Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 37 maq. 192-196
  • Ho Hopola Jehova le Mora oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hopola Jehova le Mora oa Hae
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Etse Sena ho Nkhopola”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lebaka Leo ka Lona e Leng Motho oa Bohlokoa
    Tsoha!—2006
  • Ka Kamoreng e ka Holimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 37 maq. 192-196

Khaolo ea 37

Ho Hopola Jehova le Mora oa Hae

A RE nke hore motho e mong o u file mpho e itseng e ntle. U ne u tla ikutloa joang ka eona?— Na u ne u tla re feela kea leboha, ebe u lebala ka motho ea u fileng eona? Kapa na u ne u tla mo hopola le ho hopola seo a u etselitseng sona?—

Jehova Molimo o re file mpho e ntle. O ile a romela Mora oa hae lefatšeng ho tla re shoela. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho re shoela?— Ena ke taba ea bohlokoa haholo eo re lokelang ho e utloisisa.

Joalokaha re ithutile Khaolong ea 23, Adama o ile a etsa sebe ha a ne a tlōla molao o phethahetseng oa Molimo. ’Me rōna re futsitse sebe ho Adama, e leng ntate oa rōna kaofela. Joale, u nahana hore re hloka’ng?— Re ka re re hloka ntate e mocha, ea phetseng mona lefatšeng ka tsela e phethahetseng. U nahana hore ntate eo e ka ba mang?— E ka ba Jesu.

Jehova o ile a romela Jesu lefatšeng e le hore e ka ba ntate oa rōna ho fapana le Adama. Bibele e re: “‘Motho oa pele Adama e ile ea e-ba moea o phelang.’ Adama oa ho qetela ea e-ba moea o fanang ka bophelo.” Adama oa pele e ne e le mang?— E, ke motho eo Molimo a ileng a mo bōpa ka lerōle la lefatše. Adama oa bobeli eena ke mang?— Ke Jesu. Bibele e bontša sena ha e re: “Motho oa pele [Adama] o tsoa lefatšeng ’me o entsoe ka lerōle; motho oa bobeli [Jesu] o tsoa leholimong.”—1 Bakorinthe 15:45, 47; Genese 2:7.

Kaha Molimo o ile a tlosa bophelo ba Jesu leholimong ’me a bo kenya ho mosali ea bitsoang Maria, Jesu ha aa ka a futsa sebe leha e le sefe sa Adama. Ke kahoo Jesu e neng e le motho ea phethahetseng. (Luka 1:30-35) Hape ke kahoo ha Jesu a tsoaloa lengeloi le ileng la re ho balisa: “Kajeno le tsoaletsoe Mopholosi.” (Luka 2:11) Empa e le hore e be Mopholosi oa rōna, lesea Jesu le ne le lokela ho etsa’ng?— Le ne le lokela ho hōla hore e be motho ea hōlileng ka ho feletseng, feela joaloka Adama. Ke hona Jesu a neng a ka fetoha ‘Adama oa bobeli.’

Jesu, Mopholosi oa rōna, e tla boela e be ‘Ntate oa rōna oa ka ho sa Feleng.’ O bitsoa joalo ka Bibeleng. (Esaia 9:6, 7) E, Jesu ea phethahetseng e ka ba ntate oa rōna ho fapana le Adama, ea ileng a fetoha ea sa phethahalang ha a ne a etsa sebe. Ka tsela eo re ka khetha hore ‘Adama oa bobeli’ e be ntate oa rōna. Ke ’nete hore Jesu ka boeena ke Mora oa Jehova Molimo.

Ka ho ithuta ka Jesu, re ka mo amohela e le Mopholosi oa rōna. Na u sa hopola hore na re hloka ho pholosoa ho eng?— E, re hloka ho pholosoa sebeng le lefung tseo re li futsitseng ho Adama. Bophelo bo phethahetseng boo Jesu a ileng a bo etsa sehlabelo e le motho ea hōlileng ka ho feletseng, kapa a bo tela, bakeng sa rōna bo bitsoa thekollo. Jehova o ile a fana ka thekollo e le hore re ka tšoareloa libe.—Matheu 20:28; Baroma 5:8; 6:23.

Akere ha re batle ho lebala seo Molimo le Mora oa hae ba re etselitseng sona?— Jesu o ile a bontša balateli ba hae tsela e khethehileng e ka re thusang ho hopola seo a re etselitseng sona. A re ke re bue ka eona.

Nka hore u ka kamoreng e ka holimo ntlong e ’ngoe Jerusalema. Ke bosiu. Jesu le baapostola ba hae ba lutse tafoleng. Tafoleng moo, ho na le konyana e besitsoeng, liphaphatha le veine e khubelu. Ba ja lijo tse khethehileng. Na u tseba lebaka?—

Lijo tsena li ba hopotsa seo Jehova a ileng a se etsa lilemong tse makholo tse fetileng, ha batho ba hae, e leng Baiseraele, e ne e le makhoba Egepeta. Ka nako eo Jehova o ile a re ho batho ba hae: ‘Bolaeang konyana bakeng sa lelapa le leng le le leng, ’me le tlotse likosene tsa matlo a lōna ka mali a eona.’ A ntan’o re: ‘Kenang ka matlong a lōna, ’me le je konyana.’

Baiseraele ba ile ba etsa joalo. ’Me hona bosiung boo, lengeloi la Molimo le ile la feta naheng ea Egepeta. Lengeloi le ile la bolaea bana ba matsibolo malapeng a mangata. Empa ha lengeloi le ne le bona mali a konyana koseneng, le ne le feta ntlo eo. Matlong ao, ha ho bana ba ileng ba shoa. Faro, morena oa Egepeta, o ile a tšosoa ke seo lengeloi la Jehova le se entseng. Kahoo Faro o ile a re ho Baiseraele: ‘Le lokolohile hore le ka ikela. Tsoang Egepeta!’ Ha ba utloa seo, ba belesa likamele tsa bona le litonki tsa bona ’me ba tsamaea.

Jehova o ne a sa batle hore batho ba hae ba lebale kamoo a ileng a ba lokolla kateng. Kahoo o ile a re: ‘Hang ka selemo le lokela ho ja lijo tse kang tseo le li jeleng bosiung bona.’ Ba ile ba bitsa lijo tsena tse khethehileng Paseka. Bosiung boo lengeloi la Molimo le ile la ‘feta’ matlo a tlotsitsoeng ka mali.—Exoda 12:1-13, 24-27, 31.

Jesu le baapostola ba hae ba nahana ka sena ha ba ntse ba e-ja lijo tsa Paseka. Ka mor’a moo, Jesu o ile a etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, pele a e etsa, o ile a leleka moapostola ea sa tšepahaleng, Judase. Ka mor’a moo Jesu o ile a nka bohobe bo bong bo setseng, a rapela, a bo qhetsola, ’me a bo fetisetsa ho barutuoa ba hae. A re “Nkang, le je.” A ntan’o re ho bona: ‘Bohobe bona bo emela ’mele oa ka oo ke tla fana ka oona ha ke le shoela.’

Ka mor’a moo Jesu a nka senoelo sa veine e khubelu. Ka mor’a hore a boele a rapele, a se fetisa ’me a re: ‘Noelang ho sona, kaofela ha lōna.’ ’Me a re ho bona: ‘Veine ena e emela mali a ka. Haufinyane ke tlil’o tšolla mali a ka ho le lokolla libeng tsa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’—Matheu 26:26-28; 1 Bakorinthe 11:23-26.

Na u hlokometse hore Jesu o ile a re barutuoa ba lokela ho lula ba etsa see e le hore ba mo hopole?— Ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le lijo tsa Paseka. Ho e-na le hoo, hang ka selemo ba ne ba tla ba le lijo tsena tse khethehileng ho hopola Jesu le lefu la hae. Lijo tsena li bitsoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Kajeno re atisa ho li bitsa Sehopotso. Hobane’ng?— Hobane li re hopotsa seo Jesu le Ntate oa hae, Jehova Molimo, ba re etselitseng sona.

Bohobe bo lokela ho re hopotsa ’mele oa Jesu. O ile a ithaopela ho tela ’mele oo e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng. ’Me ho thoe’ng ka veine e khubelu?— E lokela ho re hopotsa bohlokoa ba mali a Jesu. Ke a bohlokoa ho feta mali a konyana ea Paseka, Egepeta. Na u tseba lebaka?— Bibele e re mali a Jesu a ka etsa hore re tšoareloe libe. ’Me ha libe tsohle tsa rōna li se li tlositsoe, ha re sa tla hlola re kula, re tsofala le ho shoa. Re lokela ho nahana ka seo ha re e-ba teng Sehopotsong.

Na motho e mong le e mong o lokela ho ja bohobe le ho noa veine ha a le Sehopotsong?— Jesu o ile a re ho ba jang le ho noa: ‘Le tla ba le karolo ’musong oa ka le be le lule le ’na literoneng tsa leholimo.’ (Luka 22:19, 20, 30) Sena se ne se bolela hore ba tla ea leholimong ho ea ba marena le Jesu. Kahoo ke feela batho ba nang le tšepo ea ho ea busa le Jesu leholimong ba lokelang ho ja bohobe le ho noa veine.

Empa esita le batho ba sa jeng bohobe kapa ba sa noeng veine ba lokela ho ba teng Sehopotsong. Na u tseba lebaka?— Ke hobane le rōna Jesu o ile a re tella bophelo ba hae. Ha re e-ea Sehopotsong, re bontša hore ha rea lebala seo. Re hopola mpho e babatsehang ea Molimo.

Mangolo a bontšang bohlokoa ba thekollo eo Jesu a faneng ka eona a akarelletsa 1 Bakorinthe 5:7; Baefese 1:7; 1 Timothea 2:5, 6; le 1 Petrose 1:18, 19.

[Litšoantšo tse leqepheng la 193]

Adama le Jesu ba ne ba tšoana joang, hona ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore ba tšoane?

[Setšoantšo se leqepheng la 194]

Mali a konyana a ile a sireletsa Baiseraele joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 194]

Mali a Jesu, ao Jesu a ileng a a tšoantša le veine, a ka re etsetsa’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela