-
“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”Molula-Qhooa—2008 | September 1
-
-
HO NA le lintho tse ngata bophelong—tse kang ho utloa bohloko, ho soetseha le ho jeoa ke bolutu—tse ka bakelang motho masoabi esita le ho hloka tšepo. Linakong tse joalo u ka ’na ua ipotsa, ‘Nka fumana thuso hokae?’ Mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho 2 Bakorinthe 1:3, 4 a bontša mohloli o sa feleng oa matšeliso—e leng Jehova Molimo.
Temaneng ea 3, Molimo o bitsoa “Ntate oa mehauhelo e bonolo.” Seo se bolela’ng? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mehauhelo e bonolo” le ka fetisa mohopolo oa ho qenehela ba utloang bohloko.a Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso bo eketsehileng ka Bibele e re lentsoe lena le ka fetoleloa e le “ho utloela bohloko” kapa “ho tsotella haholo.” “Mehauhelo e bonolo” ea Molimo e mo susumelletsa hore a nke khato. Ho tseba tšobotsi ena ea botho ba Molimo ho etsa hore re batle ho atamela ho eena, na ha ho joalo?
Pauluse o boetse o bitsa Jehova “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Mona Pauluse o sebelisa lentsoe leo hangata le akarelletsang “mohopolo oa ho tšelisa ea mathateng kapa ea saretsoeng le mohopolo oa ho fana ka thuso e tobileng kapa ho khothatsa.” The Interpreter’s Bible e re: “Ha re tšelisa motho ea utloang bohloko re etsa hore a be le sebete sa ho mamella bohloko boo.”
U ka ’na ua botsa, ‘Molimo o re tšelisa joang, ’me o re fa sebete sa hore re mamelle bohloko ba rōna joang?’ O etsa sena haholo-holo ka Lentsoe la hae, Bibele, le ka mpho ea thapelo. Pauluse o re bolella hore ka lerato Molimo o re fa Lentsoe la Hae e le hore “ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Ho ekelletsa moo, ha re rapela ka pelo eohle, re ka ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Baroma 15:4; Bafilipi 4:7.
-
-
“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”Molula-Qhooa—2008 | September 1
-
-
a Molimo o bitsoa “Ntate [kapa, mohloli] oa mehauhelo e bonolo” hobane qenehelo e tsoa ho eena ebile ke tšobotsi ea botho ba hae.
-