Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsela ea ho Ikarola Lefatšeng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • 3. (a) Jesu o ne a nka lipolotiki tsa mehleng ea hae joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba sebeletsa e le manģosa? (Akarelletsa mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      3 Jesu ha aa ka a kopanela lipolotiking tsa mehleng ea hae, ho e-na le hoo, o ile a tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho bolela ka ’Muso oa Molimo, e leng puso e tlang ea leholimo eo e neng e tla ba Morena oa eona. (Daniele 7:13, 14; Luka 4:43; 17:20, 21) Kahoo, ha Jesu a ne a le ka pel’a ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato o ne a ka re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Balateli ba hae ba tšepahalang ba etsisa mohlala oa hae ka ho tšepahala ho Kreste le ’Muso oa hae le ka ho tsebisa lefatše ka ’Muso ona. (Matheu 24:14) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste. . . . Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’”a—2 Bakorinthe 5:20.

      4. Bakreste bohle ba ’nete ba bontšitse joang hore ba tšepahala ’Musong oa Molimo? (Bona lebokose le leqepheng la 52.)

      4 Kaha manģosa a emela linaha lisele, ha a kena-kenane le litaba tsa lehae tsa linaha tseo a rometsoeng ho tsona; a lula a sa jele paate ho tsona. Leha ho le joalo, manģosa a buella mebuso ea linaha tseo a li emetseng. Balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste bao ‘boahi ba bona bo leng maholimong,’ le bona ba etsa joalo. (Bafilipi 3:20) Ha e le hantle, ba thusitse “linku tse ling” tsa Kreste tse limilione hore li ‘boelane le Molimo’ hobane ba ne ba bolela ka ’Muso ka cheseho. (Johanne 10:16; Matheu 25:31-40) Ka tsela ea tšoantšetso, linku tsena tse ling li sebeletsa e le baemeli ba Kreste, ba thusang barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng. E le mohlape o le mong o kopaneng o buellang ’Muso oa Bomesia, lihlopha tsena tse peli ha li jele paate ho hang litabeng tsa lefatše tsa lipolotiki.—Esaia 2:2-4.

  • Tsela ea ho Ikarola Lefatšeng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • a Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Kreste o sebelelitse e le Morena phuthehong ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. (Bakolose 1:13) Ka 1914, Kreste o ile a fuoa matla a ho ba morena ‘’musong oa lefatše.’ Kahoo, hona joale Bakreste ba tlotsitsoeng le bona ba sebeletsa e le manģosa a ’Muso oa Bomesia.—Tšenolo 11:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela