Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?
    Molula-Qhooa—2013 | March 1
    • Pauluse ha aa ka a lumela hore seo Bakreste bao ba neng ba se lumela ke ’nete. O ne a tseba hore Jesu o ile a tsosoa bafung ’me o ile a bolella Bakorinthe bopaki ka bokhutšoaane, a re: “Hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.”b Eaba Pauluse o phaella ka ho re: “Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung. Ka mor’a moo a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na.”—1 Bakorinthe 15:3-8.

  • Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?
    Molula-Qhooa—2013 | March 1
    • b Ho re “ba leshome le metso e ’meli” ke tsela e ’ngoe ea ho re “baapostola,” le hoja ka mor’a lefu la Judase Iskariota ba ne ba le 11 feela. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a hlaha ho ba leshome feela, kaha Thomase o ne a le sieo, kahoo ba ne ba emela ba 12.—Johanne 20:24.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela