-
Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February
-
-
HO BA LE KAMANO E NTLE LE MOLIMO HO BOLELA’NG?
3. Bibele e re motho ea nang le kamano e ntle le Molimo le ea se nang eona ba fapane joang?
3 Moapostola Pauluse o re thusa ho utloisisa hore na ho ba le kamano e ntle le Molimo ho bolela’ng ha a bua ka phapang pakeng tsa “motho oa moea,” e leng motho ea nang ea le kamano e ntle le Molimo le “motho oa nama,” e leng motho ea se nang kamano e ntle le Molimo. (Bala 1 Bakorinthe 2:14-16.) Phapang ke efe? Bibele e re motho ea se nang kamano e ntle le Molimo ha a amohele “lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba.” Ka lehlakoreng le leng, motho ea nang le kamano e ntle le Molimo ke ea ‘hlahlobang lintho tsohle’ a bile a e-na le “kelello ea Kreste.” Pauluse o re khothalletsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Joale batho ba nang le kamano e ntle le Molimo le ba se nang eona ba fapane ka litsela life tse ling?
-
-
Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February
-
-
6. Makhabane a motho ea nang le kamano e ntle le Molimo ke afe?
6 Motho ea nang le kamano e ntle le Molimo o fapana le ea se nang eona ka hore eena o rata Molimo. O lumella Jehova hore a mo tataise ka moea oa hae o halalelang ’me o sebetsa ka thata ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Kahoo o leka ka hohle ho ithuta hore na Jehova o rata eng ’me a shebe lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. O nka Jehova e le motsoalle oa hae. Motho ea nang le setsoalle le Molimo o mamela melao ea Hae linthong tsohle. (Pes. 119:33; 143:10) Ho e-na le hore a etse “mesebetsi ea nama,” o leka ho ba le “litholoana tsa moea.”—Bagal. 5:22, 23.
7. Bibele e re’ng ka batho ba nang le kamano e ntle le Molimo?
7 Bibele e re batho ba nang le kamano e ntle le Molimo ba thabile. Matheu 5:3 e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” Baroma 8:6 e re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Ka mantsoe a mang, bophelo ba rona bo itšetlehile ka hore re nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea hae, re be le khotso ’me re be le tšepo ea bophelo bo sa feleng.
-