Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke na le Tšepo ho Molimo”
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December
    • 15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore ebe Jesu ke “litholoana tsa pele”?

      15 Tsoho ea Jesu e ne fapane le ea mang kapa mang ea kileng a tsosoa ’me e bohlokoa ho feta tsohle. (Lik. 26:23) Leha ho le joalo, ha se eena feela ea tsoselitsoeng ho ea phela leholimong. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore ba tla busa le eena leholimong. (Luka 22:28-30) Empa ba ne ba tla lokela ho shoa pele ba ka phela moo. Ka mor’a moo, ba tla tsosetsoa leholimong ba se ba e-na le ’mele ea moea joaloka Jesu. Pauluse o ile a re “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Ka lebaka leo, o ile a re ho tla ba le ba bang ba tla tsosetsoa leholimong, a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.”—1 Bakor. 15:20, 23.

      16. Batho ba tla tsosetsoa leholimong ba tla tsosoa neng?

      16 Ho latela mantsoe a Pauluse, re ba le leseli la hore na batho ba tla tsosetsoa leholimong ba tla tsosoa neng. E tla ba “nakong ea ho ba teng ha hae.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore ho latela Bibele, nako ea ho ba teng ha Jesu e qalile ka 1914 le hore bofelo bo haufi.

      17, 18. Ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba bang nakong ea ho ba teng ha Kreste?

      17 Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa leholimong e re: “Ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang lefung . . . Haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape, kahoo, hape, ba robetseng lefung, . . . o tla ba tlisa hammoho le eena . . . Rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; hobane Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, . . . ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona, re tla nkeloa marung ho ea kopana le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena kamehla.”—1 Bathes. 4:13-17.

      18 Motho oa pele o ne a tla tsosoa nakoana ka mor’a “ho ba teng” ha Kreste. Batlotsuoa ba tla be ba ntse ba phela nakong ea matšoenyeho a maholo ba tla “nkeloa marung.” (Mat. 24:31) Ba tla “nkeloa marung” ba ke ke ba ‘robala lefung,’ e leng hore ba ke ke ba robala nako e telele lefung. Ba “tla fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.”—1 Bakor. 15:51, 52.

  • “Ke na le Tšepo ho Molimo”
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December
    • 20. Re kholisoa ke’ng hore batho ba tla tsosetsoa lefatšeng ba tla tsoha ka tatellano?

      20 Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa leholimong e re “e mong le e mong o tla tsoha ka nako ea hae.” (1 Bakor. 15:23; BPN) Re kholisehile hore ba tla tsosetsoa lefatšeng le bona ba tla tsosoa ka tatellano e tšoanang. Empa na batho ba tla shoa hona joale, ba tla tsosoa ho elella qalong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ’me ba amoheloe ke baratuoa ba bona? Na batho ba mehleng ea khale ba neng ba tseba ho etella batho pele ba tla tsoha pele e le hore ba hlophise batho lefatšeng le lecha? Batho ba neng ba sa sebeletse Jehova bona? Ba tla tsosoa neng hona ba tsosetsoa hokae? Re ka ipotsa lipotso tse ngata. Empa na hona joale ke nako ea ho nahana ka tsona? Na ha ho molemo hore re letele Jehova? Re kholisehile hore re tla thabela ho bona kamoo a tla sebetsa litaba kateng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela