Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • 10 La pele, re ithaopela ho ntša menehelo hobane re rata Jehova ’me re batla ho “etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.” (1 Joh. 3:22) Ka sebele, Jehova oa thaba ha morapeli oa hae a fana ho tsoa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantsoe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste oa ’nete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekhonono. Ho e-na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ea hae.”c Seo se bolela hore o fana ka mor’a hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa joang. Jehova o rata motho ea joalo, kaha Bibele e re: “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Phetolelo e ’ngoe e beha taba ena tjena: “Molimo o rata batho ba ratang ho fana.”

  • Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • c Setsebi se seng se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “entse qeto” “le bolela hore motho o se a ikemiselitse esale pele.” Se phaella ka ho re: “Le hoja motho a thaba ha a fana, ho ntse ho hlokahala hore a rere esale pele le hore a fane kamehla.”—1 Bakor. 16:2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela