-
Lilemo Tse Lekholo ’Muso oa Molimo o Busa!Molula-Qhooa—2015 | November 15
-
-
2. Ke batho ba bakae ba neng ba le teng ha ho fanoa ka taelo e ho Matheu 28:19, 20, hona ke hobane’ng ha re cho joalo?
2 Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a kopana le batho ba fetang 500 ba neng ba thahasella ho ba barutuoa ba hae. (1 Bakorinthe 15:6) Mohlomong ke hona mona moo Jesu a ileng a ntša taelo ea hore litaba tse molemo li boleloe ho “batho ba lichaba tsohle.” Mosebetsi oo o ne o sa tl’o ba bobebe.a (Sheba naletsana.) O ile a ba bolella hore mosebetsi oa boboleli o ne o tla tsoela pele ka nako e telele, ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Kajeno ha u bolela litaba tse molemo, u kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta boo.—Matheu 28:19, 20.
-
-
Lilemo Tse Lekholo ’Muso oa Molimo o Busa!Molula-Qhooa—2015 | November 15
-
-
a Ho ka etsahala hore boholo ba batho bao e ile ea e-ba Bakreste. Ke hobane’ng ha re ka bua joalo? Hobane moapostola Pauluse o ile a re ke ‘barab’abo rōna ba makholo a mahlano.’ A phaella ka ho re: ‘Boholo ba bona ba ntse ba setse ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung.’ Kahoo, ho bonahala eka Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba tseba boholo ba batho ba neng ba le teng ha Jesu a fana ka taelo ea hore ho boleloe litaba tse molemo.
-