’a molao oo Molimo a neng a o file Moshe, molao oo o ba ruta hore na Jehova o ikutloa joang. Bala Deuteronoma 22:5 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba moaparo o etsang hore banna ba shebahale joaloka basali kapa basali ba shebahale joaloka banna?

      Bala 1 Bakorinthe 10:​32, 33 le 1 Johanne 2:​15, 16 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko hore tsela eo re aparang ka eona e se ke ea khopisa batho ba sebakeng seo re lulang ho sona kapa batho ba bang ka phuthehong?

      • Ke mekhoa efe ea ho apara le ho itokisa e tloaelehileng sebakeng seo u lulang ho sona?

      • Na u nahana hore mekhoa e meng ha ea lokela Bakreste? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      Re ntse re ka khona ho apara ka litsela tse ngata tse fapaneng empa e le tse thabisang Jehova

      Banna le basali ba lilemo tse sa tšoaneng, merabe le linaha tse fapaneng ba lokisitse meriri ka litsela tse fapaneng ebile ba apere le liaparo tse sa tšoaneng tse loketseng Bakreste.

      BATHO BA BANG BA RE: “Ke na le tokelo ea ho apara ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang.”

      • Na u lumellana le bona? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      KAKARETSO

      Ha re etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ea moaparo re bontša hore re hlompha Jehova le batho ba bang.

      Re Ithutile’ng?

      • Ke hobane’ng ha tsela eo re shebahalang ka eona e le ea bohlokoa ho Jehova?

      • Ke lintlha life tse hlahang ka Bibeleng tse ka re thusang hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea hore na re shebahala joang?

      • Tsela eo re shebahalang ka eona e ka etsa hore batho ba nahane joang ka bolumeli ba ’nete?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Bona hore na batho ba bang ba ka nahana’ng ka uena ha ba bona moaparo oa hao.

      “Ke Shebahala Joang?” (Sehlooho se websaeteng)

      Ithute hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho nahana ka litla-morao pele u ka etsa tattoo.

      “Bibele e Re’ng ka Li-tattoo?” (Sehlooho se websaeteng)

      Ithute lintlha tse ling tse tsoang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re etsa liqeto.

      “Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?” (Molula-Qhooa, September 2016)

      Ke’ng e ileng ea thusa ’mè e mong hore a ithute ho amohela tsela eo batho ba bang ba aparang ka eona?

      “Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona” (Tsoha!, December 22, 2003)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela