Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa—2005 | August 1
    • 4. Ke boemo bofe bo sa khaotseng boo Pauluse a neng a lokela ho bo mamella, ’me boemo bo joalo bo ka re ama joang?

      4 Nahana ka se ileng sa hlahela moapostola Pauluse. O ile a ngola a re: “Ke ile ka fuoa moutloa nameng, lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele.” O ile a eketsa ka ho re: “Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Jehova o ile a utloa kōpo ea hae. Leha ho le joalo, o ile a bontša Pauluse hore o ne a ke ke a mo rarollela bothata boo ka tsela ea mohlolo. Ho fapana le moo, Pauluse o ne a tla lokela ho itšetleha ka matla a Molimo hore a mo thuse hore a mamelle “moutloa nameng” ea hae.b (2 Bakorinthe 12:7-9) E ka ’na eaba joaloka Pauluse, le uena u ntse u tšoenngoa ke teko e itseng. Mohlomong ua ipotsa, ‘Na ebe taba ea hore ha ho bonahale eka ho na le ntho eo Jehova a e entseng ka teko ea ka, e bontša hore ha a bone boemo ba ka kapa ha a ntsotelle?’ Ho hang, ha ho joalo! Seo Jesu a ileng a se bolella baapostola ba hae nakoana ka mor’a ho ba khetha, se hatisa hore Jehova o amehile haholo ka bahlanka ba hae ba tšepahalang. A re boneng kamoo mantsoe a hae a ka re khothatsang kateng kajeno.

  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa—2005 | August 1
    • b Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ha Pauluse a ne a re o na le “moutloa nameng” o ne a bua ka eng. E ka ’na eaba o ne a kula, mohlomong a sa bone hantle mahlong. Kapa mohlomong poleloana e reng “moutloa nameng” e bua ka baapostola ba bohata le ba bang ba neng ba hanyetsa hore Pauluse ke moapostola ba bile ba le khahlanong le tšebeletso ea hae.—2 Bakorinthe 11:6, 13-15; Bagalata 4:15; 6:11.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela