Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 5/8 maq. 20-21
  • “Ba Bitsoang ‘Melimo’”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Bitsoang ‘Melimo’”
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Jesu le Eena o ne a Bitsoa Molimo?
  • “Molimo oa Lefatše Lena” ke Mang?
  • Mangolo a Re’ng ka “Bomolimo ba Jesu”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Thoe’ng ka “Litemana Tse Pakang” Boraro-bo-bong?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Seo e Leng ’Nete ka Ntate, Mora le Moea o Halalelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Tsebo e Nepahetseng ea Molimo le Mora oa Oona e Lebisa Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 5/8 maq. 20-21

“Ba Bitsoang ‘Melimo’”

HA MOAPOSTOLA PAULUSE a ne a folisa monna ea holofetseng Lystra, batho ba ile ba hoeletsa: “Melimo e bile joaloka batho ’me e theohetse ho rōna!” Ba ile ba bitsa Pauluse Hermese, ’me motsoalle oa hae Barnabase ba mo bitsa Zeuse. (Liketso 14:8-14) Efese, Demetriase eo e neng e le setei sa silevera o ile a lemosa hore haeba Pauluse a ne a ka tlohelloa hore a tsoele pele ho bolela, ‘tempele ea molimotsana e moholo Artemise e ne e tla nkoa e se letho.’—Liketso 19:24-28.

Batho ba lekholong la pele la lilemo—joaloka ba bangata kajeno—ba ne ba rapela “ba bitsoang ‘melimo,’ ebang ke leholimong kapa lefatšeng.” Ha e le hantle Pauluse o ile a re: ‘Ho na le “melimo” e mengata le “marena” a mangata.’ Leha ho le joalo, o ile a boela a hlalosa: “Ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate,” ’me “ho na le Morena a le mong, Jesu Kreste.”—1 Bakorinthe 8:5, 6.

Na Jesu le Eena o ne a Bitsoa Molimo?

Le hoja ho se mohla Jesu a kileng a ipitsa Molimo, joaloka ’musi ea khethiloeng ke Jehova o khetholloa boprofeteng ba Esaia e le “Molimo ea Matla” le “Khosana ea Khotso.” Boprofeta ba Esaia boa phaella: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.” (Esaia 9:6, 7) Kahoo, e le “Khosana”—mora oa Morena e Moholo, Jehova—Jesu e tla ba ’Musi oa ’muso oa leholimo oa “Molimo ea Matla ’Ohle.”—Exoda 6:3.

Empa motho a ka ’na a botsa, ‘Ke ka kutloisiso efe Jesu e leng “Molimo ea Matla,” hona na moapostola Johanne ha aa ka a re Jesu ka boeena ke Molimo?’ Phetolelong ea Bibele ea King James, Johanne 1:1 e baleha tjena: “Lentsoe le ne le le teng tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” Ba bang ba pheha khang ea hore sena se bolela hore “Lentsoe” ea ileng a hlaha lefatšeng e le ngoana Jesu, ke Molimo ea Matla ’Ohle ka boeena. Na see ke ’nete?

Haeba temana ena e bolela hore Jesu ka boeena e ne e le Molimo ea Matla ’Ohle, e ne e tla hanana le polelo e ka holimo hona temaneng eo e reng “Lentsoe le ne le e-na le Molimo.” Ha motho a “e-na le” motho e mong, e ke ke ea e-ba motho a le mong le motho eo. Ka hona, liphetolelo tse ngata tsa Bibele li etsa phapang, li hlakisa hore Lentsoe e ne e se Molimo ea Matla ’Ohle. Ka mohlala, mehlala ea liphetolelo tse ling tsa Bibele e re: “Lentsoe e ne e le Molimo,” “molimo e ne e le Lentsoe,” le “Lentsoe le ne le halalela.”a

Litemana tsa Bibele tseo ka puo ea Segerike li nang le mantsoe a bōpehileng joaloka a ho Johanne 1:1 li sebelisa lentsoe “molimo.” Ka mohlala, ha letšoele le ne le bua ka Heroda Agripa 1, le ile la hooa: ‘Ke molimo ea buang.’ ’Me ha Pauluse a sa bolaoa ke noha e mahloko, batho ba ile ba re: “Ke molimo.” (Liketso 12:22; 28:3-6) Ho tumellanong le sebōpeho-puo sa Segerike le thuto ea Bibele ho bua ka Lentsoe e le “molimo,” eseng Molimo.

Nahana kamoo Johanne a ileng a khetholla “Lentsoe” kateng khaolong ea pele ea Kosepele ea hae. O ngotse: “Lentsoe o ile a fetoha nama ’me a lula har’a rōna, ’me ra bona khanya ea hae [eseng ea Molimo], khanya e joaloka ea mora ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate.” Kahoo “Lentsoe,” ea ileng a ba nama, o phetse lefatšeng e le Jesu ’me o bonoe ke batho. Ka hona, e ne e ke ke eaba ke Molimo ea Matla ’Ohle, eo Johanne a reng ka eena: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.”—Johanne 1:14, 18.

E mong a ka ’na a botsa: ‘Joale ke hobane’ng ha Thomase a ile a re ha a bona Jesu ea tsositsoeng, “Morena oa ka le Molimo oa ka!”?’ Joalokaha ho boletsoe, Jesu ke molimo ka kutloisiso ea hore oa halalela, empa hase Ntate. Jesu o ne a sa tsoa bolella Maria Magdalena: “Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna le ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” Hape hopola hore na ke hobane’ng ha Johanne a ile a ngola Kosepele ea hae. Litemana tse tharo ka mor’a tlaleho ea Thomase, Johanne o ile a hlalosa hore o ngotse e le hore batho ba “ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo”—eseng hore ke Molimo ka boeena.—Johanne 20:17, 28, 31.

“Molimo oa Lefatše Lena” ke Mang?

Ho hlakile hore ho na le melimo e mengata. Joalokaha re se re bone, e meng e boletsoe ka Bibeleng. Leha ho le joalo, batho ba boneng matla a Jehova mehleng ea khale ba ile ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” (1 Marena 18:39) Leha ho le joalo, ho na le molimo e mong eo le eena a nang le matla. Bibele e re: “Molimo oa lefatše lena o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.”—2 Bakorinthe 4:4, King James Version.

Bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka molimo enoa ka makhetlo a mararo, a mo bitsa “’musi oa lefatše lena.” Jesu o ile a re ’musi enoa ea matla, kapa molimo, “o tla lahleloa ntle.” (Johanne 12:31; 14:30; 16:11) Molimo eo ke mang, hona lefatše leo e leng ’musi oa lona ke lefe?

Ha ho e mong haese lengeloi la lerabele, Satane Diabolose. Re tseba joang? Bibele e hlalosa hore ha Satane a ne a leka Jesu, Satane o ile a mo bontša “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona, ’me a re ho eena: ‘Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.’” (Matheu 4:8, 9) Sena e ka be e sa ka ea e-ba teko le hanyenyane haeba Satane a ne a re o tla fa Jesu lintho tseo e seng tsa hae. Ka sebele moapostola Johanne o itse: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.

Hopola hore Jesu o tšepisitse: “’Musi oa lefatše lena o tla lahleloa ntle.” (Johanne 12:31) Ha e le hantle, lefatše lena, kapa tsamaiso ena ea lintho, hammoho le ’musi oa eona, li tla tlosoa, joalokaha moapostola Johanne a boletse esale pele ha a re: “Lefatše lea feta.” Leha ho le joalo, Johanne o ile a phaella: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Joale a re hlahlobeng merero e khanyang ea Molimo a le mong feela oa ’nete le hore na re ka rua molemo joang ho eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona The New Testament, ea James L. Tomanek; The Emphatic Diaglott, interlinear reading, ea Benjamin Wilson; The Bible—An American Translation, ea J.M.P. Smith le E. J. Goodspeed.

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Batho ba Lystra ba ne ba rata ho bitsa Pauluse le Barnabase melimo

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Jesu o ile a bolella Maria Magdalena: ‘Ke nyolohela ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela