Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
    • 12. Ho ea ka 1 Petrose 3:​18, 22, tsela eo Jesu a tsositsoeng ka eona e fapana joang le ea ba tsositsoeng pele ho eena?

      12 Pauluse o ne a tseba hore “Kreste o tsositsoe bafung.” Tsela eo Jesu a tsositsoeng ka eona e phahametse hole ea batho ba tsositsoeng pele ho eena hobane bona ba ile ba shoa hape. Pauluse o ile a re Jesu ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Ke ka tsela efe Jesu e leng eena oa pele? E ne e le eena oa pele oa hore a tsosoe e le motho oa moea a be a ee leholimong.​—1 Bakor. 15:​20; Lik. 26:​23; bala 1 Petrose 3:​18, 22.

  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
    • 16. Pauluse o ne a bolela’ng ha a re Jesu ke “litholoana tsa pele”?

      16 Pauluse o ile a re Kreste ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Hopola hore ba bang ho akarelletsa le Lazaro ba ile ba tsosoa empa Jesu e ne e le eena oa pele oa ho tsosoa e le motho oa moea le ho fumana bophelo bo sa feleng. A ka tšoantšoa le litholoana tsa pele tse kotutsoeng tseo Baiseraele ba neng ba li nyehela ho Jehova. Hape ha Pauluse a re Jesu ke “litholoana tsa pele,” o ne a bolela hore ho na le ba bang ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong. Baapostola le ba bang ba “bonngoeng le Kreste” ba ne ba tla qetella ba tsoselitsoe ho ea leholimong joaloka Jesu.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela