Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma
    Molula-Qhooa—2002 | June 15
    • U ka ’na ua botsa, ‘Bahlabani e ne e le bo-mang?’ Ha e le hantle, e ne e ka ’na ea e-ba makhoba, linokoane tse neng li ahloletsoe lefu, batšoaruoa ba ntoa, kapa banna feela ba neng ba susumetsoa ke maikutlo kapa ba neng ba ipatlela botumo le leruo. Kaofela ha bona ba ne ba koetlisetsoa likolong tse kang literonko. Buka e bitsoang Giochi e spettacoli (Lipapali le Liketsahalo) e hlalosa hore bahlabani ba koetlisoang, “kamehla ba ne ba lebeloa ke bahlokomeli, ba lauoa ka thata, ba beheloa melao e thata ka ho fetisisa, ka holim’a tsohle ba ne ba otloa kantle le kutloelo-bohloko . . . Hangata tšoaro ena e ne e etsa hore ba ipolaee, ba koenehe kapa e be marabele.” Sekolo sa Roma se seholo ka ho fetisisa sa ho koetlisa bahlabani se ne se e-na le likamore tse nyenyane bakeng sa batšoaruoa ba ka bang sekete. Monna e mong le e mong o ne a loana ka mokhoa o fapaneng le oa ba bang. Ba bang ba ne ba loana ba e-na le lintho tse ba sireletsang, thebe le sabole ’me ba bang bona ba ne ba loana ka letanta le lerumo le nang le metsu e meraro. Bakeng sa pontšo e ’ngoe e tummeng e neng e tsejoa ka hore ke ho tsoma, ba bang ba ne ba koetlisetsoa ho loana le liphoofolo tse hlaha. Na mohlomong Pauluse o ne a bua ka ketsahalo eona eo?

  • Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma
    Molula-Qhooa—2002 | June 15
    • Hoseng ho hong le ho hong ho ne ho e-ba le pontšo ea ho tsoma lebaleng la boithabiso. Liphoofolo tse hlaha tsa mofuta o mong le o mong li ne li kenngoa ka har’a lebala. Letšoele le ne le thaba haholo ha ho ne ho loantšoa poho le bere. Ka linako tse ling liphoofolo tseo ka bobeli li ne li tlangoa hammoho hore li loane ho fihlela e ’ngoe ea tsona e e-shoa, ’me e pholohileng e ne e qeteloa ke setsomi. Litlhōlisanong tse ling tse tloaelehileng ho ne ho loantšoa litau le linkoe kapa litlou le libere. Litsomi li ne li ntša bokhoni ba tsona ka ho bolaea liphoofolo tse sa tloaelehang tse tsoang linaheng tse ling tsa ’muso, ho sa tsotellehe chelete eo li neng li rekiloe ka eona—mangau, litšukulu, likubu, lithuhlo, mafiritšoane, likamele, liphiri, likolobe-moru le matsa.

      Tsela eo lintho li neng li hlophisoa ka eona ka har’a lebala e ne e etsa hore ho tsoma e be ketsahalo e sa lebaleheng. Ho ne ho sebelisoa mafika, lifate, ho etsoa le matangoana hore sebaka se tšoane le moru. Mabaleng a mang teng, liphoofolo li ne li hlaha joalokaha eka li hlaha ka tsela ea mohlolo, li kenngoa ka har’a lebala ho sebelisoa lilifti tsa ka tlas’a lefatše le mamati a patehileng. Boitšoaro ba liphoofolo bo ke keng ba tsejoa esale pele bo ne bo eketsa thahasello, empa se neng se etsa hore ho tsoma hona ho hape maikutlo haholo e ne e le sehlōhō se etsoang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela