-
Lebaka Leo ka Lona Sejo sa Morena sa Mantsiboea se Bolelang ho Hong ho UenaMolula-Qhooa—1993 | March 15
-
-
Moapostola Pauluse o fane ka kutloisiso tabeng ea ho keteka lefu la Kreste ka mantsoe ana: “Ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu, ka bosiu boo a ekiloeng ka bona, o na a nke bohobe; ’me hobane a lebohe, a bo ngoatha, a re: Nkang, le je; hona ke [“ho bolela,” NW] ’mele oa ka o robeloang lōna; le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona. Ka mokhoa o joalo, a nka senoelo, hobane ho lalloe, a re: Senoelo sena ke [“se bolela,” NW] selekane se secha maling a ka; etsang hoo, ka mehla eohle ha le e-noa, le tle le nkhopole ka hona. Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.”—1 Ba-Korinthe 11:23-26.
-
-
Lebaka Leo ka Lona Sejo sa Morena sa Mantsiboea se Bolelang ho Hong ho UenaMolula-Qhooa—1993 | March 15
-
-
Se Ketekoe Hangata Hakae?
Ke’ng se boleloang ke mantsoe a Pauluse: “Ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle”? Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla noa le ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso “ka mehla” ho fihlela ba shoa, hamorao ba tsosetsoa bophelong ba leholimo. Kahoo ka mehla ba ne ba tla bolela tumelo ea bona tokisetsong ea Jehova ea sehlabelo sa Jesu pel’a Molimo le lefatše. Ka nako e kae? Pauluse o itse “a tle a be a fihle,” ho totobetse hore o ne a bolela hore ho ketekoa hona ho ne ho tla tsoela pele ho fihlela ha Jesu a fihla bakeng sa ho amohela balateli ba hae ba tlotsitsoeng leholimong ka tsoho nakong ea “ho ba teng ha hae.” (1 Ba-Thessalonika 4:14-17, NW) Sena se tumellanong le mantsoe a Kreste ho baapostola ba tšepahalang ba 11: “Etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.”—Johanne 14:3.
Na lefu la Kreste le lokela ho ketekoa letsatsi le leng le le leng kapa mohlomong beke e ’ngoe le e ’ngoe? Ha e le hantle, Jesu o ile a theha Sejo sa Morena sa Mantsiboea ’me a bolaoa ka Paseka, e neng e le mokete oa sehopotso sa ho lokolloa ha Baiseraele botlamuoeng Egepeta. Ha e le hantle, o bitsoa “paseka ea rōna, e leng Kreste” hobane ke Konyana e entsoeng sehlabelo bakeng sa Bakreste. (1 Ba-Korinthe 5:7) Paseka e ne e ketekoa hanngoe feela ka selemo, ka Nisane 14. (Exoda 12:6, 14; Levitike 23:5) Sena se bolela hore sehopotso sa lefu la Jesu se lokela ho ketekoa ka mehla ka makhetlo a lekanang hantle le a Paseka—hanngoe ka selemo, eseng letsatsi le leng le le leng kapa beke e ’ngoe le e ’ngoe.
Ka lilemo tse makholo a mangata ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba keteka sehopotso sa lefu la Jesu hanngoe ka selemo. Hobane ba ne ba etsa sena ka Nisane 14, ba ne ba bitsoa ma-Quartodeciman, e leng se bolelang “baboloki ba letsatsi la leshome le metso e mene.” Mabapi le bona, rahistori J. L. von Mosheim o ile a ngola: “Bakreste ba Asia Minor ba ne ba tloaetse ho keteka mokete ona o halalelang, ka morero oa ho hopola ho thehoa ha sejo sa Morena sa mantsiboea, le lefu la Jesu Kreste, ka nako e tšoanang le eo ka eona Bajode ba neng ba ja konyana ea bona ea Paseka, e leng mantsiboeeng a letsatsi la bo14 la khoeli ea pele [Nisane]. . . . Ba ile ba hlokomela mohlala oa Kreste oo ba neng ba ikutloa ba tlameha ho o latela joaloka molao.”
-