Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsoho ea Jesu e Bolela Bophelo bo sa Feleng!
    Molula-Qhooa—2013 | March 1
    • TSOHO ea Jesu hase feela ketsahalo e etsahetseng khale e sa boleleng letho ho rōna kajeno. Moapostola Pauluse o ile a bolela bohlokoa ba eona ha a ne a re: “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung. Etsoe kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.”—1 Bakorinthe 15:20-22.

  • Tsoho ea Jesu e Bolela Bophelo bo sa Feleng!
    Molula-Qhooa—2013 | March 1
    • Mantsoe a latelang a Pauluse a hlalosa seo tsoho ea Jesu e se finyeletseng. Pauluse o ile a re: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho.” Ka lebaka la sebe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho Adama, kaofela rea shoa. Leha ho le joalo, ka hore Jesu a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo, o ile a bulela batho monyetla oa hore ba lokolloe bokhobeng ba sebe le lefu ka tsoho ea hae. Ha a beha taba ka bokhutšoaane, Pauluse o ile a ngola ho Baroma 6:23, a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela