Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • 6. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a re ho thusa nakong ea likoluoa ke karolo ea borapeli ba rōna? (b) Hlalosa kamoo mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa o etsoang kateng lefatšeng lohle kajeno. (Sheba lebokose le reng “Ha ho E-ba le Koluoa!” leqepheng la 214.)

      6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho thusa nakong ea likoluoa e le karolo ea tšebeletso ea bona le borapeli ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste baa thusana nakong ea likoluoa hobane ba “ipeha tlas’a litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Kaha ba na le takatso e matla ea ho sebelisa seo ba ithutang sona lithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa balumeli-’moho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba li etsetsang barab’abo bona, ha e le hantle ke ho bontša “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Kahoo, ha makasine ea The Watchtower ea December 1, 1975, e bua ka ho thusa barab’abo rōna, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ea likoluoa, e ile ea re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste ba nka tšebeletso ena e le ea bohlokoa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ea likoluoa ke mofuta oa bohlokoa oa tšebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • 7, 8. Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Hlalosa.

      7 Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Pauluse o ile a araba potso eo lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. (Bala 2 Bakorinthe 9:11-15.) Litemaneng tsena, Pauluse o hlalosa mabaka a mararo a ka sehloohong a ho kopanela ‘tšebeletsong ena ea phatlalatsa,’ e leng tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa. A re hlahlobeng mabaka ao.

      8 La pele, tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tlotlisa Jehova. Hlokomela kamoo Pauluse a buang ka Jehova Molimo hangata kateng ho barab’abo litemaneng tse hlano tse bontšitsoeng ka holimo. O ba hopotsa ka “polelo ea teboho ho Molimo” le ka “lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (Temana ea 11, 12) O hlalosa kamoo ho thusa nakong ea likoluoa ho etsang hore Bakreste ba ‘tlotlise Molimo’ kateng le ho rorisa “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (Temana ea 13, 14) Pauluse o ile a phethela puisano ea hae ka ho re: “Ho lebohuoe Molimo.”—Temana ea 15;1 Pet. 4:11.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela