Nyonya Ka Ho Feletseng Tsela ea Bophelo e Lihlong ea Lefatše
“Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona khaphatsehong eo ea bohlola, ’me ba le nyefola ke hona.”—1 PETROSE 4:4.
1. Bibele e hlalosa joang tsela ea bophelo ea lefatše eo pele Bakreste ba bangata ba lekholong la pale la lilemo ba neng ba tsamaea ho eona?
“KHAPHATSEHONG eo ea bohlōla.” Ke kamoo moapostola Petrose a hlalosang tsela e lihlong ea bophelo eo ba bangata lekhōlōng la pele la lilemo ba neng ba tsamaea ho eona pele ba fetoha Bakreste. Liphetolelo tse ling li bua ka eona e le “qhafutso ea ho hloka mekhoa” (The New American Bible); le “moraha oa ho phelela menyaka” (The New Testament, ea Kleist le Lilly). Ho ne ho e-na le eng khaphatsehong ee ea bohlōla? Moapostola o qoolla bootsoa, litakatso, botahoa, meharo ea lijo le ea lino, le tšebeletso e manyala ea melimo ea bohata.—1 Petrose 4:3, 4.
2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho babatsoa kajeno?
2 Ho na le phapang e kaakang pakeng tsa lefatše lee le phutheho ea ’nete ea Bokreste! Ka mofuthu Petrose o ile a babatsa Bakreste bao a neng a ba ngolla ka hore ba ne ba se ba khaolitse ho tsamaea le metsoalle ea bona ea pele ea lefatše qhafutsong ena, moraheng ona oa bobe. Re motlōtlō haholo ho babatsa Bakreste ka mokhoa o tšoanang kajeno, ha maemo a le mabe le ho feta kamoo a neng a le kateng lekholong la pele la lilemo. Lipaki tsa Jehova li etsa boiteko bo matla ho sebelisa borapeli bo hloekileng le bo se nang litšila bo amoheloang ke Molimo oa rōna le Ntate oa rōna, bo akarelletsang ‘ho ipoloka lefatšeng re se na le lethebanyana.’ (Jakobo 1:27) Tekanyetso ea tsona e phahameng ea boitšoaro e tlisa tlotla e khōlō lebitsong la Jehova.
3. Pauluse o ne a soabisoa ke eng, eo le rōna e re soabisang kajeno?
3 Leha ho le joalo, ho boloka tekanyetso ea bona e phahameng ea ho ba mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekileng, ka linako tse ling batho ba Molimo ba lokela ho khalemela kapa hona ho khaola bao ba seng bakae ha ho bapisoa ba itumellang hore ba hoheloe hore ba khutlele mekhoeng ea boitšoaro bo hlephileng ba lefatše lena. Ena ke ntho e soabisang, ’me re ikutloa kamoo moapostola Pauluse a ileng a ikutloa kateng ha a ne a bona boemo bo tšoanang lekholong la pele la lilemo. O ngotse: “Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lōna hangata, le joale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaea e le lira ho sefapano sa Kreste; bao qetello ea bona e leng timelo, bao molimo oa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka lihlong tsa bona, ba hopotseng lintho tsa lefatše feela.” (Ba-Filippi 3:18, 19) Rōna, re le batho ka bomong, re ka qoba hore ntho e joalo e ka re etsahalla joang? Ka ho ithuta ho etsisa Jesu ka ho rata litekanyetso tse phahameng tsa ho loka tsa Jehova le ka ho hloea litšila tsa lefatše lena.—Ba-Heberu 1:9.
U Se Ke Ua Hetla
4. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha etsahala hore re hoheloe mekhoeng e nyelisehang ea lefatše lee? (b) Ke eng e tla re thusa ho qoba ho hōlisa takatso e fosahetseng?
4 Le ka mohla u se ke ua nyenyefatsa matla a sebe. Lintho tse hohelang tsa lefatše lena li matla li bile li ngata; Diabolose o bolotsana o bile o kotsi; pelo ea motho e mano. (1 Johanne 2:15-17; 1 Petrose 5:8; Jeremia 17:9) Ha pelo e tsepama takatsong ea eona ea ntho eitseng, hangata ha e sa mamela monahano. Ke ka hona re fumanang likhopotso tse ngata hakana Lentsoeng la Molimo ho re thusa ho boloka lipelo tsa rōna li inehetse ho Jehova le ho etseng thato ea hae. Ke habohlokoa haholo hore re se ke ra lumella litakatso tse fosahetseng esita feela le hore li ka qala ho hōla ka lipelong tsa rōna. (Jakobo 1:14, 15; Mattheu 5:27-30) Re tlameha ho lula re matlafatsa lipelo tsa rōna ka mabaka ao ka ’ona re lokelang ho rata se nepahetseng le ho nyonya ka ho feletseng le ho hana litsela tse litšila tsa lefatše lena. Moapostola Pauluse o ile a ho akaretsa ka tsela ena: “Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloeang ho hobe, le khomarele ho molemo.”—Ba-Roma 12:9.
5. Ke hobane’ng ha ho le bohlale ho hlahloba lipheo tsa rōna le litakatso tsa rōna ka hloko?
5 Ha re talima kotsi ea ho kheloha tseleng ea Bokreste, ke bohlale hore ka bomong re lule re ntse re hlahloba lipheo tsa rōna, litakatso tsa rōna, lipakane tsa rōna. Na uena ka bouena u tšoana le Bakreste bao Petrose a neng a ka ba babatsa ka ho se khutlele “khaphatsehong eo ea bohlōla”? Kapa, ka linako tse ling u bonahatsa boikutlo ba mosali oa Lota, ea ileng a hetla morao ka ho labalabela lintho tseo a neng a lopolotsoe ho tsona?—Genese 19:26; Luka 17:31-33.
Bokhopo Bo Ngatafetse “Mehleng ea Qetello”
6, 7. (a) Ke boitšoaro bofe mabapi le monyaka boo Bibele e reng bo ne bo tla tšoaea ‘mehla ea qetello’? (b) Batho ba lefatše ba ikhantsa ka monahano oa bona o litšila le liketso tsa bona tse litšila joang?
6 Ak’u nahane ka motsotsoana ka lefatše leo re iphumanang re le ho lōna qetellong ea lekhōlō lena la bo20 la lilemo. Ho na le bokhopo bo bongata hakaakang! Joalokaha moapostola Pauluse a boletse esale pele, banna le basali ke “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Ka sebele, ‘batho ba lonya, ba thetsang, ba ntse ba tsoela pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.’—2 Timothea 3:1, 4, 13.
7 Bofebe, bohlōla, bosodoma ba banna, le ba basali le ho ntša limpa—mantsoe ana le a mang a se a fetohile lipolelo tse buuoang ka malapeng. Lintho tse joalo li buuoa ka bolokolohi le ka mokhoa o khahlisang seea-lemoeeeng le thelevishineng le lihlopheng tsa batho ba bolumeli le ba thuto. Libuka tsa bootsoa li fetohile khoebo e khōlō ’me bohle ba ka li fumana habobebe. Tse ling tsa libaesekopo tse ratoang ka ho fetisisa, litšoantšiso, le lipale tsa lithelevishine li akarelletsa lipale tse amanang le boitšoaro bo bobe ba mofuta o mong o itseng. Re leboha hakaakang hore e be ha re karolo ea see! Hape ho hlokahala hore re loane ka thata hakaakang hore re kholisehe hore mashano a mano joalo a se ame lipelo tsa rōna!
8. Bibele e re re lokela ho etsa joang le hore ha rea lokela ho etsa joang mabapi le mekhoa ea boitšoaro bo bobe ea lefatše lee?
8 Bakreste ba bohlale ba utloa temoso ea Pauluse: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli . . . Le qamake seka khahlisang Morena . . . Ha ho le joalo, iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale.” Ho e-na le hoo, Pauluse o boletse hore re lokela ho nahana ka lintho tsa ’nete, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, le tse nang le bokhabane.—Ba-Efese 5:3-16; Ba-Filippi 4:8.
9. Ke eng e ka ’nang ea etsahala habobebe haeba re khetha boithabiso bo belaetsang?
9 Na ka hloko u lula u hopotse keletso ee e utloahalang ha u khetha boithabiso? Hopola, ha re mamela lintho tse nyelisehang haholoanyane, tsela ea bophelo ea lefatše e bonahala e amoheleha haholoanyane, e hlile e se mpe hakaalo. Re ka ba ra ’na ra qala hore ka sephiring re khahloe kapa re qale ho etsisa ba hlahelletseng lipapaling kapa boithabisong ba etsang lintho tse joalo. Ela hloko tšekamelo leha e le efe e joalo.
U Se Ke Ua Tšoasoa ke Monahano oa Lefatše Lena
10. Balateli ba Epicurus ba lekholong la pale la lilemo ba ne ba sebelisa filosofi efe ea bophelo?
10 Mehleng ea Pauluse ba bangata ba ne ba inehela filosofing ea balateli ba Epicurus, ba neng ba phelela monyaka, ho khotsofatsa litakatso. Ba ne ba re, ha lefu le u khaoletsa, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e felile ka uena. Kahoo ke hobane’ng ha u sa fumane monyaka oohle oo u ka khonang ho o fumana bophelong ha u sa ntsane u phela, hobane hosasane u ka ’na ua shoa?
11. Kajeno batho ba bangata ba lefatše ba etsisa balateli ba Epicurus ka monahano oa bona le ka liketso tsa bona joang?
11 Kajeno ba bangata ba na le boikutlo bo tšoanang. Ka ho hloka lihlong ba ikakhela menyakeng ea mefuta eohle, ba sa nahane ka ho teba hore na boitšoaro ba bona bo ama ba bang joang. Ho bona Molimo ha o eo, kapa, le haeba o teng, ha o fane ka bopaki ba hore o tsotella litaba tsa batho. Kamoo ba bolelang kateng—kaha motho o bile teng ka hore lintho li iketse—ha ba hlile ha ba hloke ho ikarabella ho motho leha e le ofe ha e se ho bona ka bobona le ho sechaba seo ba phelang ho sona. Ho bile ho na le boikemelo ba ho itšoara joaloka liphoofolo. Haeba mekhoa ea boitšoaro bo bobe eo Bibele e e nyatsang e natefela nama, ka sebele ha ea lokela ho nyatsoa. Batho ba joalo ba phea khang ea hore na ke hobane’ng ha u ka phela bophelo ba ho itima menyaka le ho ferekana kelellong ha kaofela ha rōna re fella sebakeng se le seng—lebitleng?
12, 13. (a) Ho ka ba le kotsi efe haeba Bakreste ba pepesetsoa monahano oa lefatše? (b) Motso oa bothata e ne e le ofe Korinthe? (c) Ho lokela ho etsoa joang ho etsa hore re se angoe ke maikutlo a boikhabi ka bophelo?
12 Hoa hlokomeleha hore Bakreste ba bang Korinthe ba bonahala ba ile ba angoa ke mokhoa ona oa ho nahana. Ha a ngolla phutheho e neng e le moo, Pauluse o ile a lumela hore “ekare ha bafu ba sa tsohe,” joale polelo e neng e tloaelehile mehleng eo e reng: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa,” e ne e tla ba le kelello. Empa ka potlako o pepesa monahano ona e le o isang tahlehong: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle. Hlaphoheloang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ea Molimo; ke le bolella hoo, e be lihlong ho lōna.”—1 Ba-Korinthe 15:32-34.
13 Hlokomela kamoo Pauluse a fihlang motsong o nepahetseng oa bothata ba Bakreste bao ba Korinthe. Monahano oa bona o fosahetseng o ne o hlahisitsoe ke litloaelano tse mpe. Re ka ithuta ho hong ho sena. Haeba re se seli, re ka ’na ra qala ho nahana hore re lokela ho latsoa menyaka e meng e thibetsoeng pele re tsofala haholo hore re ka e thabela kapa pele re e-shoa. Haeba re e-na le tšekamelo eitseng ea ho nahana ka tsela ena, ho hlokahala hore re potlakele ho fetola tsela ea rōna ea ho nahana. Joang? Hopola hore maikutlo ana a boikhabi a iphapanyetsa litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. A bontša ho haelloa ke tumelo litšepisong tsa Molimo tse tiileng, ho akarelletsa tšepo ea tsoho. Esita le ha re sheba litaba ho tsoa phihlelong, ba phelang bophelo ba boitšoaro bo hlephileng ba itlisetsa masisa-pelo a mangata le likhathatso tse ngata. Ho fumana kutloisiso e nepahetseng, ho hlokahala hore ba ‘hlaphoheloe, ba phele ka ho loka.’ Ba ke ke ba nahana ka mokhoa o nepahetseng le ka ho hlaphoheloa haeba ba “hloka tsebo ea Molimo.”
14. Ke bo-mang ba ke keng ba e-ja lefa la mahlohonolo a ’Muso oa Molimo, empa Pauluse o ile a lumela eng ka bophelo ba nakong e fetileng ba ba bang?
14 Pejana lengolong la hae le eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore lihlōla, bafebi, ba rapelang litšoantšo, basodoma, masholu, ba meharo, matahoa, basebi, le baqhekelli, bao kaofela ba neng ba atile Korinthe, e ne e ke ke ea eba karolo ea ’Muso oa Molimo. A phaella: “’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe.” Ho hloekisoa ha bona ka tsela ena ho ne ho bontša matla a Lentsoe la Molimo le sehlabelo sa topollo. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ka sebele, ho khutlela litšileng tsa lefatše la khale e ne e tla ba bothoto bo boholo ka ho fetisisa!
15. Ke puo efe ea tšoantšetso eo Petrose a e sebelisang ho hlalosa boemo ba ba khutlelang mekhoeng e litšila ea lefatše lee?
15 Petrose o itse: “Hobane ba ne ba se ba balehetse litšila tsa lefatše, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna, ’me ba boetse ba itšoasitse ho tsona, ’me ba hlōtsoe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello li mpe ho fetisa tsa pele. Empa ba hlahetsoe ke taba ea setšoantšo sa ’nete se reng: Ntja e khutletse mahlatseng a eona, ’me kolobe, hobane e hlatsuoe, e boetse e ipitikile seretseng.” (2 Petrose 2:20, 22) A puo e matla! Empa ka linako tse ling ho hlokahala mantsoe a matla ho hatisa ho rōna ho teba ha keletso e fanoang. Temoso ena e neiloeng Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ke e re loketseng haholoanyane kajeno.
Re Kotula Seo Re Se Jalang
16. Ke ka litsela life motho a ‘kotulang seo a se jalang’ ha a phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng?
16 Linthong tsohle tse ba pota-potileng Bakreste ba bona bopaki ba hore bophelo ba boitšoaro bo hlephileng ba lefatše lena bo kotsi, boa bolaea. (Ba-Roma 1:18-32) Karolong ea boitšoaro ba botona le botšehali feela nahana ka masisa-pelo le mahlomola a hlahang ha ho sa hlonepshoe molao oa Molimo oa boitšoaro: malapa a qhalaneng, likemaro tsa matšeho, ho ntšoa ha limpa, peto, ho hlekoa-hlekoa ha bana, le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botsehali, ha re bolela tse seng kae feela. Hape ho na le mathata a bophelo a hlahang ha ’mele o sebelisoa hampe ka ho ja ho tlōlisa le ho noa ho tlōlisa, le ho sebelisa lithethefatsi hobane feela ho le monate. Hangata ho inehela meharong ho fella ka ho utsoa le bolotsana. Ho hang ha ho na tlōlo leha e le e fe ea molao oa Molimo e sa felleng ka ho hlahisetsa mofosi kotsi e ’ngoe eitseng maikutlong kapa ’meleng. Ho joalokaha moapostola Pauluse a hopolitse Bakreste: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.”—Ba-Galata 6:7, 8.
17. Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho susumetsoa hore a phele ka litekanyetso tse lokileng tsa Molimo?
17 Ka lehlakoreng le leng, Mangolo a fana ka mabaka a matla hakaakang a ho boloka litekanyetso tsa Molimo! Seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ke ’nete e kaakang: “Motho ea tšepehang o ruile mahlohonolo.” (Liproverbia 28:20) Ba nyonyang tsela ea bophelo e lihlong ea lefatše lena ba qoba liphello tse sisimosang tsa bophelo ba boitšoaro bo hlephileng. Ba thabela kamano e hloekileng le baena ba bona le likhaitseli tsa bona, le Molimo oa bona, Jehova. Ho feta moo, ba na le tšepo e hlollang ea ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Kaha joale re se re kene haholo qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, bao ba “linku tse ling” ba bile ba na le tšepo e khethehileng ea ho feta “mahlomoleng a maholo” ba ntse ba phela ’me ba ke ke ba e-shoa ho hang. Haeba lefu le ba khaoletsa pele ho moo, ba na le tumelo e tiileng tšepisong ea Molimo ea ho tsosa bohle ba mabitleng a khopotso. (Johanne 5:28, 29, NW; 10:16; Tšenolo 7:14) Ha re talima sena sohle, ke hobane’ng ha motho ofe kapa ofe aka nahana esita le ka nakoana feela ka ho kenella mekhoeng e nyonyehang ea lefatše lee?—Ba-Roma 6:19-23; 1 Petrose 4:1-3.
18. (a) Jehova o tla ahlōla “batho ba nyefolang” joang “mahlomoleng a maholo”? (b) Jehova o itlhalosa joang mantsoeng a hae a ho qetela a tlalehiloeng ka Bibeleng mabapi le hore na o tla phethahatsa kahlōlo joang?
18 Bibele e bontša ka ho hlaka hore re phela karolong ea ho qetela ea seo e se bitsang “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3, NW) Petrose o boletse hore “maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lōna leo, li boloketsoe letsatsi la kahlōlo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” (2 Petrose 3:7) Ha letsatsi lena la kahlōlo leo e leng khale le letetsoe le fihla, polelo ea hore motho a ka sebetsa ntle le Molimo, le hore boitšoaro ba hae bo babe, bo mabifi bo mpa feela bo hlahisitsoe ke thuto ea hore lintho li ikentse e tla cha e fele. (Ba-Kolosse 3:5, 6) Mamela kamoo Molimo, ka booona, o hlalosang phello bakeng sa ba o sebeletsang le ba sa o sebeletseng mantsoeng a oona a ho qetela a tlalehiloeng ka Bibeleng: “Bonang, ke phakisa ke e-tla, ’me ke tšoere moputso oa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang liketso tsa hae. . . . Ho lehlohonolo ba hlatsoang liaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, ’me ba kene motseng ka menyako ea oona. Empa kantle ho tla qala lintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang melimo ea bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.”—Tšenolo 22:12-15.
19. Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe ha re talimana le bokamoso?
19 Ha boemo ba boitšoaro ba lefatše lena bo ntse bo mpefala, ikemisetse ka ho tiea ho khahlisa Jehova ka ho etsa se hloekileng, se hlomphehang le se nepahetseng. Tsoela pele ho batla moputso oa bophelo. Hana ho haptjoa hore u khutlele “khaphatsehong eo ea bohlōla” ea lefatše lena, eo e leng monyako oa lefu. U ka hlōla ntoa khahlanong le monahano oa boitšoaro bo hlephileng haeba u nyonya ka ho feletseng tsela ea bophelo e lihlong ea lefatše lena!
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho e-na le kotsi ea ho kenella mekhoeng e lihlong ea lefatše lee?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be seli haholo ha re khetha boithabiso?
◻ Ke monahano ofe o bolaeang o ka re susumetsang habobebe haeba re tloaelana le balateli ba Epicurus ba mehleng ea kajeno?
◻ Kahlōlo ea Jehova ke efe khahlanong le ba khutlelang tseleng ea bophelo e lihlong ea lefatše lee ba sa bake?
◻ Ke mahlohonolo afe a larileng kapele bakeng sa ba sa keneng boitšoarong bo nyonyehang ba lefatše lee?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ho nyonya ka ho feletseng tsela ea bophelo e lihlong ea lefatše lena ho tla thusa bahlanka ba Molimo ho kena lefatšeng le lecha la ho loka
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Boithabiso bo lihlong ba lefatše bo ka tšoasa Mokreste oa leoatla