MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 11-13
“Moutloa Nameng” ho Pauluse
Ka Bibeleng, meutloa e sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso. E ka bolela batho ba likhathatso le ba ka bakang kotsi kapa lintho tse bakang mathata. (Nu 33:55; Lipr 22:5; Eze 28:24) Ha Pauluse a ne a ngola ka “moutloa nameng,” mohlomong o ne a bua ka baapostola ba bohata le ka batho ba neng ba hanyetsa mosebetsi oa hae le hore ke moapostola. Mangolo a ka tlaase moo, a bontša joang lintho tse ling tseo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le “moutloa nameng” ho Pauluse?
Ke eng ntho eo e leng “moutloa nameng” ho uena?
U ka itšetleha ka Jehova joang e le hore a u thuse ho mamella?