Na ho Fana ka Liphallelo ke Eona Tharollo?
LE HOJA khafetsa litabeng ho hlahella likoluoa tsa tlhaho, bofutsana, tlala, maloetse le mathata a amang tikoloho, ho boetse ho bonahetse mokhoa o mong o ratehang, e leng oa ho fana ka seatla se bulehileng. Ka linako tse ling, litabeng ho hlahella liphatlalatso tsa hore barui ba fane ka liranta tse limilione tse likete ho thusa mererong e itseng ea bohlokoa. Batho ba tummeng ba atisa ho sebelisa boemo ba bona ho hlokomelisa batho ka mathata a itseng a tebileng. Esita le batho ba bang ba bangata bao eseng barui ba fana ka ho itseng ho thusa mererong e sa tšoaneng. Empa ho fana ka lichelete ka seatla se bulehileng ho ka thusa ho isa bohōleng bofe, haholo-holo lilemong tse tlang?
Na Batho ba Fana ho Feta Leha e le Neng Pele?
Ho bonahala eka linaheng tse ling batho ba ntseng ba eketseha ba fana ka thuso ea lichelete. Buka e ’ngoe e re: “Qalong ea lekholo lena la bo-mashome a mabeli a motso o mong la lilemo, ho na le mekhatlo ea [liphallelo] e nang le chelete e ngata, linaheng tse ngata ho feta leha e le neng pele.” Ho lebeletsoe hore ha barui ba ntse ba eketseha le liphallelo tseo ba fanang ka tsona li tla tsoela pele ho eketseha. Hase feela hore ba bang ba tla fana ka ho eketsehileng empa ha barui ba shoa, ho lebeletsoe hore mafa ao ba a abetseng mekhatlo ea liphalello a tla eketseha. Ke ka ho utloahalang hore ebe koranta ea Brithani e bitsoang The Economist e ile ea re re ka ’na ra bona qaleho ea nako eo “batho ba fanang ka liphallelo ho feta leha e le neng pele.”
Lebaka le leng le etsang hore batho ba fane hakana ke hobane mebuso e hlōleha ho rarolla mathata a hlokisang batho botsitso. Moemeli ea khethehileng oa Machaba a Kopaneng Litabeng tsa HIV/AIDS Afrika o ile a bontša hore lebaka la hore ebe batho ba bangata ba tummeng ba ntse ba ikakhela ka setotsoana litabeng tsa bophelo bo botle lefatšeng lohle, ke hobane “baeta-pele ba lipolotiki ba hlōlehile ka ho feletseng.” Bukeng ea hae e bitsoang The Foundation: A Great American Secret—How Private Wealth Is Changing the World, Joel Fleishman o re ebang ke mathata a amang bofutsana, tlhokomelo ea bophelo, tikoloho, litaba tsa thuto kapa toka sechabeng, ka ho khetheha, barui “ba ntse ba felloa ke mamello tabeng ea hore ebe mebuso le mekhatlo ea machaba e sitoa ho rarolla mathata ana kapa ho ntlafatsa maemo.” E le ha ba labalabela ho ntlafatsa boemo bo teng hona joale, barui ba bang ba fanang ka liphalello ba leka ho sebelisa mekhoa e entseng hore ba atlehe likhoebong tsa bona.
Tšusumetso eo ho Fana ka Liphallelo ho Nang le Eona
Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, batho ba ile ba qala ho fana haholo ka liphallelo. Bo-rakhoebo ba emeng hantle licheleteng ba kang Andrew Carnegie le John D. Rockefeller, Sr., ba ile ba etsa qeto ea ho thusa bafutsana ka lichelete. Bafani bana ba ile ba hlokomela hore le hoja mekhatlo e teng ea liphalello e ne e fepa batho ba lapileng kapa e hlokomela bana ba kulang, e ne e sa rarolle lintho tse bakang mathata. Ha ba hlokomela hore ho hlokahala mokhoa o hlophisehileng haholoanyane oa ho fana, ba ile ba theha litsi le mekhatlo e neng e tla khothalletsa liphetoho sechabeng le ho tšehetsa ka lichelete liphuputso tse reretsoeng ho rarolla lintho tse bakang mathata ao. Ho tloha lilemong tseo tse qalang, ha e le hantle ho thehiloe mekhatlo e joalo e likete tse mashome lefatšeng ka bophara, e fetang 50 e na le chelete e balloang liranteng tse fetang limilione tse likete tse 6,7.
Ha ho pelaelo hore e finyeletse katleho e khōlō. Ho na le likolo, lilaebrari, lipetlele, lirapa tsa boikhathollo le limusiamo tse ngata e le bopaki ba seo. Ka ho tšoanang, mananeo a reretsoeng ho ntlafatsa tlhahiso ea lijalo le ho hlahisa lijo a entse hore ho be lijo tse eketsehileng linaheng tse futsanehileng. Ho tšehetsa phuputso ea phekolo ea maloetse ka lichelete ho entse hore ho be le khatelo-pele tabeng ea ho hlokomela bophelo ba batho le hore maemong a mang, ho felisoe maloetse a itseng, a kang yellow fever.
Kaha kajeno batho ba ikemiselitse ho loantša mathata a lefatše ebile ho na le chelete e ngata ho feta leha e le neng pele ea ho etsa seo, ba bangata ba bona eka ho tla ba le katleho. Eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, o ile a bolella sehlopha sa batho ba fanang ka liphallelo ka 2006, a re: “Ho fana ka lithuso ho tla ntlafatsa haholo tsela eo batho ba phelang ka eona.”
Leha ho le joalo, ba bang bona ba hlokolosi haholoanyane. Laurie Garrett, eo e leng setsebi tabeng ea tlhokomelo ea bophelo lefatšeng ka bophara, o ile a ngola: “Motho o ne a ka nahana hore ka chelete ena e teng kaofela, mohlomong ho ne ho tla khoneha hore ho rarolloe mathata a bophelo bo botle ’meleng lefatšeng ka bophara. Empa ha ho joalo.” Hobane’ng? O bua ka melao e rarahaneng e liehisang litšebeletso, bobolu, ho se sebelisane ’moho, le tloaelo e teng ea hore ba fanang ka liphallelo ba behe meeli ea hore na chelete ea bona e sebelisoe hokae feela; ka mohlala, tabeng e kang ea AIDS.
Kaha ha ho sebelisanoe hammoho ’me chelete e “lebisoa haholo mafung a itseng a tsebahalang ho e-na le hore e sebelisetsoe ho hlokomela bophelo ka kakaretso,” Garrett o nahana hore “ho na le kotsi e khōlō ea hore mokhoa oa ho fana o sebelisoang hona joale o ka hlōleha ho finyella se lebeletsoeng oa ba oa mpefatsa maemo le ho feta.”
Lebaka Leo Eseng Chelete Feela e Hlokahalang
Ho sa tsotellehe hore na ho fana ka liphallelo ho etsoa ka sepheo sefe, ho ke ke ha rarolla mathata ka ho feletseng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore ho ba le chelete, kapa ho ruteha ho ke ke ha felisa mathata a kang meharo, lehloeo, leeme, bochaba, bomorabe le litumelo tsa bohata. Le hoja lintho tsena li tlatsetsa mathateng ao batho ba tobanang le ’ona, hase tsona lisosa tsa mahlomola. Joalokaha Bibele e bontša, ho na le mabaka a bohlokoa le ho feta a amehang.
Lebaka le leng ke hore batho ba sa phethahalang ba tsoetsoe ba e-na le sebe. (Baroma 3:23; 5:12) Ho se phethahale ho etsa hore re lule re nahana lintho tse fosahetseng le ho li etsa. Genese 8:21 e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” Ba limilione ba inehella tšekamelong ena e mpe ’me ba kenella boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate le tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Boitšoaro bona bo tlatsetsa tabeng ea ho jala maloetse, a kang ba AIDS.—Baroma 1:26, 27.
Lebaka le leng le etsang hore batho ba be mahlomoleng ke hore ha re khone ho ipusa. Jeremia 10:23 e re: “Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ea hae.” ‘Ho hlōleha ha baeta-pele ba lipolotiki ka ho feletseng,’ ho ileng ha boleloa pejana, ke le leng la mabaka a etsang hore mekhatlo e mengata ea liphalello e se ke ea batla ho sebelisana le ’muso. Bibele e re batho ba ne ba etselitsoe hore ba busoe ke ’Mōpi, eseng bona ba busane.—Esaia 33:22.
Ho feta moo, Bibele e tšepisa hore ’Mōpi, e leng Jehova Molimo, o tla rarolla mathata ’ohle a utloisang batho bohloko. Ha e le hantle, o se a ntse a nkile mehato ea bohlokoa hore a finyelle seo.
Mofani e Moholo ka ho Fetisisa
Ha ho ea ratang moloko oa batho ho feta ’Mōpi oa rōna. Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Ha e le hantle, Jehova o fane ka ho fetang chelete hore a lokolle batho litleneng tsa sebe le lefu. O fane ka Mora oa hae oa bohlokoa hore “e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Moapostola Petrose o ile a re ka Jesu ha a ngola: “O ile a jara libe tsa rōna ’meleng oa hae thupeng, e le hore re ka qeta ka libe ’me ra phelela ho loka. ‘Le ile la folisoa ka metopa ea hae.’”—1 Petrose 2:24.
Jehova o boetse o nkile mehato hore a rarolle qaka ea bobusi. O entse seo ka ho theha ’Muso oa Molimo leholimong hore o buse lefatšeng lohle. ’Muso oo o busang o le maholimong, o tla felisa bokhopo bohle ’me o tlise khotso le kutloano Lefatšeng.—Pesaleme ea 37:10, 11; Daniele 2:44; 7:13, 14.
Molimo o tla finyella seo batho ba ke keng ba se finyella, e le batho ka bomong kapa ba ikopantse, ka hore a rarolle lintho tsohle tse bakelang batho mahlomola. Kahoo, ho e-na le hore Lipaki Tsa Jehova li thehe mekhatlo ea liphallelo, li etsisa Jesu Kreste ka hore li sebelise nako ea tsona le chelete ea tsona ho phatlalatsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—Matheu 24:14; Luka 4:43.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 21]
“Molimo o Rata ea Fanang a Nyakaletse”
Mantsoe ao a fumanoang ka Bibeleng ho 2 Bakorinthe 9:7, ke molao-motheo o tataisang Lipaki Tsa Jehova. Ha li sebelisa nako le matla a tsona le ha li fana ka lintho tse bonahalang ho thusa ba bang, li leka ho latela khothatso e reng: “[Le se ke la] rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa [le] rate ka ketso le ’nete.”—1 Johanne 3:18.
Ha litlokotsi li hlaha, tse joaloka likoluoa tsa tlhaho, Lipaki li nka seo e le monyetla oa hore li thuse ba anngoeng ke likoluoa. Ka mohlala, ka mor’a hore Leholiotsoana Katrina, Leholiotsoana Rita le Leholiotsoana Wilma a hlasele libaka tse karolong e ka boroa ea United States, baithaopi ba likete-kete ba ile ba phallela libakeng tse amehileng ho ea thusa le ho tsosolosa sebaka. Ba tataisoa ke likomiti tsa moo tsa liphallelo, baithaopi bao ba ile ba lokisa le ho tsosolosa matlo a fetang 5 600 a Lipaki Tsa Jehova le Liholo Tsa ’Muso tse 90—e leng hoo e batlang e le mehaho eohle e neng e senyehile.
Lipaki Tsa Jehova ha li ntše karolo ea leshome kapa hona ho qela lichelete ka tsela leha e le efe. Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka ho feletseng ka menehelo e fanoang ka boithatelo.—Matheu 6:3, 4; 2 Bakorinthe 8:12.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Chelete e ke ke ea felisa lintho tse kulisang batho le tse ba bakelang mahlomola
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©Chris de Bode/Panos Pictures