“Haeba Molimo a Eme le Rōna, ke Mang ea Tla ba Khahlanong le Rōna?”
“Joale, re tla re’ng linthong tsee? Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?”—BAROMA 8:31.
1. Ke bo-mang ba ileng ba tloha Egepeta le Baiseraele, hona ba ile ba susumetsoa ke eng ho etsa joalo?
HA Baiseraele ba leba tokolohong ka mor’a ho qeta lilemo tse 215 Egepeta, boholo ba nako eo e le makhoba, ‘sehlopha se seholo se tsoakaneng se ile sa tsamaea le bona.’ (Exoda 12:38) Batho bana bao e neng e se Baiseraele ba ne ba ile ba angoa ke likotlo tse tšabehang tse leshome tse ileng tsa baka tšenyo Egepeta ’me tsa nyelisa melimo ea eona ea bohata. Ka nako e tšoanang, ba ne ba hlokometse matla a Jehova a ho sireletsa sechaba sa hae—haholo-holo ho tloha ka kotlo ea bone ho ea pele. (Exoda 8:23, 24) Le hoja tsebo ea bona ka merero ea Jehova e ne e fokola, ba ne ba kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Melimo ea Egepeta e ne e hlōlehile ho sireletsa Baegepeta, empa Jehova o ne a bile matla bakeng sa Baiseraele.
2. Ke hobane’ng ha Rahaba a ile a tšehetsa lihloela tsa Baiseraele, hona ke hobane’ng ha ho ne ho tšoaneleha hore a tšepe Molimo oa bona?
2 Lilemo tse 40 hamorao, pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Joshua, mohlahlami oa Moshe, o ile a romela banna ba babeli ho ea hloela naha. Ha ba le moo ba ile ba teana le Rahaba, moahi oa Jeriko. Ho seo a neng a ile a se utloa ka liketso tsa Jehova tse matla ha a sireletsa Baiseraele ka lilemo tse 40 ho tloha ha ba tloha Egepeta, o ne a tseba hore haeba a batla tlhohonolofatso ea Molimo, o lokela ho tšehetsa sechaba sa hae. Ka lebaka la qeto ea hae e bohlale, eena le ba ntlo eabo ha baa ka ba timetsoa ha Baiseraele ba hapa motse oo hamorao. Eona tsela ea mohlolo eo ba ileng ba pholosoa ka eona e ne e le bopaki bo hlakileng ba hore Molimo o ne a e-na le bona. Kahoo, ho ne ho tšoaneleha hore ebe Rahaba o ile a tšepa Molimo oa Baiseraele.—Joshua 2:1, 9-13; 6:15-17, 25.
3. (a) Jesu o ile a etsa mohlolo ofe haufi le motse o tsosolositsoeng oa Jeriko, ’me baruti ba Bajuda ba ile ba nka khato efe? (b) Bajuda ba bang, ’me hamorao le batho ba bangata bao e seng Bajuda ba ile ba hlokomela eng?
3 Lilemo tse 1 500 hamorao, Jesu Kreste o ile a folisa mokōpa-kōpa oa sefofu haufi le motse o tsosolositsoeng oa Jeriko. (Mareka 10:46-52; Luka 18:35-43) Monna enoa o ile a kōpa Jesu ka tieo hore a mo hauhele, ho bontša hore o ne a hlokomela hore Jesu o tšehelitsoe ke Molimo. Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda le balateli ba bona, ka ho tloaelehileng ba ne ba hana ho amohela hore mehlolo eo Jesu a neng a e etsa e ne e le bopaki ba hore o ne a etsa mosebetsi oa Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba mo tšoaea liphoso. (Mareka 2:15, 16; 3:1-6; Luka 7:31-35) Esita leha ho se ho hlakile hore Jesu o ile a tsosoa bafung ha ba qeta ho mo bolaea, ba ne ba sa ikemisetsa ho lumela hore seo se entsoe ke Molimo. Ho e-na le hoo, ke bona ba neng ba li hula pele ho hloriseng balateli ba Jesu, ba leka ho sitisa mosebetsi oa bona oa ho “bolela litaba tse molemo tsa Morena Jesu.” Empa Bajuda ba bang, ’me hamorao le batho ba bangata bao e seng Bajuda, ba ile ba ela hloko liketsahalo tsena ’me ba li hlahlobisisa ka nepo. Ho ne ho hlakile ho bona hore Molimo o ne a lahlile baeta-pele ba itokafatsang ba Bajuda ’me o ne a tšehetsa balateli ba ikokobelitseng ba Jesu Kreste.—Liketso 11:19-21.
Kajeno ke Bo-mang ba Tšehelitsoeng ke Molimo?
4, 5. (a) Batho ba bang ba ikutloa joang ka ho khetha bolumeli? (b) Ha ho khetholloa bolumeli ba ’nete, potso ea bohlokoa ka ho fetisisa ke efe?
4 Tabeng ea bolumeli ba ’nete, puisanong ea morao tjena thelevisheneng moruti e mong o ile a re: “Ke tiisa hore bolumeli ke ba ’nete haeba bo etsa hore motho e be motho ea molemo haholoanyane ha a phela tumellanong le bona.” Ke ’nete hore bolumeli ba ’nete bo hlile bo etsa hore batho ba be molemo haholoanyane. Empa na taba ea hore feela bolumeli bo etsa hore batho ba be molemo haholoanyane e paka hore bo tšehelitsoe ke Molimo? Na ke eona feela ntho e bontšang hore bolumeli ke ba ’nete kapa che?
5 E mong le e mong o ananela hore ebe o khona ho iketsetsa liqeto, ho akarelletsa le ho khetha bolumeli. Empa ho ba le bolokolohi ba ho khetha ha ho tiise hore motho o tla etsa khetho e nepahetseng. Ka mohlala, batho ba bang ba khetha bolumeli ka lebaka la boholo ba bona, leruo, mekete kapa lelapa. Ho hang ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e lekanyetsang hore bolumeli ke ba ’nete kapa che. Potso ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ena e re: Ke bolumeli bofe bo khothalletsang balateli ba bona ho etsa thato ea Molimo ’me bo fana ka bopaki bo tiileng ba hore bo tšehelitsoe ke Molimo, hoo balateli ba bona ka kholiseho ba ka reng, ‘Molimo o eme le rōna’?
6. Ke mantsoe afe a Jesu a hlakisang taba ea bolumeli ba ’nete le ba bohata?
6 Jesu o ile a beha tekanyetso ea ho khetholla borapeli ba ’nete ho ba bohata ha a re: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lōna ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang. Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona.” (Matheu 7:15, 16; Malakia 3:18) A re hlahlobeng tse ling tsa “litholoana,” kapa matšoao a khethollang bolumeli ba ’nete e le hore re ka tseba hantle-ntle hore na kajeno ke bo-mang ba tšehelitsoeng ke Molimo.
Matšoao a Khethollang ba Tšehelitsoeng ke Molimo
7. Ho bolela eng ho ruta feela se thehiloeng Bibeleng?
7 Ba theha lithuto tsa bona Bibeleng. Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng. Haeba leha e le mang a lakatsa ho etsa thato ea Hae, o tla tseba malebana le thuto eo hore na ebe e tsoa ho Molimo kapa ke bua ka ho iqalla.” Hape o ile a re: “Ea tsoang ho Molimo o mamela lipolelo tsa Molimo.” (Johanne 7:16, 17; 8:47) Ka ho utloahalang, hore motho a tšehetsoe ke Molimo, o lokela ho ruta feela seo Molimo a se senolang Lentsoeng la hae ’me a hane lithuto tse thehiloeng bohlaleng ba batho kapa neanong.—Esaia 29:13; Matheu 15:3-9; Bakolose 2:8.
8. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo borapeling?
8 Ba sebelisa le ho phatlalatsa lebitso la Molimo, Jehova. Esaia o ile a bolela esale pele: “Letsatsing leo ka sebele le tla re: ‘Lebohang Jehova! Ipiletseng lebitsong la hae. Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng. Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng. Binelang Jehova lipina tsa thoriso, etsoe o entse ka mokhoa o fetisisang. Sena se tsebahatsoa lefatšeng lohle.’” (Esaia 12:4, 5) Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ka lebaka leo, ebang ke Bajuda kapa hase Bajuda, Bakreste e ne e lokela hore e be “batho bakeng sa lebitso la [Molimo].” (Liketso 15:14) Ho hlakile hore Molimo o thabela ho tšehetsa ba leng motlotlo hore e be “batho bakeng sa lebitso la hae.”
9. (a) Ke hobane’ng ha thabo e khetholla litho tsa bolumeli ba ’nete? (b) Esaia o bontša ho se tšoane ha bolumeli ba ’nete le ba bohata joang?
9 Ba bonahatsa botho ba Molimo bo thabileng. Joaloka moqapi oa “litaba tse molemo,” Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Kahoo, barapeli ba hae ba ka hloka thabo joang kapa ba lula ba hloka tšepo? Ho sa tsotellehe mahlomola a teng lefatšeng le mathata a botho, Bakreste ba ’nete ba lula ba thabile hobane kamehla ba iphepa ka matletsetletse a lijo tsa moea. Esaia o bontša ho se tšoane ha bona le ba sebelisang bolumeli ba bohata: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: ‘Bonang! Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla hlajoa ke lihlong. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo, empa lōna le tla etsa mehoo ka lebaka la bohloko ba pelo ’me le tla bokolla ka lebaka la ho sithabela ho hoholo ha moea.’”—Esaia 65:13, 14.
10. Ke joang ba nang le bolumeli ba ’nete ba qobang ho tlameha ho ithuta ka liphoso?
10 Ba theha boitšoaro ba bona le liqeto tsa bona melao-motheong ea Bibele. Mongoli oa Liproverbia oa re eletsa: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Molimo o tšehetsa ba batlang tataiso ea hae ho e-na le ho tšepa likhopolo-taba tse hanyetsanang tsa batho ba hlokomolohang bohlale ba Molimo. Ka tekanyo eo motho a ikemiselitseng ho lumellanya bophelo ba hae le Lentsoe la Molimo ka eona, ka tekanyo eona eo, o tla qoba ho tlameha ho ithuta ka liphoso.—Pesaleme ea 119:33; 1 Bakorinthe 1:19-21.
11. (a) Ke hobane’ng ha litho tsa bolumeli ba ’nete li ke ke tsa aroloa ka sehlopha sa baruti le sehlopha sa litho tsa kereke? (b) Ba eteletseng pele har’a batho ba Molimo ba lokela ho behela mohlape mohlala ofe?
11 Ba hlophisitsoe ho tšoana le phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Jesu o ile a bolela molao-motheo o reng: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste. Empa e moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna.” (Matheu 23:8-11) Phutheho ea bara ba motho e thibela hore ho se ke ha e-ba le sehlopha se ikhohomosang sa baruti se ipatlelang tlhompho ka litlotla tse phahameng le se iphahamisetsang litho tsa kereke. (Jobo 32:21, 22) Ba alosang mohlape oa Molimo ba bolelloa hore ba etse joalo “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa [ba] e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Petrose 5:2, 3) Balisa ba ’nete ba Bakreste ba qoba ho leka ho laola tumelo ea ba bang. Joaloka basebetsi-’moho tšebeletsong ea Molimo, ba mpa feela ba leka ho beha mohlala o motle.—2 Bakorinthe 1:24.
12. Molimo o lebeletse hore ba lakatsang hore a ba tšehetse ba be le pono efe e leka-lekaneng ka mebuso ea batho?
12 Ba ikokobelletsa mebuso ea batho leha ho le joalo ba lula ba sa nke lehlakore. Ea hlōlehang ho ‘ipeha tlas’a balaoli ba phahameng’ a ke ke a lebella hore a tšehetsoe ke Molimo. Hobane’ng? Hobane “balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng. Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo.” (Baroma 13:1, 2) Leha ho le joalo, Jesu o ne a hlokometse hore ho ka etsahala hore ho be le khohlano ha a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ba lakatsang ho tšehetsoa ke Molimo ba lokela ho ‘’na ba batla ’muso oa Molimo pele le ho loka ha hae,’ ha ka nako e tšoanang ba utloa melao ea naha e seng khahlanong le boikarabelo ba bona bo phahameng ho Molimo. (Matheu 6:33; Liketso 5:29) Jesu o ile a hatisa taba ea ho se nke lehlakore ha a re ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” Hamorao o ile a phaella: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 17:16; 18:36.
13. Lerato le phetha karolo efe ho khetholleng batho ba Molimo?
13 Ba hloka leeme ha ba ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Bagalata 6:10) Lerato la Bokreste ha le na leeme, le amohela batho bohle ho sa tsotellehe ’mala oa bona, boemo ba moruo kapa thuto, bochaba kapa puo. Ho sebetsa se molemo ho bohle haholo-holo ho ba amanang le bona tumelong ho khetholla ba tšehelitsoeng ke Molimo. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35; Liketso 10:34, 35.
14. Na hobane feela batho ba amoheloa ke Molimo ho bolela hore ba tla ratoa ke bohle? Hlalosa.
14 Ba ikemiselitse ho hlorisetsoa ho etsa thato ea Molimo. Jesu o ile a lemosa balateli ba hae esale pele: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa; haeba ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna.” (Johanne 15:20; Matheu 5:11, 12; 2 Timothea 3:12) Kamehla ba tšehelitsoeng ke Molimo ba ’nile ba hlouoa, joalokaha Noe ea ileng a ahlola lefatše ka tumelo ea hae a ne a hlouoe. (Baheberu 11:7) Kajeno, ba lakatsang ho tšehetsoa ke Molimo ha ba nkele lentsoe la Molimo tlaase kapa ho sekisetsa melao-motheo ea bomolimo moo ba qobang mahloriso. Hafeela ba sebeletsa Molimo ka botšepehi, baa tseba hore batho ba tla ‘makala ’me ba tsoele pele ho ba nyefola.’—1 Petrose 2:12; 3:16; 4:4.
Nako ea ho Hlahlobisisa Linnete
15, 16. (a) Ke lipotso life tse tla re thusa ho khetholla bolumeli bo tšehelitsoeng ke Molimo? (b) Batho ba limilione ba entse qeto efe, hona hobane’ng?
15 Ak’u ipotse, ‘Ke bolumeli bofe bo tsejoang ka ho khomarela Lentsoe la Molimo haufi-ufi, esita le ha lithuto tsa bona li fapana le litumelo tsa batho ba bangata? Ke bo-mang ba hatisang bohlokoa ba lebitso la Molimo, ba bile ba le sebelisa ho ikhetholla ka lona? Ke bo-mang bao ka tšepo ba lebisang tlhokomelo ’Musong oa Molimo hore ke oona feela tharollo mathateng ’ohle a batho? Ke bo-mang ba khomarelang litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro, ho sa tsotellehe hore ho tla thoe ba fetiloe ke nako? Ke sehlopha sefe se tsebahalang ka ho re ha se na baruti ba lefuoang, seo litho tsohle tsa sona e leng baboleli? Ke bo-mang ba rorisoang hobane e le baahi ba bolokang molao, le hoja ba sa nke karolo lipolotiking? Ke bo-mang bao ka lerato ba sebelisang nako le chelete ba thusa ba bang ho ithuta ka Molimo le merero ea hae? ’Me ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle tse ratehang, ba ntse ba nyelisoa, ba songoa, ba bile ba hlorisoa?’
16 Batho ba limilione lefatšeng lohle ba ’nile ba hlahlobisisa linnete ’me ba kholisehile hore ke Lipaki tsa Jehova feela tse leng bolumeling ba ’nete. Ba entse qeto ena motheong oa seo Lipaki tsa Jehova li se rutang le kamoo li itšoarang kateng, haesita le motheong oa melemo e tlisitsoeng ke bolumeli ba tsona. (Esaia 48:17) Ha e le hantle, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Zakaria 8:23, ba limilione ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”
17. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa ikhohomose ha li bolela hore li na le bolumeli ba ’nete?
17 Na Lipaki tsa Jehova lia ikhohomosa ha li bolela hore ke tsona feela tse tšehelitsoeng ke Molimo? Ha e le hantle, seo li se etsang se tšoana le seo Baiseraele ba ileng ba se etsa ha ba le Egepeta ha ba ne ba bolela hore ba tšehelitsoe ke Molimo ho sa tsotellehe tumelo ea Baegepeta, kapa seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba se etsa ha ba ne ba bolela hore ba tšehelitsoe ke Molimo empa a sa tšehetsa balateli ba bolumeli ba Sejuda. Linnete li paka hore sena ke ’nete. Linaheng tse 235 Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi oo Jesu a ileng a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla o etsa mehleng ea bofelo: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ho se lebaka la hore Lipaki tsa Jehova li khaotse ho etsa mosebetsi oa tsona oa boboleli, le hoja li hanyetsoa? (b) Pesaleme ea 41:11 e tšehetsa joang ’nete ea hore Lipaki li tšehetsoa ke Molimo?
18 Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho phetha thōmo ena, ho se mohla li lumellang mahloriso kapa khanyetso ho sitisa mosebetsi oa tsona. Mosebetsi oa Jehova o lokela ho etsoa ebile o tla etsoa. Boiteko bo bong le bo bong boo ba bang ba bo entseng lekholong le fetileng la lilemo ho thibela Lipaki ho etsa mosebetsi oa Molimo bo ile ba qetella bo hlōlehile, kaha Jehova o ile a tšepisa: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na.”—Esaia 54:17.
19 ’Nete ea hore Lipaki tsa Jehova kajeno li matla ebile li mafolofolo ho feta leha e le neng pele—’me e le tlas’a khanyetso ea lefatše lohle—ke bopaki ba hore Jehova o amohela seo li se etsang. Morena Davida o ile a re: “Ke tseba ka sena hore u khahliloe ke ’na, hobane sera sa ka ha se hooe ka tlhōlo ka lebaka la ka.” (Pesaleme ea 41:11; 56:9, 11) Lira tsa Molimo li ke ke tsa hlola li khona ho hooa ka tlhōlo ka lebaka la batho ba Jehova, kaha Moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, o hatela pele ho ea tlhōlong ea ho qetela!
Na U ka Araba?
•Mehlala e meng ea boholo-holo ea batho ba tšehelitsoeng ke Molimo ke efe?
•A mang a matšoao a khethollang bolumeli ba ’nete ke afe?
•Ke hobane’ng ha uena ka bouena u kholisehile hore Lipaki tsa Jehova li tšehelitsoe ke Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ba lakatsang ho tšehetsoa ke Molimo ba lokela ho theha lithuto tsa bona Lentsoeng la hae feela
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Baholo ba Bakreste ke mehlala ea mohlape