Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Arolelana Matšeliso ao Jehova a Fanang ka ’Ona
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • Matšoenyeho a Pauluse Asia

      13, 14. (a) Pauluse o ile a hlalosa joang nako ea matšoenyeho a matla ao a ileng a thulana le ’ona Asia? (b) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a nahanne ka ketsahalo efe?

      13 Mofuta oa litlhokofatso tseo phutheho ea Korinthe e neng e ile ea thulana le tsona ho fihlela mothating ona o ne o ke ke oa bapisoa le matšoenyeho a mangata ao Pauluse a neng a tlameha ho a mamella. Kahoo, o ne a ka ba hopotsa: “Ha re lakatse hore le hloke tsebo, barab’eso, ka matšoenyeho a ileng a re etsahalla seterekeng sa Asia, hore re ne re le tlas’a khatello e fetisisang e ka ’nģane ho matla a rōna, hoo re neng re se na bonnete ka ho feletseng esita le ka bophelo ba rōna. Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu. Hona e ne e le hore re ka ba le tšepo ea rōna, eseng ho rōna, empa ho Molimo ea tsosang bafu. Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa ’me o tla re pholosa; ’me tšepo ea rōna e ho eena hore o tla boela a re pholose ka ho eketsehileng.”—2 Bakorinthe 1:8-10.

      14 Litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore Pauluse o ne a bua ka morusu oa Efese, o ka beng o felletse ka lefu la Pauluse esita le la balekane ba hae ba babeli ba Macedonia bao a neng a tsamaea le bona, Gaiase le Aristakase. Bakreste bana ba babeli ba ile ba qobelloa ho kena ka lebaleng la liketsahalo le neng le tletse mahoo-hoo a ileng a “hooa hoo e ka bang ka lihora tse peli: ‘O moholo Artemise [molimotsana] oa Baefese!’” Qetellong, molaoli oa motse o ile a atleha ho khutsisa bongata bona. Tšokelo ena bophelong ba Gaiase le Aristakase e tlameha ebe e ile ea nyahamisa Pauluse haholo. Ha e le hantle, o ne a batla ho kena le ho behelana mabaka le mahoo-hoo ana a chesehang ka ho feteletseng, empa o ile a thibeloa ho beha bophelo ba hae kotsing ka tsela ena.—Liketso 19:26-41.

      15. E ka ’na eaba ho ne ho hlalosoa boemo bofe bo feteletseng ho 1 Bakorinthe 15:32?

      15 Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a hlalosa boemo bo feteletseng haholo ho feta ketsahalo e boletsoeng ka holimo. Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a botsa: “Haeba, joaloka batho, ke loanne le libata Efese, ke ha molemo oa eng ho ’na?” (1 Bakorinthe 15:32) Sena se ka ’na sa bolela hore bophelo ba Pauluse bo ne bo sa sokeloe feela ke batho ba bobatana empa bo ne bo sokeloa ke libata tsa sebele ka lebaleng la lipapali la Efese. Ka linako tse ling kotlo ea linokoane e ne e le ho qobelloa ho loantša libata ha bongata bo nyoretsoeng mali bo shebeletse. Haeba Pauluse o ne a bolela hore o ile a talimana le libata tsa sebele, e tlameha ebe motsotsong oa ho qetela ka mohlolo o ile a sireletsoa lefung le sehlōhō, joalokaha Daniele a ile a pholosoa litleneng tsa litau tsa sebele.—Daniele 6:22.

  • Ho Arolelana Matšeliso ao Jehova a Fanang ka ’Ona
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • 16. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tse ngata li ka ba matšoenyehong ao Pauluse a ileng a feta ho ’ona? (b) Re ka tiiseha ka eng mabapi le ba ileng ba e-shoa ka lebaka la tumelo ea bona? (c) Ho pholoha ha Bakreste lefung ka lesobana la nale ho bile le phello efe e molemo?

      16 Bakreste ba bangata ba kajeno ba ka ba matšoenyehong ao Pauluse a bileng ho ’ona. (2 Bakorinthe 11:23-27) Le kajeno Bakreste ba bile “tlas’a khatello e fetisisang e ka ’nģane ho matla a [bona],” ’me ba bangata ba ’nile ba talimana le maemo ao ho ’ona ba ‘neng ba se na bonnete ka ho feletseng ka bophelo ba bona.’ (2 Bakorinthe 1:8) Ba bang ba shoetse matsohong a babolai ba bangata le bahlorisi ba sehlōhō. Re ka tiiseha hore matla a Molimo a tšelisang a ile a ba nolofalletsa ho mamella le ho shoa lipelo tsa bona le likelello li ntse li tsepame phethahatsong ea tšepo ea bona, ebang ke tšepo ea leholimong kapa ea lefatšeng. (1 Bakorinthe 10:13; Bafilippi 4:13; Tšenolo 2:10) Maemong a mang, Jehova o tsamaisitse litaba, ’me barab’abo rōna ba ’nile ba pholosoa lefung. Ha ho pelaelo hore ba pholositsoeng ka tsela eo ba hlaoletse tšepo e eketsehileng “ho Molimo ea tsosang bafu.” (2 Bakorinthe 1:9) Ka mor’a moo, ba ne ba ka bua ka kholiseho e eketsehileng ha ba ntse ba arolelana le ba bang molaetsa oa Molimo o tšelisang.—Matheu 24:14.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela