-
“Bafu ba Tla Tsosoa Joang?”Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
-
-
3. Ho ea ka 1 Bakorinthe 15:30-32, tumelo eo Pauluse a neng a e-na le eona ea hore bafu ba tla tsosoa e ile ea mo thusa joang?
3 Tumelo eo Pauluse a neng a e-na le eona ka tsoho, e ile ea mo thusa ho mamella mathata a mangata. (Bala 1 Bakorinthe 15:30-32.) O ile a re ho Bakorinthe: “Letsatsi le leng le le leng ke talimana le lefu.” O ile a boela a re: “Ke loanne le libata Efese.” Mohlomong o ne a bolela hore o loanne le libata tsa sebele ka lebaleng la lipapali le Efese. (2 Bakor. 1:8; 4:10; 11:23) Kapa e ka ’na eaba o ne a bua ka Bajuda le batho ba bang ba neng ba mo hanyetsa ba tšoanang le “libata.” (Lik. 19:26-34; 1 Bakor. 16:9) Ho sa tsotellehe hore na o ne a bua ka eng, Pauluse o ile a hlaheloa ke maemo a boima. Empa o ile a lula a e-na le tumelo ea hore o tla thaba ka moso.—2 Bakor. 4:16-18.
-
-
“Bafu ba Tla Tsosoa Joang?”Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
-
-
5. Ke mokhoa ofe o kotsi o ka thefulang tumelo eo re nang le eona ea hore bafu ba tla tsosoa?
5 Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena hore ba qobe mokhoa o mong o kotsi oo batho ba bang ba neng ba e-na le oona oa ho re: “Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, ‘a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’ ” Le pele ho mehla ea Pauluse batho ba bang ba ne ba e-na le tloaelo eo. E ka ’na eaba o ne a qotsa Lengolo la Esaia 22:13, le bontšang tloaelo eo Baiseraele ba neng ba e na le eona. Ba ne ba phelela ho lelekisa menate ho e-na le ho sebeletsa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba mehleng ena ba na le maikutlo a tšoanang le a Baiseraele a hore ba lokela ho ja monate hona joale hobane ba ka ichoella neng kapa neng. Empa Bibele e re bolella litholoana tse bosula tse ileng tsa hlahela Baiseraele ka lebaka la boikutlo boo bo fosahetseng.—2 Likron. 36:15-20.
6. Tšepo eo re nang le eona ka tsoho e lokela ho re susumelletsa ho qoba ho etsa setsoalle le batho ba joang?
6 Taba ea hore Jehova o tl’o tsosa bafu e lokela ho etsa hore re be hlokolosi haholo hore na ke bo-mang bao re ba khethang hore e be metsoalle ea rona. Bakreste ba Korinthe ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba etsa setsoalle le batho ba neng ba sa lumele hore bafu ba tl’o tsosoa. Ho na le ntho eo re ka ithutang eona tabeng ena. Haeba re etsa setsoalle le batho ba se nang taba le hore na ho tla etsahala’ng ka moso empa ba shebile feela ho ja monate, ha ho na letho le molemo leo re tla le fumana ho bona. Ho qeta nako e ngata le batho ba tjena ho ka senya maikutlo le mekhoa ea rona e metle. Ho ka ba ha etsa hore re etse lintho tseo Molimo a li hloileng. Ke kahoo Pauluse a ileng a fana ka keletso ena e matla: “Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe.”—1 Bakor. 15:33, 34.
-