Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w21 June leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Molao oa Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2017-2018—E Nang le Sebui sa Moeti
  • Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
w21 June leq. 31

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ha e le ’na, ka molao ke ile ka shoa mabapi le molao”?​—Bagal. 2:19.

Moapostola Pauluse.

Pauluse o ile a re: “Ha e le ’na, ka molao ke ile ka shoa mabapi le molao, e le hore nka ba ea phelang mabapi le Molimo.”​—Bagal. 2:19.

Mantsoe a Pauluse a ne a lumellana le taba e ka sehloohong eo a neng a e bua le liphutheho tsa Roma tse profinseng ea Galatia. Bakreste ba bang ba moo ba ne ba susumetsoa ke mesuoe ea bohata. Mesuoe eo e ne e re e le hore motho a pholohe, o lokela ho mamela molao oa Molimo o ileng oa fanoa ke Moshe haholo-holo oa lebollo. Empa Pauluse o ne a tseba hore Molimo o ne a se a sa batle hore balumeli ba bolle. O ile a fana ka mabaka a matla a tiisang hore lithuto tseo li fosahetse a ba a matlafatsa Bakreste-’moho le eena tumelong sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste.​—Bagal. 2:4; 5:2.

Bibele e ruta ka ho hlaka hore ha motho a shoa, ha a utloe letho kapa hona ho angoa ke lintho tse etsahalang bophelong. (Moek. 9:5) Ha Pauluse a ne a re: “Ke ile ka shoa mabapi le molao,” o ne a bontša hore molao o ileng oa fanoa ke Moshe o ne o se o se na matla ho eena. Empa o ne a kholisehile hore ka ho lumela sehlabelong sa thekollo, o ne a tla ‘phela mabapi le Molimo.’

Boemo boo ba Pauluse bo ile ba fetoha ka lebaka la molao. Joang? O ne a sa tsoa bontša “hore motho ho boleloa hore o lokile, eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao empa feela ka tumelo ho Kreste Jesu.” (Bagal. 2:​16) Ho bua ’nete, molao o ne o entse mosebetsi oa bohlokoa haholo. Pauluse o ile a hlalosetsa Bagalata a re: “O ile oa eketsoa ho bonahatsa litlolo, ho fihlela ho ka fihla peo eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona.” (Bagal. 3:​19) Molao o ile oa hlakisa hore batho ba baetsalibe ba ke ke ba mamela molao ka ho phethahetseng le hore ba ne ba hloka sehlabelo sa ho qetela se phethahetseng. Kahoo, molao o ile oa isa batho ho “peo” e leng Kreste. Motho ea bontšang tumelo ho Jesu Kreste, Molimo o tla bolela hore o lokile. (Bagal. 3:​24) Pauluse o ile a fihlela qeto eo hobane molao o ile oa mo thusa ho amohela Jesu le ho lumela ho eena. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a “shoa mabapi le molao” empa a ‘phela mabapi le Molimo.’ Boemong bona, molao o ne o se o se na matla holim’a Pauluse empa ke Molimo ea neng a e-na le matla ho eena.

Pauluse o ile a bua ntho e tšoanang ha a ne a ngolla Baroma. O ile a re: “Barab’eso, le lona le ile la etsoa ba shoeleng mabapi le Molao ka ’mele oa Kreste . . . Re lokolotsoe Molaong, hobane re shoele ho se neng se ntse se re tšoere ka tieo.” (Bar. 7:​4, 6) Litemana tseo le Bagalata 2:​19, lia bontša hore Pauluse o ne a sa bue ka ho shoa e le moetsalibe tlas’a molao. Empa o ne a bontša hore o tla lokoloha. Molao o ne o se o se na matla ho eena le ho batho ba bang ba tšoanang le eena. Ba ile ba lokolloa ke ho lumela sehlabelong sa Kreste sa thekollo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela