Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lena ke Letsatsi la Poloko!
    Molula-Qhooa—1998 | December 15
    • 12. Manģosa a Jehova le baemeli ba hae ba phetha tšebeletso efe ea bohlokoa?

      12 E le hore re ka bolokeha, re lokela ho sebetsa tumellanong le mantsoe a Pauluse: “Ha re sebetsa hammoho le eena [Jehova], re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona. Kaha o re: ‘Ka nako e amohelehang ke ile ka u utloa, ’me ka letsatsi la poloko ke ile ka u thusa.’ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakorinthe 6:1, 2) Manģosa a Jehova a tlotsitsoeng le baemeli ba hae, “linku tse ling,” ha ba amohele mosa o sa tšoanelang oa Ntate oa bona oa leholimo ebe ba lahleheloa ke morero oa oona. (Johanne 10:16) Ka boitšoaro ba bona bo botle le tšebeletso e bontšang cheseho ‘nakong ena e amohelehang,’ ba batla ho amoheloa ke Molimo ’me ba tsebisa baahi ba lefatše hore lena ke “letsatsi la poloko.”

  • Lena ke Letsatsi la Poloko!
    Molula-Qhooa—1998 | December 15
    • 15. Baiseraele ba moea ba ile ba leka ka matla ho ipaka ba tšoaneleha bakeng sa mosa oa Molimo o sa tšoanelang ho tloha neng, hona e le ka sepheo sefe?

      15 Pauluse o sebelisa Esaia 49:8 ho Bakreste ba tlotsitsoeng, a ipiletsa ho bona hore ba ‘se ke ba lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo’ ka ho hlōleha ho batla kamohelo ea hae ‘nakong e amohelehang’ le ‘letsatsing la poloko’ eo a fanang ka eona. Pauluse oa eketsa: “Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakorinthe 6:2) Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Baiseraele ba moea ba ’nile ba leka ka matla ho ipaka ba tšoaneleha bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo e le hore “nako e amohelehang” e ne e ka ba “letsatsi la poloko” bakeng sa bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela