Ho Fana ka Thabo
GENIVAL, ea lulang mek’huk’hung e ka leboea-bochabela Brazil, o ne a hlokomela mosali le bana ka moputso o tlaase oo a neng a o fumana e le matjekelane oa sepetlele. Ho sa tsotellehe mathata a hae, Genival o ne a khothaletse ho ntša karolo ea leshome. Ha a ntse a pholla mpa ea hae, oa hopola: “Ka linako tse ling lelapa la ka le ne le sala le lapile, empa ke ne ke batla ho fa Molimo sohle, ho sa tsotellehe hore na ke salloa ke eng.”
Genival o ile a felloa ke mosebetsi empa a ’na a tsoela pele ho ntša karolo ea leshome. Moruti oa hae o ile a mo khothalletsa hore a leke Molimo ka ho ntša chelete e ngata ea koleke. Moruti eo o ile a mo tiisetsa hore ntle ho pelaelo Molimo o tla mo hlohonolofatsa haholo. Ka lebaka lena, Genival o ile a etsa qeto ea ho rekisa ntlo ea hae le ho fa kereke chelete eo kaofela.
Ho na le ba bangata ba tšoanang le Genival ba fanang ka botšepehi. Mafutsana a mangata a nka hore a tlamehile ho ntša karolo ea leshome hobane likereke tsa ’ona li a rutile hore Bibele e a tlama hore a ntše karolo ea leshome. Na ho joalo?
Ho Ntša Karolo ea Leshome le Molao
Taelo ea ho ntša karolo ea leshome e ne e le karolo ea Molao oo Jehova Molimo a ileng a o fa meloko e 12 ea Baiseraele ba boholo-holo lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng. Molao oo o ne o laela hore karolo ea leshome ea lihlahisoa tsa naha le litholoana tsa lifate le karolo ea leshome ea mehlape e ntseng e eketseha, e fuoe leloko la Balevi hore ba tsebe ho etsa litšebeletso tabernakeleng.—Levitike 27:30, 32; Numere 18:21, 24.
Jehova o ile a tiisetsa Baiseraele hore Molao ‘o ne o ke ke oa ba thatafalla haholo.’ (Deuteronoma 30:11) Jehova o ne a ba tšepisitse hore ba ne ba tla chaea haholo hafeela ba boloka litaelo tsa hae ka botšepehi, tse neng li akarelletsa ho ntša karolo ea leshome. E le hore ba se ke ba ikimetsa, kamehla ho ne ho boetse ho behelloa ka thōko karolo e ’ngoe ea leshome ea selemo le selemo, eo ka ho tloaelehileng e neng e sebelisoa linakong tsa ha sechaba se ne se kopane meketeng ea sona ea bolumeli. Ka lebaka leo, ‘mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali’ ba ne ba ka thaba.—Deuteronoma 14:28, 29; 28:1, 2, 11-14.
Molao o ne o sa totobatsa kahlolo ha motho a sa ntše karolo ea leshome, empa Baiseraele bohle ba ne ba tlamehile ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka tsela ena. Ha e le hantle, Jehova o ile a nyatsa Baiseraele ba neng ba sa ntše karolo ea leshome mehleng ea Malakia, a re ‘ba mo utsoetsa likarolo tsa leshome le menehelo.’ (Malakia 3:8) Na Bakreste ba sa ntšeng karolo ea leshome ba ka tsekisoa ka tsela e tšoanang?
Nahana ka sena. Hangata melao ea naha e itseng ha e sebetse linaheng tse ling. Ka mohlala, molao o qobellang bakhanni ba Brithani ho khanna ka letsohong le letšehali la tsela ha o sebetse ho bakhanni ba Fora. Ka ho tšoanang, molao oa hore ho ntšoe karolo ea leshome e ne e le karolo ea selekane se khethehileng pakeng tsa Molimo le sechaba sa Iseraele. (Exoda 19:3-8; Pesaleme ea 147:19, 20) Ke Baiseraele feela ba neng ba tlanngoe ke molao oo.
Ntle ho moo, le hoja e le ’nete hore Molimo ha a fetohe, ka linako tse ling melao ea hae eona ea fetoha. (Malakia 3:6) Bibele e bolela ka ho toba hore lefu la Jesu la sehlabelo ka 33 C.E., le ile la “hlakola,” kapa la “felisa” Molao hammoho le “taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome.”—Bakolose 2:13, 14; Baefese 2:13-15; Baheberu 7:5, 18.
Ho Fana ho Etsoang ke Bakreste
Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntsane ho hlokahala hore borapeli ba ’nete bo tšehetsoe ka chelete le lintho tse ling. Jesu o ne a laetse barutuoa ba hae hore e be ‘lipaki ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.’ (Liketso 1:8) Ha balumeli ba ntse ba eketseha, ho ile ha hlokahala ka ho eketsehileng hore ho be le mesuoe ea Bakreste le balebeli ba etelang liphutheho le ho li matlafatsa. Ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore ho hlokomeloe bahlolohali, likhutsana le bahloki ba bang. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba phetha boikarabelo boo joang?
Ka bo-55 C.E., ho ile ha ipiletsoa ho Bakreste ba Balichaba ba Europe le Asia Minor hore ba thuse phutheho ea Judea e futsanehileng. Mangolong a hae a eang ho phutheho ea Korinthe, moapostola Pauluse o hlalosa kamoo ‘koleke ena e bakeng sa bahalaleli’ e ileng ea hlophisoa kateng. (1 Bakorinthe 16:1) U ka ’na ua hlolloa ke ho utloa seo mantsoe a Pauluse a se senolang ka ho fana ho etsoang ke Bakreste.
Moapostola Pauluse ha aa ka a bokaboketsa balumeli-’moho le eena hore ba fane. Ha e le hantle, Bakreste ba Macedonia ba neng ba le “tlas’a mahloreho” le ‘bofutsana bo tebileng’ ba ile ba tlameha ‘ho ’na ba kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsoeng bahalaleli.’—2 Bakorinthe 8:1-4.
Ke ’nete hore Pauluse o ile a khothalletsa Bakorinthe ba ruileng hore ba etsise barab’abo bona ba Macedonia ba fanang. Leha ho le joalo, buka e ’ngoe e re o ‘ne a hana ho ba laela, ho e-na le hoo o ne a khetha ho ba kōpa, ho ba fa litlhahiso, ho ba khothatsa kapa ho ipiletsa ho bona. Bakorinthe ba ne ba sa tl’o fana ka boithatelo le ka cheseho haeba ba ne ba qobelloa.’ Pauluse o ne a tseba hore “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse,” eseng ea fanang “ka lekhonono kapa ka ho qobelloa.”—2 Bakorinthe 9:7.
Tumelo e ngata le tsebo hammoho le ho rata Bakreste ba bang e le kannete ke tsona tse ileng tsa susumelletsa Bakorinthe hore ba fane ka boithatelo.—2 Bakorinthe 8:7, 8.
‘Feela Joalokaha a Entse Qeto Pelong ea Hae’
Pauluse ha aa ka a totobatsa hore na ba ntše bokae, o mpile a khothalletsa hore “letsatsi le leng le leng la pele la beke e ’ngoe le e ’ngoe, e mong le e mong . . . o lokela ho behella ka thōko chelete e itseng ho latela moputso oo a o fumanang.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; 1 Bakorinthe 16:2, New International Version) Ka ho hlophisa le ka ho boloka chelete e itseng kamehla, Bakorinthe ba ne ba sa tl’o tlameha ho fana ka lekhonono kapa ka lepotlapotla ha Pauluse a fihla. Mokreste e mong le e mong o ne a lokela ho rera hore na o tla fana ka bokae e leng seo ‘a entseng qeto ka sona pelong ea hae.’—2 Bakorinthe 9:5, 7.
Bakorinthe ba ne ba lokela ho jala haholo e le hore ba kotule haholo. Ba ne ba sa khothaletsoe hore ba fane ho fihlela ba tsoa monate. Pauluse o ile a ba tiisetsa a re: ‘Ha ke bolele hore ho be thata ho lōna.’ Menehelo e ne e ‘amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a neng a e-na le sona, eseng ho ea ka seo motho a neng a se na sona.’ (2 Bakorinthe 8:12, 13; 9:6) Lengolong leo a ileng a le ngola hamorao moapostola o ile a lemosa a re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa . . . litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Pauluse ha aa ka a khothalletsa ho fana ho hanyetsang molao-motheo ona.
Ke habohlokoa hore ebe Pauluse o ile a laola “koleke e bakeng sa bahalaleli” ba futsanehileng. Ha ho moo re balang ka Mangolong hore Pauluse kapa baapostola ba bang ba ne ba hlophisa hore ba ntšetsoe likoleke kapa hore ba amohele karolo ea leshome bakeng sa mesebetsi ea bona. (Liketso 3:6) Kaha kamehla Pauluse o ne a leboha limpho tseo liphutheho li neng li mo romella tsona, ka bohlale o ne a qoba ho ba “moroalo o litšenyehelo li boima” ho barab’abo.—1 Bathesalonika 2:9; Bafilipi 4:15-18.
Ho Fana ka Boithatelo Kajeno
Ho hlakile hore lekholong la pele la lilemo balateli ba Kreste ba ne ba fana ka boithatelo, ba sa ntše karolo ea leshome. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa hore na ena e sa ntsane e le tsela e molemo ea ho ntša lichelete bakeng sa ho bolela litaba tse molemo le ho hlokomela Bakreste ba futsanehileng.
Ak’u nahane ka taba e latelang. Ka 1879, bahlophisi ba makasine ena ba ile ba bua pepenene hore ‘le ka mohla ba ne ba ke ke ba qela kapa hona ho qekisa batho hore ba ba tšehetse.’ Na qeto eo e sitisitse mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa ho phatlalatsa ’nete ea Bibele?
Hona joale, Lipaki li aba Libibele, libuka tsa Bokreste le lingoliloeng tse ling linaheng tse 235. Ha makasine ea Molula-Qhooa e rutang Bibele e ne e qala, ho ne ho ajoa tse 6 000 ka khoeli, ’me e ne e hatisoa ka puo e le ’ngoe. Hona joale e se e tsoa habeli ka khoeli ’me ho hatisoa tse fetang 24 000 000 ka lipuo tse 146. Lipaki li hahile kapa tsa reka liofisi tsa makala linaheng tse 110, e le hore li hlophise mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele lefatšeng lohle. Ntle ho moo, sebakeng ka seng li hahile Liholo tse ngata tsa ’Muso le Liholo tse khōlō Tsa Likopano bakeng sa ba thabelang ho rutoa Bibele ka ho eketsehileng.
Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ntse li etelelitse pele seo batho ba bang ba se hlokang moeeng, ha li hlokomolohe seo Bakreste ba bang ba se hlokang nameng. Ha barab’abo tsona ba angoa ke lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, komello le lifefo, li potlakela ho ba thusa ka meriana, lijo, liaparo le lintho tse ling tse hlokahalang. Bakreste ka bomong le liphutheho ke bona ba fanang ka lichelete.
Ho fana ka lichelete ka boithatelo hoa atleha ebile ho imolla bafumanehi ba kang Genival eo ho builoeng ka eena pejana. Ka lehlohonolo, pele Genival a rekisa ntlo ea hae, o ile a eteloa ke Maria eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Genival o sa hopola o re: “Puisano eo e ile ea qobisa lelapa la ka mathata a mangata a sa hlokahaleng.”
Genival o ile a ithuta hore mosebetsi oa Morena ha oa itšetleha ka ho ntša karolo ea leshome. Ha e le hantle, Mangolo ha a sa laela hore ho ntšoe karolo ea leshome. O ile a ithuta hore Bakreste ba hlohonolofatsoa ha ba fana haholo empa hore ha ba qobelloe ho fana ho fihlela ba tsoa monate.
Ho fana ka boithatelo ho tliselitse Genival thabo ea ’nete. O e bontša ka mantsoe ana: “Ho tsoa ho ’na hore na ke ntša karolo ea leshome kapa che, empa ke fana thabile, ’me ke kholisehile hore le Jehova o thabile.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Na Bangoli ba Boholo-holo ba Kereke ba ne ba Ruta Thuto ea ho Ntša Karolo ea Leshome?
“Barui ba harˈa rōna ba thusa bafumanehi . . . Ba hafang ka nkatana ba bileng ba leng seatla se bulehileng, ba fana kamoo ba ratang.”—The First Apology, Justin Martyr, oa hoo e ka bang ka 150 C.E.
“Ka sebele Bajuda ba ne ba nyehela karolo ea leshome ea lintho tsa bona ho Eena, empa ba lokolotsoeng ba behella matlotlo a bona ka thōko bakeng sa merero ea Morena, . . . joaloka mo-hlolohali eane oa mofutsana ea ileng a lahlela sohle seo a neng a iphelisa ka sona letlōleng la polokelo | ea matlotlo la Molimo.”—Against Heresies, Irenaeus, oa hoo e ka bang ka 180 C.E.
“Le hoja re e-na le letlōle la polokelo ea matlotlo, ha le tšele chelete e rekang poloko joalokaha eka bolumeli boa rekoa. Hang ka khoeli, haeba motho a rata, o tšela chelete e nyenyane; empa e le ha a rata, ebile e le feela ha a e-na le hona: kahobane ha ho ea qobelloang; bohle baa ithaopa.”—Apology, Tertul-lian, oa hoo e ka bang ka 197 C.E.
“Ha Kereke e ntse e hōla ˈme ho ntse ho hlaha mekhatlo e mengata, ho ile ha hlokahala hore ho etsoe melao e neng e tla tiisa hore baruti ba tšehetsoa ka ho loketseng le kamehla ka lichelete. Ho ntša karolo ea leshome ho ile ha nkoa Molaong oa Boholo-holo . . . Molao oa khale ka ho fetisisa o emelang taba ena ho bonahala o ngotsoe lengolong la babishopo ba neng ba bokane Tours ka 567 le [melaong] ea Seboka sa Macon sa 585.”—The Catholic Encyclopedia.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Coin, top left: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Ho fana ka boithatelo hoa thabisa
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lichelete tse fumanoang menehelong ea boithatelo li tšehetsa mosebetsi oa boboleli, ho phallela ba maqakabetsing le ho haha libaka tseo ho kopaneloang ho tsona