Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr19 May maq. 1-9
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2019)
  • Lihloohoana
  • LA 6-LA 12 MAY
  • LA 13-LA 19 MAY
  • LA 20-LA 26 MAY
  • LA 27 MAY–LA 2 JUNE
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2019)
mwbr19 May maq. 1-9

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 6-LA 12 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 4-6

“Ha re Tele”

(2 Bakorinthe 4:​16) Ka hona ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.

w04 8/15 25 ¶16-17

Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla

Ha e le hantle, ke habohlokoa haholo hore re hlokomele bophelo ba rona ba moea. Ha re e-na le kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo, re ka ’na ra khathala ’meleng, empa re ke ke ra khathala ho mo rapela. Jehova “o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” (Esaia 40:​28, 29) Moapostola Pauluse ea neng a tseba bonnete ba mantsoe ana o ile a ngola a re: “Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.”​—2 Bakorinthe 4:16.

17 Hlokomela poleloana ena e reng “letsatsi le letsatsi.” Sena se bolela hore letsatsi le letsatsi re lokela ho sebelisa seo Jehova a re fang sona. Moromuoa e mong ea ileng a sebetsa ka botšepehi ka lilemo tse 43, o ile a tlameha ho tobana le linako tsa ho khathala ’meleng le ho nyahama. Empa ha aa ka a felloa ke matla. O re: “Ke itloaelitse ho tsoha hoseng e le hore pele ke qala mosebetsi ofe kapa ofe nka ba le nako ea ho rapela Jehova le ho bala Lentsoe la hae. Kemiso ena ea letsatsi le letsatsi e nthusitse hore ke mamelle ho fihlela hona joale.” Ka sebele re ka itšetleha ka matla a tšehetsang a Jehova haeba kamehla, e, “letsatsi le letsatsi,” re mo rapela re bile re thuisa ka litšobotsi le litšepiso tsa hae tse phahameng.

(2 Bakorinthe 4:​17) Kaha le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng;

it-1-E 724-725

Mamello

Joaloka Bakreste, ho bohlokoa haholo hore re se ke ra lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng re se re se baetsalibe. Re ke ke ra lahleheloa ke tšepo ena, le hoja bahanyetsi ba rona ba ka re bolaea. (Bar 5:​4, 5; 1Th 1:3; Tše 2:​10) Mathata ao re thulanang le ’ona hona joale, ha se letho ha a bapisoa le litšepiso tsa Molimo tse tla phethahala. (Bar 8:​18-25) Matšoenyeho ao re bang le ’ona hona joale le hoja a le bohloko, ke a ‘nakoana ’me a bobebe’ ha a bapisoa le bophelo bo sa feleng. (2Ko 4:​16-18) Ha Mokreste a hopola hore matšoenyeho ke a nakoana ’me a lula a e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Molimo, ho tla mo thusa hore a se ke a nyahama le hore a se ke a khaotsa ho sebeletsa Jehova Molimo.

(2 Bakorinthe 4:​18) ha re ntse re behile mahlo a rona linthong tse sa bonoeng, eseng linthong tse bonoang. Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(2 Bakorinthe 4:7) Leha ho le joalo, re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rona.

w12 2/1 28-29

“Thabisang Pelo ea Jehova”

David Splane, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a tšohla sehlooho sena se tsoang Mangolong. (2 Bakorinthe 4:7) Letlotlo ke’ng? Na ke tsebo kapa bohlale? O ile a araba a re: “Che, letlotlo leo moapostola Pauluse a buang ka lona ke ‘bosebeletsi bona’ ba ‘ho bonahatsa ’nete.’ ” (2 Bakorinthe 4:​1, 2, 5) Mor’abo rona Splane, o ile a hopotsa liithuti hore likhoeli tsena tse hlano tseo ba li qetileng ba ithuta e ne e le tsa ho ba lokisetsa mosebetsi o khethehileng oa boboleli. Ba lokela ho nka mosebetsi oo e le oa bohlokoa ka ho fetisisa.

O ile a hlalosa hore “lijana tsa letsopa” ke ’mele ea rona ea nama. O ile a bontša phapang pakeng tsa sejana sa letsopa le sa khauta. Lijana tsa khauta li sebelisoa ka seoelo. Athe lijana tsa letsopa tsona li etselitsoe ho sebetsa. Haeba re boloka letlotlo ka sejaneng sa khauta, re ka nka sejana seo e le sa bohlokoa joaloka letlotlo le tšetsoeng ka har’a sona. Mor’abo rona Splane o ile a re: “Ka hona, lona liithuti, sepheo sa lona hase hore ho shejoe lona. Joalokaha le le baromuoa, le batla ho lebisa batho ho Jehova. Le lijana tsa letsopa tse ikokobelitseng.”

(2 Bakorinthe 6:​13) Kahoo, e le puseletso​—ke bua joalokaha ho buuoa le bana​—le lona, le atolohe.

w09 11/15 21 ¶7

Le ’ne le Ratane ka Lerato la Bara ba Motho

Rona re ka ‘atoloha’ joang tabeng ea ho bontša lerato la bara ba motho? Ka tlhaho, batho bao e leng lithaka kapa ba morabe o le mong, ba ka ’na ba ratana. Le batho ba thahasellang boikhathollo bo tšoanang, hangata ba qeta nako e ngata hammoho. Empa haeba lintho tseo rona le Bakreste ba bang re li thahasellang li re arohanya le ba bang, re lokela ho ‘atoloha.’ Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke ka seoelo ke kopanelang tšebeletsong kapa boithabisong le bara le barali beso bao e seng metsoalle ea ka e haufi? Ha ke le Holong ea ’Muso, na ke ikamahanya hanyenyane le batho ba sa tsoa kopanela hobane ke nahana hore ba tlameha ho sebetsa ka thata pele e ka ba metsoalle ea ka? Na ke lumelisa batho ba baholo le ba banyenyane ka phuthehong?’

’Malo oa Bibele

(2 Bakorinthe 4:​1-15) Kaha re na le bosebeletsi bona ho ea ka mohau oo re ileng ra o bontšoa, ke ka lebaka leo, re sa teleng; 2 empa re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo, empa ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo. 3 Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang, 4 bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea khanya. 5 Etsoe ha re bolele rona, empa re bolela Kreste Jesu e le Morena, ’me rona re le makhoba a lona ka lebaka la Jesu. 6 Etsoe Molimo ke eena ea ileng a re: “Leseli le ke le khanye lefifing,” ’me o khantšelitse lipelo tsa rona ho etsa hore li khanye ka tsebo e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste. 7 Leha ho le joalo, re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rona. 8 Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa; 9 rea hlorisoa, empa ha rea tloheloa kherehloa; re akheloa fatše, empa ha re timetsoe. 10 Kamehla re mamella hohle ’meleng ea rona tšoaro e bolaeang e ileng ea nehoa Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa ’meleng ea rona. 11 Etsoe rona ba phelang kamehla re ntse re etsoa hore re talimane le lefu ka lebaka la Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa nameng e shoang ea rona. 12 Ka lebaka leo lefu lea sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona. 13 Joale kahobane re na le moea o tšoanang oa tumelo o kang oo ho ngoliloeng ka oona: “Ke ile ka bontša tumelo, ka hona ke ile ka bua,” le rona re bontša tumelo ’me ka hona rea bua, 14 re tseba hore ea ileng a tsosa Jesu le rona o tla re tsosa hammoho le Jesu ’me o tla re hlahisa hammoho le lona. 15 Etsoe lintho tsohle li molemong oa lona, e le hore mosa o sa tšoanelang o ileng oa atisoa o ka ata ka lebaka la liteboho tsa ba bangata haholo thorisong ea Molimo.

LA 13-LA 19 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 7-10

“Ho Thusa Nakong ea Likoluoa”

(2 Bakorinthe 8:​1-3) Joale rea le tsebisa, barab’eso, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo o behiloeng holim’a liphutheho tsa Macedonia, 2 hore nakong ea teko e kholo tlas’a mahloreho thabo ea tsona e kholo le bofutsana ba tsona bo tebileng li ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng. 3 Etsoe ho ea ka bokhoni ba tsona ba sebele, e, kea paka, hona ho fetile bokhoni ba tsona ba sebele,

w98 11/1 25 ¶1

“Molimo o Rata Mofani ea Nyakaletseng”

Pele, Pauluse o ile a bolella Bakorinthe ka Bamacedonia, bao tsela eo ba ileng ba arabela ka eona mosebetsing oa liphallelo e bileng mohlala. Pauluse o ile a ngola: “Nakong ea teko e kholo tlas’a mahloreho bongata ba thabo ea tsona le bofutsana bo tebileng ba tsona li ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng.” Ho ne ho sa hlokahale hore Bamacedonia ba qhoqhoe. Ho fapana le moo, Pauluse o ile a bolela hore “ka ho rata ha tsona li ’nile tsa re kopa ka kopo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa.” Ho fana ha Bamacedonia ka nyakallo ka seatla se bulehileng ke ho tsotehang haholo ha re nahana hore bona ka bobona ba ne ba le ka har’a “bofutsana bo tebileng.”​—2 Bakorinthe 8:​2-4.

kr 209 ¶1

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ea hlaseloa ke tlala ea boja-likata. Barutuoa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba lula moo ba ne ba hloka lijo kaha theko ea tsona e ne e phahame haholo hobane li ne li fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametsoe ke tlala ea boja-likata. Leha ho le joalo, ba ne ba le mothating oa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e-s’o ka a ba sireletsa ka eona pele. Ho ile ha etsahala’ng?

(2 Bakorinthe 8:4) ha ka ho rata ha tsona li ntse li re kopa ka kopo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsoeng bahalaleli.

kr 209-210 ¶4-6

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tšebeletso ea Bakreste e habeli. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, kajeno mantsoe a hae a sebetsa le ho “linku tse ling” tsa Kreste. (Joh. 10:​16) Karolo e ’ngoe ea tšebeletso ea rona ke “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano,” e leng mosebetsi oa rona oa ho bolela le oa ho ruta. (2 Bakor. 5:​18-20; 1 Tim. 2:​3-6) Karolo e ’ngoe e akarelletsa tšebeletso eo re e etsetsang balumeli-’moho le rona. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa.” (2 Bakor. 8:4) Lipolelo tse peli tse reng, “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano” le “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa,” li fetoletsoe lentsoeng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa?

Ka ho sebelisa lentsoe le tšoanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e ’meli, Pauluse o ne a bontša hore tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tšoana le mefuta e meng ea tšebeletso e neng e etsoa liphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo [litšebeletso tse] sa tšoaneng, leha ho le joalo ho na le Morena ea tšoanang; ho na le liketso tse sa tšoaneng, . . . Empa liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o tšoanang.” (1 Bakor. 12:​4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ea tšebeletso le “tšebeletso e halalelang.” (Bar. 12:​1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebelisa nako e ’ngoe ea hae molemong oa ho “sebeletsa bahalaleli”!​—Bar. 15:​25, 26.

Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho thusa nakong ea likoluoa e le karolo ea tšebeletso ea bona le borapeli ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste baa thusana nakong ea likoluoa hobane ba “ipeha tlas’a litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:​13) Kaha ba na le takatso e matla ea ho sebelisa seo ba ithutang sona lithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa balumeli-’moho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba li etsetsang barab’abo bona, ha e le hantle ke ho bontša “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (2 Bakor. 9:​14; 1 Pet. 4:​10) Kahoo, ha makasine ea The Watchtower ea December 1, 1975, e bua ka ho thusa barab’abo rona, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ea likoluoa, e ile ea re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste ba nka tšebeletso ena e le ea bohlokoa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ea likoluoa ke mofuta oa bohlokoa oa tšebeletso e halalelang.​—Bar. 12:​1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

(2 Bakorinthe 9:7) E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.

kr 196 ¶10

Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

La pele, re ithaopela ho ntša menehelo hobane re rata Jehova ’me re batla ho “etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.” (1 Joh. 3:​22) Ka sebele, Jehova oa thaba ha morapeli oa hae a fana ho tsoa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantsoe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste oa ’nete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekhonono. Ho e-na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ea hae.” Seo se bolela hore o fana ka mor’a hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa joang. Jehova o rata motho ea joalo, kaha Bibele e re: “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Phetolelo e ’ngoe e beha taba ena tjena: “Molimo o rata batho ba ratang ho fana.”

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(2 Bakorinthe 9:​15) Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.

w16.01 9 ¶2

Bontša Hore U Ananela Mpho ea Molimo e Ikhethang

Pauluse o ne a tseba hore sehlabelo sa Jesu ke tiiso ea hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala. (Bala 2 Bakorinthe 1:​20.) Sena se bolela hore ‘mpho ea Molimo e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng’ e akarelletsa sehlabelo sa Jesu le lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etsetsang tsona ho bontša hore o oa re rata. Ha re na mantsoe a lekaneng ho hlalosa mpho ena ea bohlokoa ea Molimo. Re lokela ho ikutloa joang ka mpho ee? Ho nahanisisa ka mpho ee ho tla re thusa joang ha re ntse re itokiselletsa Sehopotso sa lefu la Kreste se tla ba ka Laboraro la la 23 March, 2016?

(2 Bakorinthe 10:​17) “Empa ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”

g99 7/8 20-21

Na ho Ikhantša ho Phoso?

Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, leetsi kau·khaʹo·mai, le fetoletsoeng e le “ho ba motlotlo, ho thaba ka ho fetisisa, ho ithorisa,” le sebelisitsoe ho fana ka kutloisiso ea se sebe le se setle. Ka mohlala, Pauluse o re, re ka ‘thaba ka ho fetisisa motheong oa tšepo ea khanya ea Molimo.’ O boetse oa eletsa: “Ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.” (Baroma 5:2; 2 Bakorinthe 10:​17) Sena se bolela ho ba motlotlo ka Jehova joaloka Molimo oa rona, e leng boikutlo bo ka etsang hore re thabe ka ho fetisisa ka lebaka la lebitso la hae le letle le botumo ba hae bo botle.

’Malo oa Bibele

(2 Bakorinthe 7:​1-12) Ka hona, kaha re na le litšepiso tsena, baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo. 2 Re buleleng sebaka. Ha ho eo re mo foselitseng, ha ho eo re mo bolisitseng, ha ho eo re ithuisitseng molemo ka eena. 3 Ha ke bolele sena ho le ahlola. Etsoe ke boletse pele hore le ka lipelong tsa rona ho shoa le ho phela le rona. 4 Ke bua ka bolokolohi bo boholo mabapi le lona. Ke na le boithoriso bo boholo mabapi le lona. Ke tletse matšeliso, ke khaphatseha thabo mahlorehong ’ohle a rona. 5 Ha e le hantle, ha re fihla Macedonia, nama ea rona ha ea ka ea fumana phomolo, empa re ile ra tsoela pele ho hlorisoa ka mokhoa o mong le o mong​—ho ne ho e-na le lintoa ka ntle, tšabo ka hare. 6 Leha ho le joalo Molimo, ea tšelisang ba behiloeng tlaase, a re tšelisa ka ho ba teng ha Tite; 7 leha ho le joalo eseng feela ka ho ba teng ha hae, empa hape ka matšeliso ao ka ’ona a neng a tšelisitsoe ka lona, ha a re tlisetsa hape tlaleho ea tlholohelo ea lona, ho siama ha lona, cheseho ea lona bakeng sa ka; hoo ke ileng ka thaba ka ho eketsehileng. 8 Kahoo esita le haeba ke ile ka etsa hore le hlomohe ka lengolo la ka, ha ke ho soabele. Esita le haeba qalong ke ile ka fela ka ho soabela, (kea bona hore lengolo leo le ile la le etsa hore le hlomohe, le hoja e bile ka nakoana feela,) 9 joale ha ke thabe hobane le ile la hlomoha feela, empa ke thaba hobane le ile la hlomoha hore le bake; kaha le ile la hlomoha ka tsela ea bomolimo, e le hore le se ke la senyeheloa nthong leha e le efe ka lebaka la rona. 10 Etsoe ho hlomoha ka tsela ea bomolimo ho tlisa pako e isang polokong e ke keng ea soabeloa; empa ho hlomoha ha lefatše ho hlahisa lefu. 11 Etsoe, bonang! ntho eona ena, ho etsoa ha lona hore le hlomohe ka tsela ea bomolimo, ho hlahisitse ho tiea ho hoholo hakaakang ho lona, e, ho itlosa molato ha lona, e, khalefo, e, tšabo, e, tlholohelo, e, cheseho, e, ho lokisoa ha phoso! Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe le ile la iponahatsa le hloekile tabeng ena. 12 Ka sebele, le hoja ke ile ka le ngolla, ha kea ka ka ho etsa bakeng sa ea entseng phoso eo, kapa bakeng sa ea foselitsoeng, empa e le hore ho tiea ha lona bakeng sa rona ho ka bonahatsoa har’a lona mahlong a Molimo.

LA 20-LA 26 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 11-13

“Moutloa Nameng ho Pauluse’ ”

(2 Bakorinthe 12:7) feela ka lebaka la bongata bo fetisisang ba litšenolo.Ka hona, e le hore ke se ke ka ikutloa ke phahame ka ho fetisisa, ke ile ka fuoa moutloa nameng, lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele, e le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa.

w08 6/15 3-4

Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo

Mohlanka e mong oa Jehova ea tšepahalang o ile a kopa Jehova hore a tlose “moutloa nameng,” e leng bothata bo sa eeng moriting boo a neng a e-na le bona. Ka makhetlo a mararo moapostola Pauluse o ile a kopa Molimo ka tieo hore a tlose teko ena. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, joaloka moutloa o bohloko, e ne e ka etsa hore Pauluse a felloe ke thabo tšebeletsong ea hae ho Jehova. Pauluse o ile a e bapisa le ho lula a jabeloa. Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Jehova ha aa ka a tlosa moutloa oo nameng. Pauluse o ile a lokela ho loana le oona, empa o ile a phaella ka ho re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Ko 12:​7-10) O ne a bolela’ng?

(2 Bakorinthe 12:​8, 9) Ke ile ka kopa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na; 9 leha ho le joalo ka sebele o ile a re ho ’na: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e kholo ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente.

w06 12/15 24 ¶17-18

Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kopang’

Ha Molimo a araba lithapelo tsa Pauluse, o ile a re ho eena: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Pauluse o ile a re: “Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e kholo ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente.” (2 Bakorinthe 12:9; Pesaleme ea 147:5) Kahoo, ka Kreste, Pauluse o ile a sireletsoa ka tšireletso ea Molimo e matla joalokaha eka ho aliloe tente holim’a hae. Kajeno, Jehova o araba lithapelo tsa rona ka tsela e tšoanang. Ho joalokaha eka o ala sekhurumetso ho sireletsa bahlanka ba hae.

Ke ’nete hore tente ha e thibele pula ho na kapa lifefo ho puputla, empa e sireletsa batho ka tsela e itseng linthong tseo. Ka ho tšoanang, tšireletso eo re e fumanang ka “matla a Kreste” ha e thibele hore re se ke ra hlaheloa ke liteko kapa ho hlaseloa ka mathata. Empa e re sireletsa moeeng ha re hlaseloa ke lintho tse kotsi tsa lefatše lena le ha re hlaseloa ke ’musi oa lona, Satane. (Tšenolo 7:​9, 15, 16) Kahoo, esita le haeba u loana le teko e itseng ‘e sa tloheng ho uena,’ u ka kholiseha hore Jehova o elelloa mathata a hao ebile o arabetse ha “mohoo oa hao o utloahala.” (Esaia 30:​19; 2 Bakorinthe 1:​3, 4) Pauluse o ile a ngola tjena: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”​—1 Bakorinthe 10:​13; Bafilipi 4:​6, 7.

(2 Bakorinthe 12:​10) Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.

w18.01 9 ¶8-9

“O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”

Bala Esaia 40:​30. Ho sa tsotellehe bokhoni boo re nang le bona, hona le lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa ka matla a rona. Kaofela re lokela ho amohela taba ena. Le hoja moapostola Pauluse a ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata, o ne a sa khone ho etsa ntho e’ngoe le e’ngoe eo a batlang ho e etsa. O ile a bolella Jehova lintho tseo a amehileng ka tsona. Eaba Jehova o re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Pauluse o ile a utloisisa taba eo eaba o re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Ko.12:​7-10) Empa o ne a bolela’ng?

Moapostola Pauluse o ile a ithuta hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa ha e se ka thuso ea Jehova. Moea o halalelang o ne o tla mo fa matla ao a a hlokang. O ne o tla boela o mo matlafatse hore a etse mesebetsi eo a neng a ke ke a khona ho e etsa ka matla a hae. Haeba le rona re kopa hore Jehova a re fe matla, o tla fela a re matlafatse.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(2 Bakorinthe 12:​2-4) Ke tseba motho ea bonngoeng le Kreste eo, lilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng​—ebang ke ka ’mele ha ke tsebe, kapa kantle le ’mele ha ke tsebe; Molimo oa tseba​—a ileng a nkeloa a le joalo leholimong la boraro. 3 E, ke tseba motho ea joalo​—ebang e ne e le ka ’mele kapa kantle le ’mele, ha ke tsebe, Molimo oa tseba​— 4 hore o ile a nkeloa paradeiseng ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue.

w18.12 8 ¶10-12

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

‘Leholimo la boraro’leo ho buuoang ka lona ho 2 Bakorinthe 12:2 ho ka etsahala hore ebe ke ’Muso oa Mesia o laoloang ke Jesu Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000, eleng se boetseng se bitsoang “maholimo a macha.”​—2 Pet.3:13.

Ke ‘leholimo la boraro’ hobane ’Muso oo o phahame haholo hoo ho seng o ka lekanngoang le oona.

“Paradeise “eo Pauluse a ileng a “nkeloa” ho eona ponong e bolela (1) Paradeise ea sebele e tl’o ba mona lefatšeng, (2) Boemo bo ikhethang ba khutso bo tla ba teng ka nako eo, bo fetang hole bo teng hona joale har’a bahlanka ba Molimo, le (3)“ paradeise ea Molimo” e tla ba leholimong le eo ka nako e tšoanang e tla rena lefatšeng le lecha.

(2 Bakorinthe 13:​12) Lumelisanang ka kako e halalelang.

it-2-E 177

Ho Hakana

“Kako e Halalelang.” Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba ‘hakana ka tsela e halalelang’ (Bar 16:​16; 1Ko 16:​20; 2Ko 13:​12; 1Th 5:​26) kapa ka ‘tsela e lerato’ (1Pe 5:​14), ho ne ho bile ho tloaelehile ho batho ba bong bo tšoanang. Mokhoa oona oa tumeliso o neng o etsoa ke Bakreste ba mehleng ea baapostola, ho ka etsahala hore o ne o tšoana le o neng o etsoa ke Baheberu ba mehleng ea khale ba neng ba tloaetse ho hakana. Le hoja Mangolo a sa qaqise taba ena, kako e halalelang e ne e bontša lerato le bonngoe tse neng li rena phuthehong ea Bokreste.​—Joh 13:​34, 35.

’Malo oa Bibele

(2 Bakorinthe 11:​1-15) Ke lakatsa eka le ne le ka ’mamella ho se beng le kahlolo e molemo ho honyenyane. Empa, ha e le hantle, lea ’mamella! 2 Etsoe ke le boulela ka poulelo ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa monna a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng ho Kreste. 3 Empa ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lona li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste. 4 Etsoe, joale, haeba e mong a tla ’me a bolela Jesu e mong ho fapana le eo re ileng ra mo bolela, kapa le amohela moea o mong ho fapana le seo le ileng la se amohela, kapa litaba tse ling tse molemo ho fapana le seo le ileng la se amohela, le mo mamella habonolo. 5 Etsoe ke nka hore leha e le nthong e le ’ngoe ha kea ka ka ba ea tlaasana ho baapostola ba lona ba lokileng ho tlola. 6 Empa esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong; empa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ile ra ho bonahatsa ho lona linthong tsohle. 7 Kapa na ke ile ka etsa sebe ka ho ikokobetsa e le hore le ka phahamisoa, hobane ka thabo ke ile ka le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ntle ho tefo? 8 Ke ile ka tlatlapa liphutheho tse ling ka ho amohela tse lokiselitsoeng e le hore ke le sebeletse; 9 ’me leha ho le joalo ha ke ne ke le teng ho lona ’me ke hloka, ha kea ka ka ba moroalo ho le ea mong, kaha barab’eso ba ileng ba tla ba tsoa Macedonia ba ile ba fana haholo ka seo ke haelloang ke sona. E, ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe ke ile ka ipoloka ke se moroalo ho lona ’me ka sebele ke tla ipoloka ke le joalo. 10 Ke ’nete ea Kreste tabeng ea ka hore ka sebele ha ho thibelo e tla behoa boithorisong bona ba ka libakeng tsa Akaia. 11 Ka lebaka lefe? Hobane ke sa le rate? Molimo oa tseba hore kea le rata. 12 Joale seo ke se etsang ke sa ntse ke tla se etsa, e le hore nka felisa lebaka la boikaketsi ho ba batlang lebaka la boikaketsi la hore ba fumanoe ba lekana le rona boemong boo ba ithorisang ka bona. 13 Etsoe banna ba joalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste. 14 Ha ho makatse, etsoe Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli. 15 Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka. Empa bofelo ba bona bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.

LA 27 MAY–LA 2 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAGALATA 1-3

“Ke ile ka mo Hanyetsa Lifahleho li Talimane”

(Bagalata 2:​11-13) Leha ho le joalo, ha Kefase a tlile Antioke, ke ile ka mo hanyetsa lifahleho li talimane, hobane o ne a le boemong ba ho nyatsuoa. 12 Etsoe pele ho fihla banna ba itseng ba tsoang ho Jakobo, o ne a ja le batho ba lichaba; empa ha ba fihla, a qala ho tloha le ho ikhetha, ka ho tšaba ba sehlopha se bolotseng. 13 Bajuda ba bang kaofela le bona ba kopanela le eena ho etseng boikaketsi bona, hoo le eena Barnabase a ileng a hulanngoa le bona boikaketsing ba bona.

w17.04 27 ¶16

Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?

Bala Bagalata 2:​11-14. Petrose o ne a tšaba batho. (Lipr 29:​25) O ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka Bakreste ba Balichaba. Leha ho le joalo, o ne a tšaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahana’ng ka eena. Moapostola Pauluse le eena o ne a le teng sebokeng se neng se tšoaretsoe Jerusalema ka selemo sa 49. Ke kahoo a ileng a khalemela Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:​12; Gal 2:​13) Bakreste ba Balichaba haholo-holo bao e neng e le metsoalle ea Petrose ba ile ba ikutloa joang ka ho hloka toka hoo? Na ba ne ba tla ho lumella hore ho ba khopise? Hona na Petrose o ne a tla nkeloa litokelo ka lebaka la phoso eo?

(Bagalata 2:​14) Empa ha ke bona hore ba ne ba sa tsamaee ka ho loka ho ea ka ’nete ea litaba tse molemo, ka re ho Kefase ka pel’a bona kaofela: “Haeba uena, le hoja u le Mojuda, u phela kamoo lichaba li phelang kateng, eseng kamoo Bajuda ba phelang kateng, ho tla joang hore ebe u susumelletsa batho ba lichaba ho phela ho ea ka tloaelo ea Sejuda?”

w13 3/15 5 ¶12

‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova

Petrose o ile a tšaba batho, ’me ka linako tse ling o ile a khoptjoa habohloko; leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala ho Jesu le ho Jehova. Ka mohlala, o ile a latola Monghali oa hae phatlalatsa, eseng hanngoe empa ka makhetlo a mararo. (Luka 22:​54-62) Hamorao, Petrose o ile a hloleha ho etsa lintho joaloka Mokreste, ha a ne a tšoara balumeli-’moho le eena ba Balichaba joalokaha eka hase ba bohlokoa joaloka Bakreste ba Bajuda. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hlokomela taba eo ka ho hlaka​—hore phutheho hase sebaka sa ho khetholla batho ho ea ka maemo a bona. Boikutlo ba Petrose bo ne bo fosahetse. Pele boitšoaro ba Petrose bo senya kutloano ea bara ba motho, Pauluse o ile nka khato ka hore a eletse Petrose ka ho toba, lifahleho li talimane. (Gal. 2:​11-14) Na Petrose o ile a ikutloa a theotsoe seriti hoo a ileng a khaotsa ho matha peisong ea bophelo? Che. O ile a nahana ka ho teba ka keletso ea Pauluse, a e sebelisa, eaba o tsoela pele peisong.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Bagalata 2:​20) Ke khokhothetsoe thupeng hammoho le Kreste. Ha e sa le ’na ea phelang, empa ke Kreste ea phelang bonngoeng le ’na. Ka sebele, bophelo boo ke bo phelang hona joale nameng ke bo phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.

w14 9/15 16 ¶20-21

Sebeletsa Molimo ka Botšepehi ho sa Tsotellehe “Matšoenyeho a Mangata”

Ho thoe’ng ka litlhaselo tse poteletseng? Ka mohlala, u ka loantša ho nyahama joang? Tsela e ka sehloohong eo u ka etsang seo ka eona ke ka ho thuisa ka thekollo. Ke sona seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ne a tseba hore ka linako tse ling o ikutloa a nyahame. Empa o ne a boetse a tseba hore Kreste o shoetse baetsalibe, eseng batho ba phethahetseng. ’Me Pauluse e ne e le e mong oa baetsalibe bao. Ha e le hantle, o ile a ngola, a re: ‘Ke phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’ (Gal. 2:​20) Pauluse o ile a amohela thekollo. O ile a elelloa hore thekollo e fanoe molemong oa hae ka ho khetheha.

Le uena u ka rua molemo haholo haeba u elelloa hore thekollo ke mpho eo Jehova a u fileng eona. Sena ha se bolele hore ho nyahama ho tla khaotsa hang-hang. Ba bang ba rona ba ka ’na ba tlameha ho tobana le tlhaselo ena e poteletseng ho fihlela lefatšeng le lecha. Empa hopola hore ba tiisetsang ho fihlela qetellong ke bona ba tla fumana moputso. Re ntse re atamela le ho feta haufi le letsatsi leo ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso le ho busetsa batho bohle ba tšepahalang phethehong. Ikemisetse ho kena ’Musong oo, esita le haeba ke ka matšoenyeho a mangata.

(Bagalata 3:1) Lona Bagalata ba se nang kelello, ke mang ea ileng a le kenya tšusumetsong e mpe, lona bao ka pel’a mahlo a lona Jesu Kreste a ileng a tšoantšoa ka ho hlakileng a khokhothetsoe thupeng?

it-1-E 880

Lengolo le eang ho Bagalata

Ha Pauluse a ne a khotsa a re, “lona Bagalata ba se nang kelello,” ha se hore o ne a nahanne ka morabe o itseng feela oa batho ba neng ba hlahetse kapa ba tsoa karolong e ka leboea ho Galatia. (Gal 3:1) Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a khalemela ba bang ba Bakreste ba liphuthehong tsa Galatia, hobane ba ne ba lumetse ho senngoa likelello ke Bajuda ba bang ba har’a bona ba neng ba nka hore ba lokile, hobane ba latela Molao oa Moshe ho e-na le ho latela Molao oa Kreste. (2:​15–3:​14; 4:​9, 10) Ho latela morabe, “liphutheho tsa Galatia” tseo Pauluse a ileng a li ngolla li ne li entsoe ka Bajuda le bao e seng Bajuda le basokolohi ba bolotseng le Balichaba ba sa bollang, ba neng ba akarelletsa batho ba neng ba hlaha Asia Minor le Europe. (Lik 13:​14, 43; 16:1; Gal 5:2) Kaofela ba ne ba bitsoa Bakreste ba Galatia hobane ba ne ba lula sebakeng se bitsoang Galatia. ’Moko taba oa lengolo la Pauluse o ne o lebisitsoe ho batho bao a ba tloaetseng kapa a ba tsebang ba lulang ka boroa ho profinse ea Roma, eseng ho batho bao a neng a sa ba tloaela ba lulang karolong e ka leboea, bao ho ka etsahalang hore ha ho mohla a kileng a ba etela.

’Malo oa Bibele

(Bagalata 2:​11-21) Leha ho le joalo, ha Kefase a tlile Antioke, ke ile ka mo hanyetsa lifahleho li talimane, hobane o ne a le boemong ba ho nyatsuoa. 12 Etsoe pele ho fihla banna ba itseng ba tsoang ho Jakobo, o ne a ja le batho ba lichaba; empa ha ba fihla, a qala ho tloha le ho ikhetha, ka ho tšaba ba sehlopha se bolotseng. 13 Bajuda ba bang kaofela le bona ba kopanela le eena ho etseng boikaketsi bona, hoo le eena Barnabase a ileng a hulanngoa le bona boikaketsing ba bona. 14 Empa ha ke bona hore ba ne ba sa tsamaee ka ho loka ho ea ka ’nete ea litaba tse molemo, ka re ho Kefase ka pel’a bona kaofela: “Haeba uena, le hoja u le Mojuda, u phela kamoo lichaba li phelang kateng, eseng kamoo Bajuda ba phelang kateng, ho tla joang hore ebe u susumelletsa batho ba lichaba ho phela ho ea ka tloaelo ea Sejuda?” 15 Rona Bajuda ka tlhaho, eseng baetsalibe ba tsoang lichabeng, 16 joalokaha re hlile re tseba hore motho ho boleloa hore o lokile, eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao, empa feela ka tumelo ho Kreste Jesu, esita le rona re behile tumelo ea rona ho Kreste Jesu, e le hore ho ka boleloa hore re lokile ka lebaka la tumelo ho Kreste, eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao, hobane ha ho nama eo ho tla boleloa hore e lokile ka lebaka la mesebetsi ea molao. 17 Joale haeba le rona, ha re batla hore ho boleloe hore re lokile ka Kreste, re fumanoe re le baetsalibe, na ha e le hantle Kreste ke mosebeletsi oa sebe? E se eka le ka mohla hoo ho ke ke ha etsahala! 18 Etsoe haeba tsona lintho tseo nkileng ka li heletsa ke li haha hape, ke iponahatsa ke le motloli. 19 Ha e le ’na, ka molao ke ile ka shoa mabapi le molao, e le hore nka ba ea phelang mabapi le Molimo. 20 Ke khokhothetsoe thupeng hammoho le Kreste. Ha e sa le ’na ea phelang, empa ke Kreste ea phelang bonngoeng le ’na. Ka sebele, bophelo boo ke bo phelang hona joale nameng ke bo phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka. 21 Ha ke qhelele ka thoko mosa o sa tšoanelang oa Molimo; etsoe haeba ho loka ho le teng ka molao, ha e le hantle Kreste o shoetse lefeela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela