Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 5/15 leq. 32
  • Ba Fumana Matla a Bona Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Fumana Matla a Bona Hokae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 5/15 leq. 32

Ba Fumana Matla a Bona Hokae?

HA U shebisisa serurubele se setšoantšong sena, u tla hlokomela hore le leng la mapheo a mane a sona ha le na thuso ka ho feletseng. Leha ho le joalo, serurubele se tsoela pele ho ja le ho fofa. Ena ha se taba e ikhethang. Ho hlokometsoe hore lirurubele li iketsetsa mesebetsi ea tsona ea letsatsi le letsatsi karolo ea 70 lekholong ea bokaholimo ba mapheo a tsona e le sieo.

Ka ho tšoanang, batho ba bangata ba bontša moea oa boikemisetso. Ho sa tsotellehe ho utloisoa bohloko ke mathata a ’mele le a kelello, ha ba tele.—Bapisa le 2 Bakorinthe 4:16.

Nakong ea maeto a hae a boromuoa, moapostola Pauluse ka boeena o ile a mamella mathata a maholo. O ile a shapuoa, a otloa, a tlepetsoa ka majoe le ho koalloa chankaneng. Ho feta moo, o ile a utloisoa bohloko ke kholofalo e itseng, mohlomong bothata ba mahlo boo kamehla ho eena e neng e le “moutloa nameng.”—2 Bakorinthe 12:7-9; Bagalata 4:15.

Moholo oa Mokreste ea bitsoang David, eo ka lilemo tse ’maloa a neng a loantšana le tlhaselo e matla ea ho tepella maikutlo, o lumela hore matla a Jehova a bile bohlokoa ka ho fetisisa ho hlaphoheloeng ha hae. Oa hlalosa: “Hangata, ho ne ho bonahala khatelo-pele eo ke neng ke e finyelletse ka thata e fela. Ke tobane le ho nyahama ho joalo, ke ile ka itahlela ho Jehova, ’me ka sebele o ile a ntšehetsa. Ho ile ha e-ba le linako tse ling tseo ke neng ke rapela lihora-hora ka nako. Ha ke ne ke bua le Jehova, maikutlo a ka a bolutu le ho ba ea se nang thuso a ne a fela. Ke fetile ka thata linakong tsa bofokoli, empa ka thuso ea Jehova, bofokoling bona ho hlahile matla—esita le matla a ho thusa ba bang.”

Jehova Molimo o ile a matlafatsa Pauluse. Ke ka hona a neng a ka re: “Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:10) E, bofokoli ba Pauluse bo ile ba mo ruta hore a itšetlehe ka matla ao a a filoeng ke Molimo. Moapostola o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:13) Ka sebele Jehova o neha bahlanka ba hae matla.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela