Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
    Molula-Qhooa—1990 | November 15
    • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”

      “Leha ho le joalo, joale ho setse tsena tse tharo, tumelo, tšepo, lerato; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.”—1 BA-KORINTHE 13:13, “NW.”

      1. Setsebi se seng sa anthropology se ile sa re’ng ka lerato?

      SE SENG sa litsebi tse hlahelletseng ka ho fetisisa tsa anthropology lefatšeng se kile sa re: “Ka lekhetlo la pele historing ea libōpuoa tsa mofuta oa rōna re qala ho utloisisa hore tlhokahalo ea lerato ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa litlhokahalong tsohle tsa batho tsa maikutlo. E eme setsing sa litlhokahalo tsohle tsa batho feela joalokaha letsatsi le eme bohareng ba litsela tseo lipolanete li tsamaeang ho tsona ’me lipolanete li ntse li le pota-pota. . . . Ngoana ea neng a sa ratoe o fapane haholo le ngoana ea neng a ratoa ka tsela eo lik’hemik’hale li sebetsang ka eona ’meleng oa hae, ka tsela e tloaelehileng eo ’mele o sebetsang ka eona, le maikutlong. Ngoana ea neng a sa ratoe o hōla a fapane le ngoana ea neng a ratoa. Hona joale seo re se tsebang ke hore motho o tsoaletsoe ho phela joalokaha eka ho phela le ho ratoa ke ntho e le ’ngoe. Ka ho hlakileng, sena ha se secha. Sena se tiisa Thuto ea Thabeng.”

      2. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontša bohlokoa ba lerato joang? (b) Ke lipotso life tseo joale li lokelang ho hlahlobjoa?

      2 E, joalokaha monna enoa ea rutehileng oa lefatše a ile a lumela, ’nete ena e mabapi le bohlokoa ba lerato boiketlong ba motho hase ntho e ncha. E ka ’na eaba ke hona barutehi ba lefatše ba qalang ho e utloisisa hona joale, empa e ile ea hlaha ka hare ho Lentsoe la Molimo nakong e ka holimo ho lilemo tse makholo a 19 tse fetileng. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a neng a ka ngola: “Leha ho le joalo, joale ho setse tsena tse tharo, tumelo, tšepo, lerato; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.” (1 Ba-Korinthe 13:13, NW) Na ua tseba hore ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tumelo le tšepo? Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lerato ke tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa litšoanelehong tsa Molimo le litholoaneng tsa moea oa oona?

  • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
    Molula-Qhooa—1990 | November 15
    • 7. A·gaʹpe e na le sebōpeho sefe, ’me lerato lee le ile la bontšoa joang?

      7 Pauluse o ile a sebelisa lentsoe lefe la Segerike ho 1 Ba-Korinthe 13:13 (NW), moo a boletseng tumelo, tšepo, le lerato ’me a re “e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato”? Mona lentsoe le sebelisitsoeng ke a·gaʹpe, le tšoanang le leo moapostola Johanne a ileng a le sebelisa ha a re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, 16, BPN) Lena ke lerato le tataisoang kapa le laoloang ke melao-motheo. Le ka ’na la akarelletsa lerato le mofuthu le lerato le khethehileng kapa la se ke la le akarelletsa, empa ke boikutlo bo hlokang boithati kapa bo nang le kameho ea ho etsetsa ba bang se molemo ho sa tsotellehe litšoaneleho tsa motho eo le bontšoang ho eena kapa melemo leha e le efe e ka tlang ho motho ea le bontšang. Lerato la mofuta ona le ile la susumelletsa Molimo hore o fane ka letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa pelong ea oona, Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Joalokaha Pauluse a re hopotsa hantle: “Ho thata hore motho a shoele ea lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shoela ea molemo, empa Molimo o bontšitse lerato la hae ho rōna, ka hore Kreste a re shoele ha re ne re sa le baetsalibe.” (Ba-Roma 5:7, 8, BPN) E, a·gaʹpe e etsetsa ba bang se molemo ho sa tsotellehe boemo ba bona bophelong kapa tšenyehelo e ka tlang ho ea bontšang lerato leo.

      Ke Hobane’ng ha le le Leholo ho Tumelo le Tšepo?

      8. Ke hobane’ng ha a·gaʹpe e le khōlō ho tumelo?

      8 Empa ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re lerato la mofuta oo (a·gaʹpe) le leholo ho tumelo? Ho 1 Ba-Korinthe 13:2 (BPN) o ile a ngola: “Leha nka ba le nèo ea boporofeta, ’me ka tseba liphiri tsohle tsa Molimo, ka ba ka li utloisisa, esita leha nka ba le tumelo eohle e hlokahalang ho suthisa lithaba, empa ha ke se na lerato, ha ke letho.” (Bapisa le Mattheu 17:20.) E, haeba boiteko ba rōna ba ho fumana tsebo le ho hōla tumelong bo ne bo ka etsoa ka morero oa boithati, sena se ne se ke ke sa re tlisetsa molemo o tsoang ho Molimo. Ka ho tšoanang, Jesu o ile a bontša hore ba bang ba ne ba tla ‘profeta ka lebitso la hae, ba leleke bademona ka lebitso la hae, ’me ba etse mehlolo e mengata ka lebitso la hae’ empa o ne a ke ke a ba amohela.—Mattheu 7:22, 23.

      9. Ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tšepo?

      9 Ke hobane’ng ha lerato la mofuta oa a·gaʹpe le boetse le le leholo ho tšepo? Ke hobane tšepo e ka ’na ea etsa hore motho a ichebe boeena, a amehe haholo-holo ka melemo e tlang ho eena, athe lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 5, NW) Ho feta moo, tšepo—joaloka tšepo ea ho pholoha ‘mahlomoleng a maholo’ ho kena lefatšeng le lecha—ea fela ha se neng se tšepiloe se phethahala. (Mattheu 24:21) Joalokaha Pauluse a bolela: “Re pholositsoe ka ho lebella ka tšepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tšepa, hobane motho a ka lebella joang seo a seng a e-na le sona? Empa ha re tšepile ho fumana seo re e-song ho be le sona, re se lebella ka mamello.” (Ba-Roma 8:24, 25, BPN) Lerato ka bolona le mamella lintho tsohle, ’me le ka mohla ha le hlōlehe. (1 Ba-Korinthe 13:7, 8, NW) Ka hona, lerato le hlokang boithati (a·gaʹpe) le leholo ho tumelo kapa tšepo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela