Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa—2010 | August 1
    • Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka eng ha a ne a bua ka ‘mokoloko oa tlhōlo’?

      ▪ Pauluse o ile a ngola a re: ‘Molimo . . . o re etella pele mokolokong oa tlhōlo hammoho le Kreste ’me o etsa hore monko oa tsebo ea hae o utloahale ka rōna sebakeng se seng le se seng! Etsoe ho Molimo re monko o monate oa Kreste har’a ba ntseng ba pholosoa le har’a ba timelang; ho ba timelang re monko o tsoang lefung o e-ea lefung, ho ba ntseng ba pholosoa re monko o tsoang bophelong o e-ea bophelong.’—2 Bakorinthe 2:14-16.

      Moapostola o ne a bua ka mokete oa mokoloko oo Baroma ba neng ba tloaetse ho o etsa e le ho tlotla molaoli oa mabotho ha a ile a hlōla lira tsa ’Muso. Liketsahalong tse joalo, lintho tse hapiloeng ntoeng hammoho le batšoaruoa ba ne ba behoa pontšeng ebe ho nehelanoa ka lipoho tse tla etsoa sehlabelo ha molaoli ea hlōtseng le lebotho la hae ba ntse ba thoholetsoa phatlalatsa. Qetellong ea mokoloko oo, ho ne ho etsoa mahlabelo ka lipoho ’me mohlomong ho ne ho bolaoa batšoaruoa ba bangata.

      Buka ea The International Standard Bible Encyclopedia, e re polelo ea tšoantšetso ea “monko o monate oa Kreste” oo ho ba bang o bolelang bophelo ’me ho ba bang o bolelang lefu, “e ka ’na eaba e bile teng ka lebaka la tloaelo ea Baroma ea ho chesa libano ha ba ntse ba le mokolokong oa tlhōlo. Monko o monate o neng o bolela tlhōlo ho bahlōli o ne o hopotsa batlamuoa ba ntoa hore e ka ’na eaba ba tl’o bolaoa.”a

  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa—2010 | August 1
    • a E le hore u fumane tlhaloso ea se neng se boleloa ke Pauluse papisong eo, sheba Molula-Qhooa oa November 15, 1990, leqepheng la 27.

      [Setšoantšo se leqepheng la 23]

      Karolo ea setšoantšo se betliloeng se bontšang mokoloko oa tlhōlo oa baroma, lekholong la bobeli la lilemo C.E.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      Photograph taken by courtesy of the British Museum

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela