-
Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?Molula-Qhooa—1987 | June 15
-
-
Ka ho khethehileng Bibele e hatisa tlamo ea batsoali ho bana. Mabapi le thuso eo phutheho e neng e mo etselitse eona, moapostola Pauluse o ile a ngola: ‘Hase bana ba tšoanetseng ho bokellela bo-ntat’a bona, empa e le bo-ntat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.’ (2 Ba-Korinthe 12:14) H. B. Clark, setsebi se tummeng sa molao, o ile a hlalosa: “Tlamo ea tlhaho le ea botho e itšetlehile ka hore ntate a lokisetse bana ba hae.” E le hlooho e khethiloeng ke Molimo tsamaisong ea lelapa, ntate o na le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho ba mofepi. Hangata mosali o thusa ka ho hlokomela lelapa ka masene, a sebelisa lichelete ka bohlale, haesita le ho sebetsa ka ntle ho lelapa ha maemo a ho hloka.—Bapisa Liproverbia 31:10-31.
Leha ho le joalo, hlokomela hore batsoali ba khothaletsoa ho etsa ho fetang ho fumana chelete feela. Ba phehelloa ho “bokellela” bana ba bona. Batsoali ba latelang keletso ena e bohlale hangata ba khona ho thusa bana ba bona leha bana ba se ba hōlile ’me ba tlohile lapeng. Hona ho loketse ka ho khethehileng ha bana ba phehelletse tšebeletso ea Bokreste ea nako e tletseng ’me nako le nako ba hloka thuso ea lichelete hore ba ’ne ba tsoele pele tšebeletsong eo. Ha ho moo ho boleloang hore batsoali ba lokela ho “bokellela” letetekhu la seng seo ba sa amaneng haufi-ufi le sona.
-
-
Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?Molula-Qhooa—1987 | June 15
-
-
Leha ho le joalo, batsoali ha baa lokela ho etsa qeto ea hore ba ka hafotsa lichelete tsa bona ka tumelo ea hore neng kapa neng, ba ka batla thuso ea lintho tse bonahalang ho bana ba bona. Leha e le hore ho bolela hore ba lokela ho khathatsa ka hore ba hlokomeloe ke bana ba bona, bao hangata ba nang le malapa a bona ao e leng oona a pele a ba tlammeng. Pono ena e tumellanong le mantsoe a Pauluse: ‘Hase bana ba tšoanetseng ho bokellela bo-ntat’a bona, empa e le bo-ntat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.’—2 Ba-Korinthe 12:14.
Ha litaba li tsamaea hantle, batsoali ba ka ’na ba khona ho iphumanela ntlo eo e leng ea bona, thepa ea bona le mohloli oa chelete (ho akarelletsa lithuso tsa mosebetsing kapa tsa ’muso) tse ka ba phelisang botsofaling ba bona. ‘Chelete ke tširelo,’ ’me ka ho ‘ipokellela’ eona ka bohlale, batsoali hangata ba ka qoba ho imetsa bana ba bona licheleteng le maikutlong hamorao bophelong.—Moeklesia 7:12.
-